Soybean (OPOT)					 		 Sesotho
Dinawa tsa soya – dijothollo tsa mohlolo, masutsa a nnete!
Instructions:
Folio strap: 
Byline: E hlophisitswe ho tswa Wikipedia, the free encyclopedia
Photo: Soybean 
Ho buuwa haholo ka nawa tsa soya le boleng ba tsona phapantshong ya dijothollo le poone. Jwalo ka dijothollo tse ding tse tlwaelehileng haholo lapeng, kamano ya nawa tsa sejwalejwale tsa soya le mefuta e hlaha, e holang e sitwa ho ba le bonnete bo ka tiiswang. 
Re le ba Lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi, re hopotse ho kena lenaneong le ba Truste ya Ntshetsopele ya Dipeo tsa Oli le Protheine ho kgothaletsa balemi ba thuthuhang ho hlahisa nawa tsa soya – jwalo ka sejothollo sa kgwebo, hape jwalo ka mohlodi wa selehae wa protheine e ntle ya boleng. 
Tlhaloso le matshwao a ka ntle
Soya e fapana ka ho hola le ka ditlwaelo. Bophahamo ba semela bo fapana ho tloha tlasa 20 cm ho fihlela ho 2 mithara. Dikebolwa, dikutu le mahlaku di phuthetswe ke meritshana e mesootho kapa e meputswa. Mahlaku a na le mahlakunyana a mararo lehlaku ka nngwe, mme mahlakunyana a bolelele ba 6 - 15 cm le bophara ba 2 - 7 cm. Mahlaku a wa pele peo di fihla boemong bo phethahetseng. Dipalesa tse sa itotobatsang ka ho hlaka, tse inontshang ka botsona, di jerwe ke molalana wa palesa, mme di tshweu, di pinki kapa di phepole ka mmala. Tholwana ke kutu e nang le meritshana, mme e hola e le dihlotshwana tse tharo ho isa bohlanong, kebolwa/lephotsa ka nngwe e bolele ba 3 - 8 cm, mme hangata e na le dipeo tse 2 - 4 (ha se hangata di fetang mona), di na le botenya (diameter) ya 5 - 11 mm.
Nawa tsa soya di na le boholo bo fapanang, mme ho tse ngata lekgapetla la peo le mebala e fapaneng, e kang, o motsho, o mosootho, o bolou, o mosehla, o motala, le o maqaphaqapha. Lekgapetla la nawa e hotseng le thata, le thibela metsi ho feta, le tshireletsa cotyledon le hypocotyl (kapa kokwana) kgahlanong le tshenyo e ka bang teng. Haeba lekgapetla le ka petsoha, peo e ke ke ya mela.
Hammoho, oli le protheine di etsa ho ka bang 60% ya boima ba soya e ommeng; protheine, 40% le oli, 20%. Ho setseng ke 35% ya carbohydrate le 5% ya molora. Mofuta wa peo ya soya o etsa 8% ya lekgapetla, 90% cotyledons le 2% ya hypocotyl axis kapa kokwana.
Menontsha
Mabapi le ho sebediswa ke batho, nawa tsa soya di tshwanetse ho phehuwa ka "wet heat” ka sepheo sa ho fedisa trypsin inhibitors (serine protease inhibitors). Nawa tse tala tsa soya, ho kenyelleditswe mofuta o ntseng o hola, di tjhefo bathong, dikolobeng, dikgohong, le diphoofolong. 
Dinawa tsa soya di tadingwa ke ba bangata e le mohlodi o phethahetseng wa protheine. Protheine e phethahetseng ke e nang le bongata bo lekaneng ba esiti tsa amino tse tshwanetseng ho fumanwa ke mmele wa motho hobane mmele wa motho o sitwa ho iketsetsa tsona. Ka baka lena, soya ke mohlodi o motle wa protheine, hara tse ding, ho batho ba jang meroho feela kapa ba ratang ho fokotsa bongata ba nama eo ba e jang. 
Protheine ya soya hantlentle e tshwana le ya dipeo tse ding tsa menawa (mefuta e meng ya dinawa). Ho feta mona, dinawa tsa soya di kgona ho hlahisa habedi protheine hekthareng ka nngwe ho feta moroho ofe kapa ofe kapa sejothollo sefe kapa sefe. Diprotheine tse hlano ho isa ho tse leshome hekthara ka nngwe ho feta naha e behetsweng ka thoko ho fudisa diphoofolo ho etsa lebese le ho fihla makgetlong a 15 a protheine e ngata hekthara ka nngwe ho feta naha e behetsweng ka thoko mabapi le tlhahiso ya nama. Ho jewa ha dinawa tsa soya ho ka nna ha fokotsa kotsi ya kankere ya colon. 
Temo
Dinawa tsa soya ke sejothollo sa bohlokwa lefatsheng, se fanang ka oli le protheine. Ho la United States sejothollo sena se monngwa mongobo ka hexane, ebe phofo e ntshitsweng mafura (50%) e a beswa (toasted), ebe e kgona ho fepa diphoofolo tsa mapolasing (mohlala, kgoho, kolobe, letata ka mokgwa o batsi o esong bo bonwe haesale. Ke karolo e nyane feela e jewang ka kotloloho ke batho. Dihlahiswa tsa dinawa tsa soya, le ha ho le jwalo, di hlahella ka mekgwa e mengata e fapaneng ya dijo tsa mabekere.
Nakong ya Ntwa ya Lefatshe ya 11, dinawa tsa soya di bile bohlokwa North America le Yoropo haholoholo bakeng sa dijo tsa protheine le jwalo ka mohlodi wa oli e jewang. E bile nakong ena moo dinawa tsa soya di ileng tsa sibollwa e le mohlodi wa manyolo le Lefapha la Temo la United States. 
Temo e atleha ditlelaemeteng tsa lehlabula le tjhesang, moo maemo a ho hola a phahameng e leng a dithemphereitjhara tse 20 ho isa ho 30 °C; Dithemphereitjhara tse tlasa 20 °C le tse fetang 40 °C di kgina kgolo haholo. Di ka hola mefuteng e fapaneng ya mebu ka kgolo e ntle boholong ba mebu e hohotsweng ke metsi, e nang le menontsha e metle. Dinawa tsa soya, jwalo ka mefuta e meng ya monawa, di etsa nitrojene ka ho ba le kamano le baktheria e bitswang Bradyrhizobium japonicum. Le ha ho le jwalo, diphetho tse ntle ka ho fetisisa, ente ya baktheria e nepahetseng e tshwanetse ho tswakwa le peo ya dinawa tsa soya (kapa mofuta ofe wa monawa) pele ho jalwa. Mefuta ya sejwaljwale ya dijothollo ka kakaretso e fihlella bophahamo ba ho ka etsang mithara, mme e nka matsatsi a 80 - 120 ho tloha ho jalweng ho isa ho kotuleng.
Dinawa tsa soya ke matswallwa a East Asia, empa ke feela diperesente tse 45 tsa tlhahiso ya dinawa tsa soya tse leng teng kwano. Peresente tse ding tse 55 tsa tlhahiso di Amerika. U.S. e hlahisitse 75 ya dimilione tsa ditone tsa dinawa tsa soya ka 2000, mme karolo e fetang ya boraro ya tsona e ile ya romellwa dinaheng tse ka ntle. Bahlahisi ba bang ba etelletseng pele ke Brazil, Argentina, Paraguay, China le India. Dimela tsa dinawa tsa soya di tshabana le mefuta e mengata ya malwetse a dibaktheria, a difunguse, a viral le dikokwanyana.
Histori
Dinawa tsa soya e bile sejothollo se hlokolosi Eastern Asia kgale le pele ho ngolwa direkoto. Di sa boetse di eme e le sejothollo sa sehlooho China, Japan le Korea. Pele ho dihlahiswa tse putisitsweng, tse kang sauce ya Soya, tempeh, natto le miso, soya e ne e tadingwa e halalela mabapi le ho kenyelletswa phapantshong ya dijothollo jwalo ka mokgwa wa ho lokisa nitrojene. Dimela di ne di phetholellwa ka tlase hore di fane ka sebaka sa dijothollo tsa dijo. Soya e simollotse Europo tshimolohong ya ngwahakgolo wa 18, eo kajeno e leng United States ka 1765, moo tshimolohong e neng e jalwa ka sepheo sa ho etsa dijo tsa diphoofolo. Dinawa tsa soya ha di a ka tsa eba sejothollo sa bohlokwa ka ntle ho Asia ho fihlela lemong tsa bo1910. Amerika, soya e ne e tadingwa feela e le sehlahiswa sa kgwebo, eseng jwalo dijo, ho fihlela lemong tsa bo1920. Soya e simollotse Afrika ho tswa China mafelong a ngwahakgolo wa 19, mme jwale sehlahiswa sena se aparetse kontinente kaofela.
Moholoholo wa dinawa tsa soya ke Glycine soja (e tsebilweng pele ka la G. ussuriensis), monawa wa China bohareng. Dinawa tsa soya di nnile tsa sebediswa China dilemo tse 5 000 e le dijo le karolo ya dithethefatsi. Le ha ho le jwalo, soya, ka ho ikgetha, e ile ya hlomphuwa ka baka la popeho ya tsona ya metso e le mokgwa wa phapantsho ya dijothollo. Temo ya dinawa tsa soya ka nako e telele e nnile ya eba ntho ya China feela, empa butlebutle e ile ya namela naheng tse ding. 
Batho ba bangata ba boletse hore dinawa tsa soya Asia ho ya ka histori di ne di sebediswa feela ka mora tshebetso ya ho putisa, e theolang diteng tse phahameng tsa phytoestrogens e fumanwang dimeleng tse sa leng tala. Le ha ho le jwalo, mantswe a tshwanang a kang "soy milk" haesale a sebediswa ho tloha ka 82 ka mora Kreste, mme bopaki bo teng ba tshebediso ya tofu ho tloha morao ka 220. 
Dinawa tsa soya di kene ho la Amerika ka 1765 ke Samuel Bowen, motsamai wa sekepe ya ileng a etela China. O ile a jala soya haufi le Savanna, Georgia, mme a ba a etsa sauce ya soya, a e rekisa Engelane. Soya e ile ya nka mohato wa bohlokwa United States ka mora World War I. Nakong ya ho wa ha moruo (Great Depression), mabatowa a ileng a otlwa ke komello a United States a ile a kgona ho sebedisa soya ho ntjhafatsa botjha mobu wa ona ka baka la bokgoni ba yona ba ho lokisa nitrojene. Ka 1932 -1933 Khamphane ya Dimotokara ya Ford e ile ya sebedisa tjhelete e kaa ka $1 250 000 diphuputsong tsa dinawa tsa soya. Ka 1935 motorokara o mong le o mong wa Ford ho ile ha kenyelletswa soya kahong ya ona. Mohlala, oli ya dinawa tsa soya e ile ya sebediswa ho penta dimotokara, hammoho le oli ya dishock absorbers. Tshebediso ya Ford ya dinawa tsa soya e butse mamati a mangata a temo le indasteri kgokahanong e matla ho feta pele.
Dintjhafatso tsa tlhaho (genetic modifications)
Dinawa tsa soya ke e nngwe ya dijothollo tsa mofuta wa dijo tsa "biotech" tse ntlafaditsweng ka mokgwa wa lefutso, mme dinawa tsa soya tse jwalo di ntse di sebediswa disebedisweng tse ngata. Ka 1995 Khamphane ya Monsanto e hlahisitse dinawa tsa soya, tse bitswang Roundup Ready (RR), tse hlahisitsweng ka mokgwa wa lefutso hore di be kgahlanong le sebolayalehola sa Roundup, e leng sa Monsanto.
Ka 1997, 8% ya dinawa tsohle tsa soya tse lemetsweng kgwebo United States e ile ya ntlafatswa. Ka 2010, palo e bile 93%. Jwalo ka ho dijothollo tse ding tsa Roundup Ready, boipelaetso bo itshetlehile ka tshenyo e bang teng karohanyong. Le ha ho le jwalo, gene tsa RR di se di hlahelletse mefuteng e mengata e fapaneng ya dinawa tsa soya hoo ntjhafatso ena ka boyona e sa kang ya qetella ka phokotseho ho se bitswang “genetic diversity” jwalo ka ha ho bontshitswe phuputsong ya 2003. 
Ditshebetso
Dinawa tsa soya ka kakaretso di ka hlophiswa e le meroho (jareteng) kapa masimong (oli). Mefuta ya meroho e phehwa ha bonolo, e na le tatso e mahareng, e tshwareha hantle letsohong, e meholwanyane ka boholo, e na le protheine e ngata, oli e nyane ho feta mefuta ya masimong. Tofu le balemi ba lebese la soya ba rata mefuta ya peo e nang le protheine e fumanwang merohong ya dinawa tsa soya e ileng ya tliswa United States mafelong a bo1930. Mefuta ya peo ya jareteng ka kakaretso ha e lokele ho ka kotulwa ka metjhine hobane kebolwa tsa teng di pshatleha ha bonolo ha di le boemong bo lekaneng ba ho hola.
Hara mefuta ya monawa, dinawa tsa soya, tse bileng di hlophisitsweng e le tsa peo ya oli, di hlahile ka mahetla ka baka la protheine e phahameng (38 - 45%) hammoho le oli (20%). Dinawa tsa soya di boemong ba bobedi lenaneng la diromellwakantle tsa temo ho la United States. Ka pele ke koro. Boholo ba dinawa tsa soya bo lemelwa tlhahiso ya oli, ka protheine ya yona e phahameng, le nafura a fokoditsweng, mme phofo e hadikilweng ya soya e sebediswa e le dijo tsa diphoofolo. Ke karolo e nyane feela e sebediswang ke batho.
China, Japan le Korea dinawa tsena le dihlahiswa tse tswang ho tsona, ke karolo ya dijo tse ratwang haholo. Matjhaena a ile a qapa tofu, mme hape a sebedisa mefuta e fapaneng ya paste ya soya le menoko e itseng. Korean cuisine, soybean sprouts, le tsona di sebediswa mefuteng e fapaneng ya dijo. Dinawa di ka sebetswa ka mekgwa e mengata. Mefuta e tlwaelehileng ya soya e kenyelletsa phofo ya soya, folouru ya yona, lebese, tofu, meroho e nang le protheine (TVP e etsa mefuta e mengata ya dijo tsa meroho, e meng e etsisa nama), tempeh, soy lecithin le oli ya soya. Dinawa tsa soya di boetse ke karolo ya metswako ya sehlooho tlhahisong ya sauce ya soya.
Oli
Peo ya dinawa tsa soya e na le 19% ya oli. Ho ntsha oli ya peong, dinawa tsa soya di a pshatlwa, di hlophiswa mabapi le mothamo wa mongobo, bidikoloswa hore di be sephara, mme metsinyana a ntshwa ka hexane. Oli e a hlwekiswa, e kenngwa makotikoting mabapi le mesebetsi e fapaneng, mme ka nako tse ding ho kenngwa hydrojene. Oli tsa dinawa tsa soya, tse metsi le tse kentsweng hydrojene, di romellwa naheng tse ding, di rekiswa e le oli ya meroho, kapa di qetella di sebedisitswe mefuteng e fapaneng ya dijo tse kentsweng makotikoting. Phofo e setseng ya dinawa tsena e sebediswa haholoholo e le dijo tsa diphoofolo.
Dijo
Phofo ya dinawa tsa soya ke se salang ka mora ho ntshwa ha senolofatsi sa oli keboleng tsa dinawa, moo protheine e leng 50%. Phofo e a hadikwa (le hoja ho sebediswa steam haholo), mme e silwa lelwaleng la hamore. Phofo ena ya soya ke karolo ya sehlooho ya mokgwa wa tlhahiso Amerika, wa ho ruha diphoofolo tse kang dikgoho le dikolobe mabapi le kgwebo e simollotseng ka bo1930; mme moraorao tjena e bile mefuta e meng ya ditlhapi (catfish). 98% ya dinawa tsa soya ho la Amerika e sebedisetswa dijo tsa diphoofolo. 
Folouru
Folouru ya soya e bolela dinawa tse ntshitsweng mafura, tsa silwa hasesanyane hore di kgone ho feta sefeng ya moloho wa 100 kapa sekerineng se senyane moo hlokomelo e kgolo e nkilweng nakong ya nolofatso ka sepheo sa ho fokotsa phokotseho ya protheine le ho boloka se bitswang high Protein Dispersibility Index (PDI), mabapi le tshebetso ya ho pheha meroho e jereng protheine. 
Folouru ya soya e ntshitsweng mafura e fumanwa dikeboleng tseo ho ntshitsweng senolofatsi ho tsona, mme e na le mafura a ka tlase ho 1%.
Folouru e nang le mafura e etswa ho tswa dinaweng tse tlositsweng lekgapetla, mme e na le oli ya 18% ho isa ho 20%. 
Folouru ya mafura a tlase e etswa ka ho kgutlisetsa mafura folourung e ntshitsweng mafura. Dikahare tse mafura di fapana pakeng tsa 4,5% le 9%.
Folouru ya mafura a mangata e boetse e ka nna ya hlahiswa ka ho kgutlisetsa oli ya soya folourung e ntshitsweng mafura ka mohato wa 15%.
Dijo tsa bana
Dijo tsa bana tsa soya (SBIF) ke tsa bana ba kudiswang ke diprotheine tsa lebese la kgomo le ntshitsweng dikokwanahloko (pasteurised). Le rekiswa e le phofo, le se le loketse ho jewa feela, le le sebopehong se nonneng haholo.
Diemedi tsa nama le lebese le dikatoso
Dinawa tsa soya di ka sebetswa ka metjhine ho hlahisa sebopeho le ponahalo e tshwanang le mefuta e mengata ya dijo. Mohlala, dinawa tsa soya ke karolo ya sehloho dihlahisweng tse ngata tsa lebese (mohlala, lebese la soya, margarine, soya ice cream, soya yoghurt, soya cheese le soya cream cheese) le nameng (mohlala, veggie burgers). Dikatoloso tsena di fumaneha ha bonolo mabenkeleng a mangata a disupermarket. Lebese la soya ka tlhaho ha le calcium e ngata. Bahlahisi ba bangata ba lebese la soya ba rekisa dihlahiswa tse nonneng haholo ka calcium. 
Dihlahiswa tsa soya di boetse di sebediswa e le diemedi (substitutes) tsa tjeo tse tlase dihlahisweng tsa nama le dikgoho. Katoloso e ka nna ya qetella ka phokotseho ya tatso, empa mafura le cholesterol di a fokotseha. Vitamin le mineral di ka nna tsa sebediswa ho etsa hore dihlahiswa tsa soya di lekane le protheine ya diphoofolo; boleng ba protheine hajwale ka kakaretso bo se bo ntse bo lekana. Katoloso kapa kemedi ya nama e itshetlehileng ka soya, meroho e nang le protheine, ke ntho e nnileng ya sebediswa lemong tse fetang 50 e le mokgwa o bonolo wa ho atolosa nama ya kgomo ntle le ho lahla boleng ba menontsha. 
Dihlahiswa tse ding
Dinawa tsa soya di boetse di sebediswa dihlahisweng tsa indasteri tse kenyelletsang oli, sesepa, tse tlotsang sefahleho, resins, diplastike, enke, dicrayone, dinolofatsi le diphahlo. Oli ya soya ke mohlodi wa sehlooho wa biodiesel United States, mme e etsa 80% ya tlhahiso ya selehae ya biodiesel. Dinawa tsa soya di nnile tsa sebediswa haesale ho tloha ka 2001 e le sesebediswa se putisang ha ho etswa sehlahiswa sa mofuta wa seno sa vodka. 
