Soil (Wheat) 									SESOTHO



Ditlhoko tsa mobu tlhahisong ya koro Foreisetata Botjhabela



Instructions:

Folio Strap:

Byline: Ditaba di nkilwe bukaneng ya tataiso ya Grain SA ya Tlhahiso ya Koro 

Photos: Photo 1 le Photo 2

Captions: Photo 1: Botebo bo fihlellwang – ela hloko ho kenella hare ha 

 motjhine o lekanyang botebo (penetrometre).

Photo 2: Nepahalo tlhahisong ya koro – ela hloko tswelopele ya metso.



Ntlha ya bohlokwa ka ho fetisisa e lokelang ho elwa sedi ha ho lekolwa mobu tlhahisong ya koro ke mokgwa oo metsi a ka nnang a itshwara ka ona mobung oo.



Mebu e loketseng koro ka ho fetisisa e tshwanetse ho ba le:

Bokgoni bo botle ba ho tshwara metsi hore metsi a kgone ho fepela semela nakong tsa kgatello;

Ho monya ho hotle e le ho thibela ho phaphalla ha metsi; hammoho le

Mobu o ka hodimo o dumellang ho monyela ho hotle.



Ha metsi a le mangata a bolokilweng mobung, koro e kgona ho nka nako e telele ho hola ntle le kgatello ya ho hloka metsi.



Bokgorofo ba mobu

Metsi mobung a bolokwa mapatsong a pakeng tsa dikarolwana tse thata tsa mobu jwalo ka ha ho etsahala sepontjheng. Dikarolwana tse nyane tsa mobu, ha di bopehile ka mokgwa o tshwanang o lekanang, mapatso a pakeng tsa tsona le ona a tla ba manyane. Mobung wa letsopa dikarolwana tsena di bopehile ka mokgwa o tshwanang o lekanang, mme di matahane hammoho. 



Mobu wa letsopa o nka nako ho monya metsi, mme ka hoo ho boima hore semela se ka fumana metsi mobung o jwalo. Mobu wa lehlabathe o na le mapatso a maholo pakeng tsa dikarolwana tsa mobu, mme ka baka lena, metsi a kgona ho monyela kapele. Ka baka lena, mobu wa letsopa o phakisa ho oma. Metsi a sitwa ho kenella ha bonolo mobung wa letsopa. Ka baka lena, dimela di fumana bothata ho fumana metsi. Mobu o lehlabathe haholo kapa o letsopa haholo ha o a lokela tlhahiso ya koro.



Mabatoweng a komello e kgolo, mebu e loketseng ho boloka metsi ke e letsopa le pakeng tsa 15% le 30%. Le ha ho le jwalo, mebu e lehlabathe (e letsopa le ka tlasa 15%), e nang le tshitiso ya ho monyela ha metsi botebong ba 750 mm (jwalo ka ya sebopeho sa Avalon), e ka boloka metsi a mangata ho feta e lahlehelwang ke metsi ha bonolo ya lehlabathe, mme e bonahetse e le mebu e metle ya koro mabatoweng a ommeng.



Botebo bo fihlellwang 

Botebo ba mobu boo metso e ka bo sebedisang hantle ke ntlha e bohlokwa ka ho fetisisa, e amang bongata ba metsi a leng teng. Ha botebo ba mobu bo eketseha, le boholo (volume) ba mapatso a loketseng bo a eketseha, mme ka hoo, le mothamo wa metsi a fumanehang o a eketseha.



Ho teng mefuta e meraro (makgapetla) ya mebu e ka tlase e sitisang ho kenella ha metso mobung:

Makgapetlala a mobu a sitisang ho kenella ha metso mobung. Ana a kenyeletsa makgapetla a mafika kapa a lejwe, kapa makgapetla a thata, a letsopa, le makgapetla a teteaneng a kang lekgapetla la mohoma le ka nnang la eba teng mebung ya lehlabathe.

Makgapetla a ka nnang a qwela metsing nakong ya sehla sa metsi.

Makgapetla a nang le tshitiso ya dikhemikhale. Mohlala wa sena ke esiti ya mobu o ka tlase. Mebung e ka tlase, e nang le esiti e ngata, ho nama ha metso ho a sitiseha le hoja bongata ba mebu bo ena le matshwao a lebelletsweng le bokgoni ba ho monyela ha metsi.



Molemo tlhahisong ya koro 

Mekgwa ya tlwaelo ya ho lema mobu mabapi le koro dibakeng tse ngata e kenyeletsa mekgwa e fapaneng ya ho phethola mobu. Mekgwa e mengata ya tshebetso e fapana pakeng tsa mekgwa ya kgalekgale ya ho lema ho ya mekgweng ya tshebediso ya didiski tse boima mabapi le ho phethola mobu ho simollang, ho ya tshebedisong ya mafielo (sweeps) a sephara le a masesanyane ka sepheo sa ho baballa metsi le ho laola mahola nakong eo masimo a tlohetsweng feela.



Ho phethola mobu ho baka lekgapetla le bakwang ke mohoma botebong boo karolo ya mohoma e thetsanang le mobu. Mafielo, ka lehlakoreng le leng, mefuteng e mengata ya mobu, e nang le masalla a manyane a dimela, a ka nna a baka ho hatellana ha lekgapetla le pakeng tsa 10 - 15 cm ka tlasa mobu. Ke taba ya bohlokwa ho roba lekgapetla lena pele ho jalwa. Mona ho ka sebediswa meno (tines) a loketseng (kapa tshebetso ya ho tabola) a ka kgonang ho kena tlasa lekgapetla, kapa nakong ya ho jala moo meno a plantere a loketseng, a kgonang ho roba lekgapetla lena. Tshebetso ena e kgannela tswelopeleng e phethahetseng ya metso e tshekaletseng, e leng e tla kgona ho fihlella karolo tsohle tsa mobu le ho boloka mongobo. Sena se tla nnetefatsa hore kuno e habilweng ruri e a phethahala.











