Shortcuts (Maize)									Sesotho
Bosiyo ba ho paroletsa temong ya paballeho
Folio strap: Temo ya paballeho
Byline: Phonnie du Toit (Institjhute ya Arc-Grain ya Dijothollo Potchefstroom)
Photo 1: Plantere ya no-till ya mela e mmedi tshebetsong. Sheba bokahodimo bo sa phetholwang.
Photo 2: Masalla a dijothollo ka hodima mobu ke ntlha ya bohlokwa ya Temo ya paballeho (TP). Theo Msimanga, molemi wa Diekeng ho la Mpumalanga o hlahloba poloto ya teko pele a jala. Ela hloko sebaka se hlokang mahola le masalla a dijothollo ka hodima mobu.
Photo 3: Mohlala wa plantere ya kgale e fetotsweng hore e etse mosebetsi wa ho jala ka mokgwa wa no-till.
Photo 4: Johannes Simelane ke molemi lebatoweng la Balfour ho la Mpumalanga, o lema dihekthara tse 300 tsa poone. O se a ntse a etsa diteko tsa hae ka dintlha tse ding tsa TP.
Grabber 1: Temo ya paballeho e reretswe ho boloka molemi a le masimong.
Grabber 2: TP ke mokgwa o hlokang mohato o phahameng wa tsamaiso, mme ho fetohela mokgweng o motjha wa TP ruri ha se thaka motho, ho ke ke etsahala ntle le mathata.
Temo ya paballeho ke taba e ntjha ho balemi ba bangata ba dijothollo Afrika Borwa. Lengolong lena, bala ka seo balemi ba tswetseng pele ba se bolelang ka temo ya paballeho le mehato eo balemi ba tshwanetseng ho e latela hore ba kgeme mmoho le mokgwa ona o motjha wa temo ya dijothollo. 
TP e fupere dife?
Ho a tsebahala hore boholo ba balemi bo sebedisa mokgwa wa kgale, wa tlwaelo wa ho lokisa mobu, mme mohoma wa sekara (mouldboard) e ntse e le sona sesebediswa se sebediswang haholo masimong. Hangata balemi ba itemela poone feela, ha ba tsotelle ho fapantsha dijothollo tsa bona le tse ding tse kang dinawa le soneblomo. Tshebediso ya mohoma wa sekara ka dilemo tse ngata kajeno e tadingwa e le mohlodi wa sehlooho wa ho theola boemo bo botle ba mobu. Ho theoha hona ho etsahala mehatong e meraro:
Ho phetholwa ha mobu ho ya ho ile ho senya popeho ya mobu;
Ho baka tahlehelo ya mobu ya ho tshwara metsi; le
Ho baka phokotseho ya diphedi (micro-organisms) tsa bohlokwa tsa mobu. 
TP ke mokgwa o ntsheditsweng pele ho tshireletsa mobu, ho ntlafatsa boleng ba mebu le ho kgutlisetsa mobu boemong ba ona ba pele, bo botle, ba monono. Mokgweng wa TP molemi o tshwanetse ho sebedisa boleng le molemo ohle wa dijothollo phapantshong le poone. Tlhahiso ya dijothollo tse ngata e thusa ho fokotsa dikotsi tse ngata tse shebaneng le molemi. Hopola mantswe a reng ”se ke wa kenya mahe a hao kaofela ka manking o le mong”. 
Re tshwanetse ho tseba hore TP e fupere tse ngata ho feta mokgwa wa no-till kapa wa ho phethola mobu wa paballeho. TP e theilwe haholoholo hodima ditshiya tse tharo:
Mobu o tshwanetse ho tshwenngwa hanyane ka moo ho kgonahalang ka teng. Hona ho bolela ha ho phetholwe mobu kapa ho sebedisa tetse, le hore ho lema ho etswa ke plantere e kgonang ho jala ka ho otloloha mobung o sa etswang letho. 
Masalla a dijothollo a sala hodima mobu. Ka mokgwa ona, masalla a thusa ho tshireletsa mobu ka hohle ka moo ho kgonahalang ka teng.
Phapantsho ya dijothollo, ho kenyelleditswe dijothollo tse kang dinawa le dierekisi, e fetoha karolo ya mokgwa wa tlhahiso.
Ba reng balemi ka TP?
Tjhebokakaretso e entsweng hara balemi ba ntseng ba tswela pele Mpumalanga, Limpopo le provenseng ya North West e bontshitse hore balemi ba kgotsofetse ka melemo ya TP, empa le hoja ba kgotsofetse, ba boetse ba lemohile dikgaello tsa TP jwalo ka ha ba di bona. 
E meng ya melemo e hlwailweng ke balemi e bile ena:
TP e ka thusa ho thibela kgoholeho ya mobu.
TP e ka thusa ho boloka ditjeo tsa metjhine. 
Tshebediso ya taolo ya mahola ka dikhemikhale e ka thusa ho boloka ditshenyehelong tsa nako le tsa mosebetsi. 
Boteng ba mefuta ya peo ya Roundup Ready bo ka nolofatsa taolo ya mahola. 
Ho kenyeletswa ha dijothollo tsa mofuta wa monawa tse kang dierekisi kapa dinawa tsa soya ho ka thusa ho ntlafatsa monono wa mobu. 
Hara tse ding, balemi ba hlwaile dikgaello tse latelang tsa TP:
Tlhoko ya ho simolla ka tjhelete le ditjeo tse phahameng tsa metjhine 
Tlhoko ya tjhelete ya ho simolla, jwalo ka mohlala, tshebediso ya plantere ya no-till bakeng sa ya sejwalejwale, e sa ntse e le bothata bo boholo ho balemi ba bangata. Theko ya jwale ya diplantere tsa mela e mmedi tsa no-till e fapana pakeng tsa R50 000 le R80 000 plantere ka nngwe. 
Bothata ba masalla a dimela a kupeditseng mobu
Balemi ba bangata ba sa ntse ba itshetlehile ka masalla a dijothollo a ka sebediswang ke mehlape, mme masalla a poone haholoholo a tadingwa e le furu. Balemi ba boetse ba bile le pelaelo mabapi le ho fumaneha ha se nepahetseng, se ka tshireletsang mobu haholoholo nakong tsa dihla tsa komello ha kuno ya dijothollo e le tlase. 
Kotsi ya phokotseho ya kuno ya dijothollo
Ka ho hlaka balemi ba boletse hore ba sitwa ho ipeha kotsing ya kuno e tlase ya dijothollo ka baka la ho kengwa tshebetsong ha mokgwa ona o motjha wa tlhahiso. Tahlehelo ya kuno e ka nna ya ba teng nakong e kgutshwane, e leng taba e ba nyahamisang ho fetohela mokgweng wa TP. 
Balemi ba ratang mokgwa wa TP ba ka thuswa jwang?
Diteko tsa masimong tsa ho lekola TP 
Ha ho shejwa dikotsi kaofela tseo balemi ba shebaneng le tsona, balemi ba tshwanetse ho kgodiswa hore mokgwa ona o motjha o ka nna wa sebediswa ka katleho. Diteko tsa selehae tse etswang masimong di ka fana ka “phaposi” ya bohlokwa e ka ba kenyang mekgweng ya TP papisong le mokgwa wa sejwalejwale o ntseng o sebediswa.
Tshebediso e ntjha ya disebediswa tsa jwale
Balemi ba tshwanetse ho kgothaletswa ho fetola disebediswa tseo ba ntseng ba di sebedisa jwale, tse kang diplantere, hore e be diplantere tse ka sebedisetswang temo ya minimum-till (ho phetholwa ho honyane ha mobu) kapa no-till (ho se phethole ho hang). Brazil, mohlala, balemi bao e neng e le bopulamadiboho ba ne ba sa kgone ho reka metjhine e tswetseng pele. Ka baka lena, ba ile ba qala ka ho fetola tsona diplantere tsa bona tsa sejwalejwale hore e be tsa no-till. Ena e bile tshimoloho ya “Phetoho ya no-till” ya dilemo tsa bo1970 naheng eo.
Pepeso ya balemi sesebedisweng sa TP
Ho sa le tse ngata tse tshwanetseng ho etswa ho kwala sekgeo se teng pakeng tsa balemi ba ntseng ba tswela pele le dikgwebo tsa agribusiness tse shebaneng haholo le TP. 
Ntlafatsa maemo ho atolosa tlhahiso ya mofuta wa monawa
Le hoja balemi ba bontshitse hore dijothollo tsa mofuta wa monawa di ka ntlafatsa mekgwa ya bona ya tlhahiso ya dijothollo, ba sa ntse ba haellwa ho atolosa temo ya monawa. Sena se bakwa haholoholo ke ho sitwa ho finyella ho barekisi ba dipeo, mme mabapi le dierekisi, teng ke bosiyo ba mmaraka o tshepahalang wa sejothollo sena. Mokgwa o motle ka ho fetisisa wa ho tshehetsa balemi hore ba fumane boleng le molemo wa dijothollo tsa mofuta wa monawa phapantshong ya dijothollo, ke ho ntlafatsa mekgwa ya phepelo ya peo le ho etsa menyetla e metle ya mmaraka ya molemi. 
Kgothaletsa tlhahiso ya tlatsetso ya furu
Balemi ba tshwanetse ho kgothaletswa ho lema dijothollo tseo e leng dijo tsa diphoofolo, mme sena ba se etse masimong a fapaneng. Mofuta wa mabele a tswekere o lengwang lehlabula kapa Japanese radish le habore e lengwang mariha, di ka thusa haholo ka furu mohlang ho leng hobe. Ka mokgwa ona, balemi ba tla kgona ho boloka mobu o tshireletsehile ka ha ba sa itshetleha haholo ka masalla a dimela jwalo ka mohlodi wa furu. 
Dula o hopola hore metheo ya tlhahiso ya dijothollo ka mehla e tshwanetse ho etswa ka nepo. Pele ho mohato ofe wa ho fetohela mokgweng wa TP, balemi ba tshwanetse ho pshatla lekgapetla le thata le bakwang ke mohoma, le ho fedisa ditlhaselo tse kgolo tsa mahola a kang coach grass. Leka ho fumana keletso baleming ba nang le boiphihlelo ba TP. Qetellong, itlamahanye le ba ikemiseditseng ho tshehetsa balemi ba tadimang TP e le mokgwa o mong o ka latelwang. Ka mokgwa ona, o ka nna wa sibolla hore TP ke sona senotlolo sa hosane sa temo e molemo.
