Seed (Maize)									Sesotho
Mokgwa wa ho laola peo e mpe ya mahola pooneng
Folio strap: Taolo ya mahola
Byline: Dr Jeanetta Saayman-du Toit (ARC-GCI, Potchefstroom) 
Nako ya kotulo e ntse e atamela, mme ho sa le teng masimo a mangata a tletseng mahola. Jwalo ka ha re ile ra qoqa hangata nakong e fetileng, mahola ke sera sa molemi. 
E nngwe ya dintlha tsa bohlokwa ka ho fetisisa tlhahisong ya dijothollo ke taolo ya mahola. Boteng ba mahola dijothollong bo ka ba kotsi ka mekgwa e mengata, haholoholo tahlehelong ya dijothollo le kgahlamelong e mpe ya peo. Ka baka la leqeme la dijothollo tse jewang ke lefatshe, re sitwa ho amohela taba ya hore poone e lahluwe ka baka la kgahlamelo e mpe ya peo mahola. Mahola a peo ya khakhi ha a lokela ho dumellwa pooneng ka ha a baka monkgo o mobe ho batho le ho diphoofolo. Ho ya ka ntlafatso ya dimela le melao ya tlhweko ya peo, dipeo tse ding ho hang ha di a dumellwa pooneng. Ho ya ka melao ena, mohlala, ha ho a lokela ho ba teng le ha e le peo e le nngwe ya olieboom (datura) qubung ya poone. Datura e tjhefo haholo bathong, mme ho se ho tlalehilwe diketsahalo tsa ngata tsa tjhefo. 
E nngwe ya dithuto tsa bohlokwa ka ho fetisisa taolong ya mahola ke ho fedisa sesosa sa kgahlamelo kapa tshwaetso e mpe. Poone e sa hahlamelwang ke pontsho ya hore tsamaiso e bile ntle, mme e ntse e tswela pele sejothollong sa poone ho ena le tlhaselo ya nako e itseng feela ya taolo ya mahola.
Mekgwa e metle ya temo e kenyelletsa tse latelang: 
Ntlafatso ya ho nona ha mobu (mahola a mang a hlile a rata moo mobu o otlileng teng);
Tshebediso ya peo e ntle e hlwekileng nakong ya ho jala;
Etsa bonnete hore dibaka tse haufi ha di fetohe mohlodi wa peo ya mahola;
Tshebediso ya mekgwa e metle ya taolo ya mahola, e leng ho laola mahola tshimolohong ya sehla, e thibela tlhodisano le semela ka ha ka bobedi di lwanela mongobo le menontsha. Mekgwa e metle ya taolo ya mahola e thibela peo ya mahola e teng e ka nnang ya baka tshwaetso le kgahlamelo e mpe hamorao; 
Haeba taolo ya mahola tshimolohong ya sehla e sa ka ya ba e lekaneng, mahola a tshwanetse ho kgaolwa le ho tloswa masimong pele ho kotulwa. Hona ho tla thibela ho tswakana ha peo ya mahola le ya poone; le
Haeba mahola a maholo a tloswa ha a se a entse peo, keletso ke ho a tjhesa hore o a thibele ho mela sehleng se tlang. 
Hopola hore sejothollo se setle se bolela peo e ngata – e hlwekileng!
