Sclerotinia (OPOT)									Sesotho

Bolwetse ba Sclerotinia soneblomong

Instructions:

Folio Strap:

Byline: Ditaba di fumanwe Yunibesithing ya Mmuso ya North Dakota le Lefapheng la Temo la United States

Photo Captions:

Photo 1: Mohlodi wa dimela tse kobehileng tse supang mehato e fapaneng ya ho tswela pele ha ho kang seso le ho senyeha. Ela hloko black sclerotia le white mycelium. Kutu e phetseng hantle e ka leqeleng.

Photo 2: White mycelium karolong e tlase ya semela se kobehang.

Photo 3: Sclerotia ka hara karolo e bonojwana karolong e tlase ya semela se kobehang. 

Photo 4: Ho bola mahareng a kutu.

Photo 5: Ho bola hlohong – matshwao ana a ba teng pele ho foforeha ha hloho ho simolla.

Photo 6: Saekele ya bolwetse – ho bola ha hloho le ha bohare ba kutu.

Bolele nakong tsa mariha e le sclerotia mobung le matlakaleng a dimela

Dimela tse putlameng, dikutu di bodile, kutu ka hodima mobu eka diso

Ho jala nakong ya selemo

Sclerotia mobung

Ka mongobo o mongata wa mobu sclerotia pela bokahodimo ba mobu e a mela, mme e bopa apothecia

Masobana a bulwa ke sekgakeletsi le ke moya 

Sekgakeletsi sa bolele

Masobana

Tlhaselo

Masobana a budulelwa ka hare ho tswa masimong a haufi

Ho bola ha hloho

Ho bola mahareng ha kutu

Metso e thetsana le sclerotia, mme sclerotia e a mela, ebe e hlasela metso; bolele bo tloha semeleng ho ya ho se seng ka ho tsamaya ka metso 

Dimela tse putlameng

Bolwetse = tahlehelo kunong le keketseho kokwanahlokong ya mobu

Sclerotia e kgutlela mobung nakong ya kotulo le ya mesebetsi ya ho phetholwa ha mobu



Sengolweng sena re tla ke re tadime ka ho teba bo bong ba malwetse a bohlokwa ka ho fetisisa a amang soneblomo – malwetse a Sclerotinia.



Malwetse a mararo, Sclerotinia (wilt) e putlamisang, e bodisang kutu mahareng, e bodisang hloho, a a tsebahala masimong. Sclerotinia e putlamisang e bakwa ke mobu o jereng dibopuwa tsa bolele tse bitswang sclerotia e tshwaetsang metso ya soneblomo. Sclerotinia e putlamisang e hlakile, mme e fapane le mefuta ena e mmedi hobane e simolla ka metsong. Sclerotinia e bodisang hloho le e bodisang bohare ba kutu di bakwa ke disele tse ikarohanyang le disele tse jarwang ke moya. Ke malwetse a ka hodima mobu, a nang le tswelopele e tshwanang ya bolwetse. Ka boraro ba ona, malwetse ana a bakwa ke kokwanahloko e le nngwe, Sclerotinia sclerotiorum, bolele (fungus) bo nang le tshenyo e kgolo, e leng bolele boo hangata bo bitswang bolele “bo bosweu”. Bona ke bolele bo tshwanang, bo bakang bolele bo bosweu ba dinawa tsa soya, dinawa tse ommeng, canola hammoho le dijothollo tse ding tse ka hlaselwang ha bonolo.



Sclerotinia e putlamisang e ba teng hohle moo soneblomo e lengwang teng mobung o hahlametsweng ke Sclerotinia, mme e ka baka tahlehelo e mpe haholo. Masimo kaofela a se a sentswe ke kokwanahloko ena. Tahlehelo ya kuno e itshetlehile ka palo ya dimela tse tshwaeditsweng, le hore di tshwaeditswe neng; boholo ba palo ya dimela tse tshwaeditsweng le ho tshwaetswa e sa le pele, ho kgema mmoho le tahlehelo e phahameng ya kuno. Ho ya ka palohare, semela se tshwaeditsweng se fana ka kuno ya 50% ya semela se phetseng hantle. Hape, mothamo wa oli ya peo o a fokotseha dimeleng tse tshwaeditsweng. Ka ho lekana, le ha ho le jwalo, tshwaetso e kgannela mehatong e eketsehileng ya Sclerotinia mobung. Sena se ka qetella ka phediso ya tlhahiso ya soneblomo masimong ka dilemo tse ngata. Sclerotinia ka baka leo, ha e fokotse feela kuno, empa e ama tlhahiso ya nako e tlang le phahamiso ya ikonomi ka soneblomo. 



Ho bola ha hlohong le ha bohareng ba kutu ho etsahala mona le mane, mme le teng ho latela dinako tsa maemo a metsi a lehodimo. Malwetse ana a lemohuwa ka sewelo nakong ya dilemo tsa komello. Ho bola ha hlohong ho fokotsa boima ba peo le palo ya peo, mme ho theola mothamo wa oli. Boteng ba sclerotia peong ho ka nna ha fokotsa kereiti le boleng ba mmaraka ba sejothollo. Dihloho tse tshwaeditsweng hangata di a aroha masimong, e leng se qetellang ka dipeo tse wang mobung. Ho feta mona, ha motjhine o kotulang (combine) o thula dimela tseo dihloho tsa tsona di tshwaeditsweng, dihloho di a qhalana, mme peo e lahleha pele e kena motjhineng wa combine. Ho bola ha hlohong ke qaka e ikgethileng masimong a tlhahiso ya peo hobane dipeo tse hlahiswang ke dihloho tse tshwaeditsweng ho ka nna ha etsahala hore ebe di fokoditse ho mela ha peo, mme sclerotia e hlahisitsweng dihlohong tse tshwaeditsweng e na le tshwaetso e mpe diratswaneng tsa peo, mme hona ho ama mesebetsi ya ho hlwekisa le ya tiisetso. Ha ho tjhefo e hlahiswang ke Sclerotinia peong ya soneblomo, empa tshwaetso e matla haholo ya sclerotia e tadingwa e le e sa amoheleheng ho ka sebediswa ke batho le diphoofolo. Sephetho se seng sa bohlokwa sa malwetse ana a mabedi ke hore ke mokgwa wa sehlooho oo ka ona bolele bo kenang masimong a hlwekileng a soneblomo. Sena se etsahala ha sclerotia ho tswa dikutubg le dihlhohong tse tshwaeditsweng e kenyeletswa mobung. Sclerotia tsena di ka baka ho putlama dilemong tse hlahlamang. 

 

Matshwao a Sclerotinia



Sclerotinia e putlamisang

Matshwao a tlwaelehileng haholo ke ho putlama ka tshohanyetso ha mahlaku, ho bola ha metso le dikutu ka hodima mobu eka diso. Ka kakaretso, ho putlama ho lemohuwa masimong pele dipalesa di hlaha, empa dimela tse tshwaeditsweng tsona di ka lemohuwa boemong ba ha peo e hlaha. Qalong, dimela tse putlameng di phatlalla le masimo, empa ha morao di fumanwa di ipopile ka dihlotshwana ka hara mela. Bolwetse bona hangata bo hlahella e le dibatobato ka hara masimo. Hobane dimela di kgona ho putlama nakong ya dibeke tse mmalwa ho tloha nakong eo di hlaselwang ka yona, tshimoloho ya matshwao e hlahella ka potlako.



Ho kang leqeba le mommeng metsi ho simolla ho ba teng karolong e tlase ya semela ka hodima mobu. Leqeba le ba bophutswa bo botala ho isa bosoothong, mme le bonahala eka le jere kutu. Ha tshenyo e ntse e tswela pele, kutu e a sweufala, mme e ba le ponahalo ya metjeketlana. Karolo e senyehileng e ka nna ya eketseha mohato o ka etsang leoto kapa ho feta ho nyolosa le kutu. Karolo e hare e senyeha karolong e tlase ya kutu, mme ho ba teng dinthonyana tse thata, tse ntsho, tse sallang, tse bitswang sclerotia (di ka ba 1/8 ho isa ho 1/4 diameter). Malwetse a sclerotia a bakwa ke kokwanahloko, mme a fana ka boitotobatso bo hlakileng ba bolwetse. Dimela tse tshwaeditsweng di putlama hara metsi ha bonolo. Nakong ya dipula, bolele bo bosweu hangata bo ba teng tlase moo kutu e simollang teng ka hodima mobu, ke ka hoo e bitswang “bolele bo bosweu”.



Ho bola ha metso e lebang ka mahlakoreng hammoho le motso o moholo ke ntho e totobetseng, ka ha hangata semela se ka nna sa fotholwa mobung ha bonolo. Ho bola ha (cortex) letlalo le ka ntle la motso le tloha ha bonolo, mme le siye dikarolo tse kang methapo kapa dikgwele. Metso hangata e na le ho bola ho sa fetoheng. Sclerotia e ka nna ya fumanwa metsong e meholwanyane, e ka mathoko ho motso o moholo hammoho le motso o moholo, o yang fatshe.



Dimela tse tshwaeditsweng di a shwa qetellong. Semela se ka nna kapa sa se ke sa hlahisa peo, e leng se laolwang ke hore tshwaetso e simollotse neng. Dihloho dimeleng tse putlamang hangata di nyane ho feta tsa dimela tse phetseng hantle. Dimela tse putlameng, maemong a seng a tswetse pele haholo a ho bola ha metso, hangata di a fefoleha nakong ya meya e fokang ka matla.



Sclerotinia ho bola ha kutu mahareng 

Ho bola ha kutu mahareng ho lemohuwa hangata nakong tsa kapa ka mora ho etsa dipalesa, e leng bohareng ho isa ka hodimo ho bohare ba kutu. Ho simolla e le leqebanyana le leputswa le mommeng metsi, ka tlwaelo hangata leqhutsung la lehlaku kapa haufi le lona. Ho kang seso ho tswela pele ho potapota le kutu, mme karolo e senyehileng (bodileng) hangata e ba metsi, mme e ba mongobo o kang seretse. Hangata kutu e wela fatshe ntlheng eo ho yona ho bola ho leng teng, mme dikarolo tsohle tse ka hodima seso di a shwa. Hangata bolele bo bosweu bo teteaneng hammoho le sclerotia di tla hlaha ka hare le ka ntle ho kutu, haholoholo nakong tsa sehla sa metsi a mangata. Qetellong dikarolo tse amehileng di a sweufala le ho shebahala jwalo ka mafoforetsane. Ho bola ha kutu ho ka nna ha tswela pele ho lebile tlase mothehong wa kutu kapa ha leba hodimo hlohong. Ka nako tse ding lekala le ka nna la tshwaetswa ke Sclerotinia, mme ebe le bolele bo bodisa lekalana le hokantseng lehlaku le kutu, ebe ho bola ho qetella ho fihlile kutung moo jwale re seng re bua ka ho bola ha kutu mahareng.



Sclerotinia ho bola hlohong ha 

Matshwao a pele a ho bola hlohong hangata ke boiponahatso ba karolo e tshweu e kahare ya bolele e holang hodima dikarolo tsa dipalesa kapa ho hlaha ha dibatobato tse mommeng metsi hodima sekgakeletsi (karolo e tobotobo ya hloho). Bolele bo hola haholo ka hara sekgakeletsi, bo a se diehisa, mme bo hlahise karolwana e ka harehare ya bolele hammoho le di-sclerotia tse ngata, tse kgolo, tse ntsho. Sekgakeletsi hangata se a sweufala, mme se itotobatsa ha bonolo hlohong e phetseng hantle. Sekgakeletsi kaofela ha sona se ka nna sa bola, mme lekgapetla la peo le a wa, mme ebe ho itshalla feela ho kang kgaketla e tsweu, e foforehang, e nang le dihlopha tsa methatswana, tse tswakaneng mona le mane le sclerotia tse kgolo. Dihloho tsena tse tshweu tse kang kgaketla di bonahala ha bonolo masimong, le ha motho a le hole. Ha di kotulwa, dihloho tse tshwaeditsweng di a pshatleha, mme peo kaofela e setseng, e a lahleha. Nakong ya sehla sa pula, bolele bo hola ka hodima peo, ebe bo bopa ho kang letlowa la sclerotia le ka kupetsang karolo e ka pele ya hloho. Dipeo hangata ha di senyehe, empa tse ngata ha di be teng. Sclerotia tse kgolo, tse fumanwang hlohong di kotulellwa mmoho le dipeo. Sclerotia e tswakaneng le peo ke tiiso ya hore masimo a bile le ho bola ha hlohong. Ho bola ha hlohong ke bothata bo hlokolosi masimong a hlahisang peo. Ntle le tlhahiso e fokotsehileng ya peo, karolo e ka ntle ya dipeo e ka nna ya hlaselwa ke bolele ba Sclerotinia, mme sephetho ha ho le tjena, ke phokotseho ya ho mela ha peo. 

 

Kokwanahloko

Sclerotinia sclerotiorum e na le tshebetso e batsi, e fapaneng haholo; e hlasela mefuta e ka bang 370 ya dimela. Bolwetse bona bo se bo ile ba lemohuwa dimeleng tse kang, soneblomo, dinawa tse ommeng, dinawa tsa soya, hammoho le canola; le ha ho le jwalo, dijothollo tse ding tse ngata di hlaselwa ha bonolo; tsona ke buckwheat, borage, lentils, dierekisi, ditapole, mosetareta, crambe, Jerusalem artichoke le safflower. Ha se dijothollo tsena tsohle tse hlaselwang ke Sclerotinia jwalo ka soneblomo, mme tse ding di hlaselwa ka sewelo.



Saekele ya Bolwetse – Sclerotinia e putlamisang

Sclerotinia nakong tsohle tsa mariha e le sclerotia mobung kapa dimeleng tse lahlwang. Nakong ya hlabula ha metso e holang ya soneblomo e thetsana le sclerotia, sclerotia e a mela, mme ebe e hlasela metso. Bolele bo kenella motsong o hlasetsweng, ho ya fihla motsong o moholo o lebileng fatshe, ebe bo kenella kutung, qetellong semela se a shwa. Bo boetse bo kenella metsong e lebileng ka mathoko, mme qetellong methapo yohle e a hlaselwa. Hobane metso ya dimela tse bapileng meleng e kgona ho thetsana, bolele bo kgona ho tloha methapong ya semela se seng ho ya metsong ya se seng. Sena se qetella ka ho baka ho putlama ha dimela. Dimela di ka nna tsa putlama nakong ya beke tse pedi ho isa ho tse nne hang ha tlhaselo e se e kene. Nako ya ho tloha matshwaong a ho putlama ha pele ho isa ho putlameng ho phethahetseng e ka nna ya eba matsatsi a mane ho isa ho a supileng. Ho potlaka ha ketsahalo ya ho putlama ke lebaka le leholo le etsang hore masimo a tadimehang a le matle a putlame kapele ha bolwetse bona bo kene nakong ya dibeke tse mmalwa feela. 



Soneblomo ke sona sejothollo feela se hlaselwang kgafetsa ka metso ke Sclerotinia. Dijothollo tse ding tsona di hlaselwa haholoholo ka masobana dikarolong tsa semela tse ka hodima mobu. Ena ke yona phapang ya sehlooho pakeng tsa disoneblomo le dijothollo tse ding. 



Ha bolele bo ntse bo hola ka hara semela le hodima sona, eba bolwetse ba sclerotia bo a kena. Boholo bo hlaha dikarolong tse ka hare, tse bodileng, tsa dikutu hammoho le metsong ha semela se eshwa. Ke sclerotia tse ka bang pakeng tsa tse 25 ho isa ho tse 100 tse ka hlahiswang ka hara semela se hlaselwang kapa hodima sona. Sclerotia tsena di kgutlisetswa mobung nakong eo ho phetholwang mobu ka yona, mme sena se fetoha mohlodi wa tlhaselo kgahlanong le dimela tse tla hlahlama. Malwetse a sclerotia a dutse nako e telele mobung, mme masimo a dula a hlasetswe dilemong tse ngata. Potso eo balemi ba bangata ba e botsang ke hore, sclerotia e tla dula e le teng masimong ho fihlela neng? Ka bomadimabe ho boima ho araba potso ena hobane masimo a fapane ka dintho tse amang boteng ba sclerotia, e leng mofuta wa mobu, mongobo wa mobu hammoho le nalane ya dijothollo. Dintlha tsena di ama organisms (diphedi tse nyane) tse mobung, tse fedisang sclerotia. Ho tswela pele ha bolwetse bona ho itshetlehile hape le palong ya sclerotia mobung. Ha palo ya sclerotia e phahame mobung, sclerotia e tla nne e tswele pele. Masimo a hlasetsweng haholo ke malwetse ana a tla hloka dilemo tse ngata moo ho tla lengwa dijothollo tse sa hlaselweng ke malwetse ana e le hore bongata ba ona bo fokotswe, mme bo be boemong bo tlase.



Soneblomo e na le metso e mengata e lebang ka mahlakoreng. Metso ena e mengata karolong ya mobu e phetholwang. Sena se kgothaletsa haholo kamano le sclerotia. Metso ha e so tswele pele ka ho phethahala ha e se ha dipalesa di le teng, mme nakong eo, metso e thetsana haholo le dimela tse bapileng, mme sena se potlakisa tshwaetso ya kokwanahloko ho tloha semeleng se seng ho ya ho se seng. Hape, ho tsofala ha metso ho simolla ka mora dipalesa, e leng nakong eo metso e hlaselwang haholo. Ana ke mabaka a sehloho a arabelang potso ya hore hobaneng boholo ba dimela tse putlamang bo bonahala ka mora ho hlaha ha dipalesa.



Masimong a hlasetsweng, dimela tsa pele tse putlamang hangata di tla bonahala nakong ya matsatsi a 40 ho isa ho a 50 hoba ho jalwe, empa boholo ba dimela bo putlama ka mora ho hlaha ha dipalesa. Tse ding di tla be di putlame le pele di oma.



Taolo ya bolwetse

Taolo e bohlokwa ka ho fetisisa ya malwetse a Sclerotinia soneblomong ha se ho jala mobung o hlasetsweng le ho thibela keketseho ya sclerotia mobung. Thibelo ya keketseho e etswa haholoholo ka ho dula o beile bolwetse leihlo masimong ho bona eba bolwetse bona bo ka hlahisa hloho hammoho le ho fetola tatelano ya dijothollo. Hopola, masimo a nang le tlhaselo e ngata haholo e ka baka hore tlhahiso ya soneblomo e be siyo ka dilemo tse ngata. Ka ha boteng ba ho bola ha kutu le ha hloho bo eba teng mona le mane, taolo ya bolwetse e shebane haholo le taolo ya ho putlama. Nakong ya jwale, ho ba kgahlanong ha semela ha se mokgwa wa sehlooho wa taolo. Ho teng, le ha ho le jwalo, phapang mohatong wa tlhaselo ya mabasetere ke Sclerotinia. Hape, ha ho dikhemikhale tse ngodisitsweng mabapi le taolo ya ho putlama kapa tlhaselo ya soneblomo e kenang ka masobana. 



























 

