Schools (Maize) 2440 words								Sesotho
Lenaneo la dikolo le itlhoma pele
Folio strap: Lenaneo la Dikolo
Byline: Willie Kotzé, setsebi sa kwetliso le ntshetsopele sa Lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi 
Graph 1: Dikolo tse etetsweng kotareng ya pele ya 2010 le 2011.
Graph 2: Baithuti ketelong ya kotare ya pele ya 2011. 
Graph 3: Baithuti ba bileng teng dithutong tsa kotare ya pele.
Graph 4: Dikolo tse etetsweng diprovenseng tse fapaneng kotareng ya pele ya 2011.
Selemong sa 2010, Grain SA e simollotse ka lenaneo la dikolo ka thuso ya ba Maize Trust. Lenaneo le bile le katleho. Kopong ya rona ya thuso ya 2010/2011 ho ba Maize Trust, re boetse ra kopa thuso ya ditjhelete mabapi le lenaneo la dikolo. Ba Maize Trust ba ile ba amohela kopo ya ho thusa ho tshehetsa diketelo dikolong. 
Ho bohlokwa hore re kgothaletse bana ho ela hloko molemo wa temo e le mohlodi wa dijo le tshwele, e leng tsa bohlokwa ikonoming, e leng mohlodi wa mosebetsi, hape e le mosebetsi wa hosasa oo motho a ka ikgethelang ona. Karolo e fetang halofo ya batho ba Afrika ke batho ba tlasa dilemo tse 20. Bana ke bareki ba hona jwale, bareki ba nako e tlang, mme ke basebetsi ba meloko e tlang, mme ha re ema ka maoto ho ba etsa hore ba elellwe molemo wa temo ka kakaretso, le wa indasteri ya poone ka ho qolleha, re tla phakisa re ba le tshepo ya hore ba utlwisise bohlokwa ba tsena.
Selemong sena, sepheo sa bohlokwa sa projeke ya rona ke ho ntshetsa pele DVD tse tharo, tse fapaneng, tse bontshang lefapha la temo, la indasteri ya poone hammoho le temo jwalo ka mosebetsi wa ka moso. Palo ya bana e kgolo haholo – sekolong se seng le se seng re tshwanela ho etsa qeto hore na re bona bana kaofela ka nako e le nngwe (ka ha dihlopha tse kgolo di na le bothata ba ho tsepamisa maikutlo ho se buuwang le ho ba le kabelo ho se etswang), kapa re bona dihlopha di arohane (e leng se bolelang hore mokwetlisi o tshwanela ho phetapheta seo a se buileng makgetlo a mangata). Re ile ra ikopanya le ba AgriSETA ka Mphalane 2010 ka kopo ya hore ba re thuse ho tshehetsa lenaneo. Ba bolela hore ba ka thusa ka R360 000 e ka thusang ho ntshetsa pele DVD tse tharo. Ka thabo ra amohela tshepiso ya bona, mme ra kena letsholong la ho batla ba ka re fang ditshebeletso tse loketseng, e leng ba ka re etsetsang DVD tseo. Qetellong ra kgetha ba ha Martie Willemse, ba Noline productions, mabapi le DVD ya pele, le ba PW van Wyk, ba AgriTV, mabapi le DVD ya bobedi. 
Ba faneng ka dithuto ba ne ba hlwailwe mabatoweng a fapaneng a leshome, e leng Foreisetata, North West, North West/Gauteng, KwaZulu-Natal, Eastern Cape, Northern Cape le Mpumalanga. Kotareng ya pele, dikolo tse 180 di ile tsa etelwa moo baithuti ba ileng ba bapallwa DVD. DVD e entswe ka mokgwa oo e nang le dibaka tse tharo tsa kgefutso ho ha mofani wa thuto sebaka sa ho hlalosa dikahare tsa yona. Ka mora kopano sekolo se fuwa phoustara ya sehopotso sa dikahare tsa DVD ya pele – Dijo, Tshwele le Bophelo.
Baithuti ba fapaneng ba tswang dikolong tse fapaneng ba ile ba botswa hore na letsatsi leo e bile le molemo ho bona na. Dikarabo e bile tse kang tsena:
Moliko, Tebello le Doreen, baithuti ba sekolo se phahameng sa Quibing
“Ha ke tsebe moo nka simollang teng, empa nka re ke ithutile tse ngata, mme ke thabile haholo ho nna ke ithuta. Ke dumela hore ho bohlokwa ho jala difate, jwalojwalo, hore re kgone ho phela bophelo ba letsatsi le letsatsi ka ho sa feleng re thabile. Ke boetse ke ithutile hore mosebetsi wa ho jala difate ha se wa balemi feela, empa rona re le batjha re tshwanetse ho tseba haholo ka temo hore re kgone ho hlahisetsa batho dijo, mme ho tloha kajeno ke ilo iketsetsa tshingwana ya meroho hobane ke bone hore nka fihlella tse ngata ka ho itemela. Jwale ke thabile, ebile ke rata ho leboha Grain SA ka ho re ruta bohlokwa ba temo. Ke thoholetsa le ho lakaletsa Grain SA mahlohonolo. Modimo o ba tataise ho fihlela re kopana nakong e tlang.” 
Mosamo, Mokhele P, Diphapang, Radimo le Mokhethi M ba sekolo se phahamng sa Le Reng 
 “Re ithutile dintho tse ngata tseo re neng re sa di tsebe, tse kang 90% ya dijo tsa lefatshe tse hlahiswang ke balemi. Re hloka balemi ba bahlano ho etsa burger e le nngwe. Ba bangata ba rona ba ne ba sa tsebe hore diaparo di etswa ka boya ba diphoofolo, le hore diphoofolo ke karolo ya temo. Re ne re nahana hore temo ke ntho feela, empa kajeno re lemohile hore re ne re lahlehile. Ke taba ya balemi, mme ka ntle ho balemi ha ho dijo”.
Bongani & Sechaba ba sekolo se phahameng sa Thabo Thokoza
 “Ho jwalo! Thuto e ile ya utlwisiswa hantle, mme re ithutile tse ngata ka temo. Re sitwa ho phela ntle le temo. Hantlentle ho teng kamano pakeng tsa tikoloho le balemi ba hlahisang dijo tse tswang diphoofolong le dimeleng. Re ithutile hore seo re se aparang se tswa temong, re boetse re ithutile hore soneblomo e hlahisa ole, le hore khothone e ka hlahisa di-jeans, ho sa tsotellwe setaele. Re boetse re ithutile hore photosynthesis e etsahala dimeleng tse tala, le hore chlorophyll e tswa dimeleng tse tala. Re a o leboha Grain SA, ke thabo ho ba le wena”.
Monique Pretorius wa sekolo se phahameng sa Winburg
“Ke nnete, ke ithutile hore re ka tlisa phetoho ha ka mora sekolo re ka ya sebetsa polasing le ho thusa hore bohle re fumane dijo. Ke bone kajeno moo dijo kaofela tsa rona di tswang teng le dihlahiswa tseo re di jang. Ha ho bonolo ho hlahisa jwalo ka ha re nahana. Hantlentle ha ke eso nahane ka botebo ka tshebetso ya ho hlahisa dihlahiswa, empa jwale e bile taba e monate ruri. Ke a leboha!”
Makotsoang Sello wa sekolo se Kopantsweng sa Louw Wepener
“Ke nnete, hobane ho hotle ho tseba haholwanyane ka temo, mme ke lemohile hore mobu ke mohlodi wa sehlooho wa lefatshe. Tsohle tseo re nang le tsona kajeno di tswa diphoofolong le mobung, mme ho nna e bile boiphihlelo bo botle. Ntatemoholo le yena e bile molemi, empa o ne a se na boiphihlelo jwalo ka ntate ya jalang dintho tse fapaneng jwalo ka khabeshe le ditapole. Ke rata ho futsa bontatemoholo le ho ntshetsa pele thuto ya bona. Sena e bile ntho eo nke keng ka e lebala. Le ntate o tla ba motlotlo. Ke leboha haholo”.
Malefane Retshedisitswe wa sekolo se phahameng sa Boitumelo
 “Ke lemohile hore ka ntle ho temo re ilo bolawa ke tlala, mme re ilo hloka diaparo. Ho nna, temo e molemo bathong le diphoofolong, jwalojwalo. Ke rata ho eletsa batho ba bolayang diphoofolo le dimela ho emisa ka ntho eo hobane ha ba ntse ba etsa jwalo ba ntse ba baka mathata a ho sotleha, e leng a ho hloka dijo, patsi, fanetjhara, disebediswa tsa ho aha matlo, mme re boela re hloka tse ka sebediswang ho ngolla. Ha re bolaya diphoofolo re ilo hloka diaparo le dijo, mme ke e ratile haholo.”
Rebecca Ntsapi wa sekolo se phahameng sa Boitumelo
“Ke bone hore ntle le temo re ilo sotleha, mme batho ba ilo ba siyo, batho ba ilo shwa. Ntle le temo ho ke ke ha ba teng dijo le diaparo le maphepha a ho itshireletsa. Temo e bohlokwa bophelong ba rona hobane ntle le yona ho ke ke ha ba teng tse ngata lefatsheng. Ke a leboha!”
Mtabane Egnar	 wa sekolo sa Lere-La-Thuto
“E bile taba e nthabisang haholo hobane tse ding tsa dintho ke ne ke sa di tsebe. E nthusitse haholo. Ke mpa ke lakatsa hore eka Grain SA e ka boela ya tla hape. Ke ne ke sa tsebe hore reisi e tswa tlasa mobu le metsi. Ntho e nngwe e nthutileng haholo ke hore ke ne ke sa tsebe hore bontatemoholo mehleng ya kgale ba ne ba tshwanela ho ya tsoma hore ba kgone ho apara, ha rona re ithekela dintho mabenkeleng. Ke ithutile tse ngata ho feta ka moo ke neng ke nahana ka teng. Tlong hape le tlo bontsha ba neng ba le siyo. Ba tla makala ha ba bona tseo re di boneng kajeno. E bile taba e monate, e thabisang ruri!”
Jaco Hulme wa sekolo se phahameng sa Linpark
“E bile taba e kgolo ho nna hobane e entse hore ke lemohe hore dintho tsohle tseo re di jang le ho di apara di tswa temong. Ke ithutile hore balemi ba bohlokwa hobane ba lema dintho tseo re di jang, le hore meroho e mengata eo re e jang e tswa temong. Balemi ba tiisa hore diphoofolo tseo re di jang di phetse hantle le hore mobu ke ntho ya bohlokwa haholo bophelong ba rona. Batho ba tshwanetse ho hlokomela tlhaho hobane ho ka nna ha eba siyo dijo hobane re sebedisa ditone tse milione tsa poone ka selemo, mme ha dintho di tswela pele ka mokgwa ona, lefatshe le ka ba kotsing, mme sena ruri se entse hore ke nahane ka seo re nang le sona, le hore re tlamehile ho ba motlotlo.”
Metyatat Nontetho wa sekolo se Kopantsweng sa Senzile
“Ketelo ya Grain SA e bile le sekgahla se setle haholo – hobane e re file tsebo ya ka moo dihlahiswa di neng di etswa ka teng mathomong le mehatong e latelang ho fihlela qetellong. Hona e bile boiphihlelo bo matla ho nna. Hantlentle, ke makaditswe ke tshimoloho ya dintho pele di ba seo di leng sona hammoho le menyetla ya mosebetsi eo motho a ka bang le yona ka ditaba tsa temo. Tsena di siile menahano e mengata kelellong ya ka. Ke ithutile ka moo diaparo tseo re di aparang di etswang ka teng. Jwale ke ilo fuputsa menyetla ya mosebetsi e nkemetseng temong hobane ke bone hore batho ba se nang tsebo ya mosebetsi le bona ba ka nna ba kenya letsoho – e leng se bolelang hore mesebetsi e mengata e ilo ba teng, le hore maphelo a mangata a ilo fetoha. Sena hape e bile boiphihlelo bo makatsang ho nna”.
Thabiso Sonopo wa sekolo se phahameng sa Marquard 
“Ke nnete, ho bile bohlokwa hobane ke ithutile tse ngata ho feta ka moo ke neng ke lebelletse ka teng. Qalong, ke ne ke sa tsebe hore temo e bohlokwa hakana, le hore e na le kabelo e kgolo bophelong ba rona. Ho a makatsa hore hoseng ha kajeno ha ke tsoha ke jele dijo tse tswang temong. Ho boetse ho a makatsa le hore ke apere diaparo tse tswang temong. Ho makatsang le ho feta ke hore ke ilo robala ka linene e tswang temong. Ke ne ke sa tsebe hore reisi e tswa dimeleng. Ruri, temo e bohlokwa bophelong ba rona. Re tshwanetse ho baballa dimela, le tsona tseo re nahanang hore ha di bohlokwa hobane ke ne ke nahana hore dimela tse phelang metsing ha di na thuso, ke sa lemohe hore reisi e tswa dimeleng. Ke ananela nnete ya hore Grain SA e etetse sekolo sa rona hobane ba re rutile tse ngata ka temo. Ke a o leboha, Grain SA, ka ho re fa tsebo ena.”
Letshabo Ipeleng wa sekolo se Kopaneng sa Senzile
“Ke ithutile tse ngata ka dihlahiswa hore di tswa hokae, le hore ho etsahetse eng hore di be moo di leng teng. Re ithutile ka bohlokwa ba diphoofolo le dimela ho rona le tseo re di unang ho tsona. Re boetse ra ithuta hore ha dijo di etswa mafapheng a tlase, di fetisetswa ho a mang ho fihlela qetellong di eba dihlahiswa tse phethahetseng. Di boetse di re fa diminerale le tshwele.”
Moshane Paballo Vinoliah wa sekolo se phahameng sa Rainbow
“Ke nnete, ho bile hotle hobane ke ile ka ithuta tse ngata ka temo. Ke motho ya hlomphang, ya utlwisisang, mme ka baka la ketelo ena ke ithutile tse ngata ka temo, mme ke sa ikemiseditse ho etsa jwalo. Ho bile hotle. Ke tla rata ho etsa temo, mme ke a dumela hore e na le menyetla e mengata ya mesebetsi. Ke tla rata haholo ha mokwetlisi wa Grain SA, Me A. Thomas, a ka nkaraba. Eseng feela sekolong sa rona, empa sena e dule e le taba tse monate le dikolong tse ding.”
Callum Estchmaier wa Kholetjhe ya Temo ya Weston
“Ke nnete, ho bile molemo ho rona hobane re rutwa tsa temo mabapi le nako e tlang. Puisano ena e re thusitse ho bona ka moo temo e leng bohlokwa ka teng mabapi le dijo, diaparo, dieta le eneji. Ba boetse ba re kgothaletsa ho dula re le tseleng ya temo”.
Thabiso Msomi sekolo se phahamemg sa Linpark
“Ke nnete, e re file lesedi hore dijo tseo re di jang di tlile jwang le hore di entswe jwang. E boetse ya etsa hore re bone lehlakore le leng la temo hammoho le melemo ya yona. Re fumane lesedi la hore diaparo tsa rona di entswe jwang le ho fihla jwang ho rona”. 
Londeka Mhlongo wa Sekolo sa Wartburg Kirchdorf
“Ke nnete, kajeno ke a lemoha hore 90% kapa ho feta ya dintho tseo re di sebedisang letsatsi le letsatsi di tswa temong. Re batla re sa tsotelle dintho tseo re di jang, diaparo tsa rona, mme hangata ha re ananele tseo boholo ba balemi ba re etsetsang tsona. Mosebetsi o boima wa balemi, le diphofolo tse bolawang hore re fumane nama, di-handbag tse etswang ka letlalo hammoho le boya. Ka hoo, e bile monyetla o moholo le tlhompho e kgolo ho rutwa le ho hopotswa dintho tsena ke Grain SA. Le rona re tshwanetse ho hlokomela dintho le ho fokotsa tshilafalo hobane e mpe naheng ya rona.” 
Pono Shembe wa Kholetjhe ya Temo ya Zakhe
“Ketelo e bile molemo ho nna, mme ke dumela hore boholo ba sekolo bo ikutlwa jwalo, mohlomong kaofela ha rona. Ke ithutile tse ngata ka ketelo ena, ka ho qolleha, hore ditlhoko tse ngata tsa batho di tswa indastering ya temo. Ketsahalong ya ditoropong le kgolong ya palo ya setjhaba, temo ke borokgo pakeng tsa mapolasi le metsesetoropo. Temo ke sepotlakisi tlhahisong ya dijo lefatshe kaofela. Diaparo boholo ba tsona bo angwa ke tlhahiso ya temo. Re lebelletse ketelo e hlahlamang!”
Londeka Mkhize wa sekolo se Phahameng sa Estcourt
“Ke nnete, ho bile jwalo hobane ke ithutile hore mekgahlelo e mengata temong. DVD e kgonne ho hlalosa haholo ka mekgwa e natefelang. E bontshitse hore ho teng mehlodi e mengata e molemo, mme jwalo ka batho re lokela ho e ela hloko. Re motlotlo ruri ha re ena le batho ba nang le nako le rona, ho re lemosa ka dintho tseo re di lebelletseng ketelong e tla hlahlama.”
Ramona Steenkamp wa sekolo se Phahameng sa Pionier
“Ho jwalo, ho bile monate, ha eba bohlokwa. Nna ka bonna ke hlompha seo ke se jang le moo se tswang teng. Ke leboha ha le re fahlollotse ka tsebo ya lona, e bile monyaka o moholo. Tswelang pele ho etsa jwalo hobane sena ke nyakallo ho rona.”
Sandile Mohunu wa sekolo se Phahameng sa Sarel Cilliers
“Ho jwalo, ke dumela hore rona re le batho re kgella fatshe dintho tsa temo. Ha ke eso nahane ka dintho tseo ke di utlwileng kajeno. Jwale ke a tseba hore dihlahiswa tse kang di-cornflakes ha di hlahe feela ha bonolo jwalo ka ha re ne re nahana. Ke nako hore jwale re ke re shebe tlhaho ka ihlo lesele, ka mokgwa o motle. Tswelang pele ka mosebetsi o motle. Se fellweng ke tjheseho...”
