Safex										Sesotho

Eo ke namane e ka mpeng!



Instructions:

Folio Strap: Mmaraka wa dijothollo

Byline: E nkilwe le ho kgutsufatswa ho tswa Thutong ya Tsamaiso ya Agribusiness ke Jane McPherson



Jwalo ka bana re ne re rutilwe hore ‘taba e itseng ke namane e ka mpeng’, empa le ha ho le jwalo, hang feela ha o qeta ho kotula dijothollo tsa hao, e se e le tsa hao ruri. Jwale o lokela ho etsa qeto hore na o e tsamaisa hanghang kapa o ema hanyane le ho e boloka setorong ho fihlela ha diporeisi di phahama (kapa di theohang ha eba o le madimabe) – mona ke ha eba re nka hore mohlomong ha o na konteraka e mmarakang, eo hantlentle o tshwanetseng ho e hlompha.



Ke dintho dife tseo ke lokelang ho di nahana mabapi le ho boloka setorong?

Na polasing ke na le tse ka tshwarang thepa, tse hlwekisang hammoho le sebaka seo ho bolokwang ho sona?

Na ke tshwanela ho tsamaisa thepa ka ho otloloha ho tloha masimong (nakong ya kotulo) ho ya ho motho wa poraevete ya hlokometseng sesiu, molemi e mong, lelwaleng kapa mosebedisi e mong wa dihlahiswa tsa poone?

Ha eba poone e tshwanela ho bolokwa polasing kapa ke mohlokomedi wa mohwebi wa sesiu, ditshenyehelo tone ka nngwe ya tsena e tla ba bokae mabapi le poloko?

Na ditshenyehelo tsa poloko di tla tlisa tjhelete e ngata ha ho se ho lefilwe tswala le ditefello tse batlwang ke banka? (Bala mongolo o monyenyane konterakeng efe kapa efe eo ho kenwang ho yona mabapi le poloko (storage).

Ke diphetoho dife tse lebelletsweng mabapi le poreisi ya dijothollo?



Phethahatsa dintlha dife kapa dife tse saletseng morao mabapi le meralo ya mmaraka, ho ya ka, bonyane, phuputso ya beke le beke ya mmaraka mabapi le ditshekamelo tsa tlelaemete le diporeisi ha o se o buisane le moemedi wa hao wa boeletsi kapa moeletsi ho tsa mmaraka. 



Dintlha ke dife tse susumetsang poreisi ya poone Afrika Borwa?



Maemo a phepelo le tlhoko

Ha eba poone e teng Afrika Borwa e le e fetang e hlokwang (jwalo ka lemong sa 2004 le 2005) poreisi ya poone ya Safex e batla e hweba haufi haholo le tekano ya tse romellwang ka ntle.

Ha eba ho bonahala eka ho tla ba teng tlhoko ya poone Afrika Borwa (jwalo ka lemong sa 2006 le 2007) poreisi ya poone ya Safex e batla e hweba haufi le tekano ya tse kenang.



Diporeisi tsa matjhaba tsa poone

Poreisi ya matjhaba ya poone ke karolo e kgolokgolo moo ho shejwang diporeisi tsa tse kenang ho tswa ka ntle le tse tswang ho ya ka ntle.

Poreisi ya matjhaba ya poone e boetse e fetoha letsatsi le letsatsi ho latela maemo a matjhaba.

Phetoho poreising ya matjhaba e baka phetoho mehatong ya poreisi tsa tse kenang.

Diporeisi tsa tekanyo tsa poone ya USA le Argentina di sebediswa haholoholo e le selekanyetso sa poreisi ya poone ya Afrika Borwa.



Sekgahla sa phapanyetsano ya Ranta/US-dollar 

Ditjeo mabapi le tekano ya poreisi ya tse kenang le tse tswang, jwalo ka theko ya poone mmarakeng wa matjhaba (poreisi ya poone e lokolohileng ho bohle naheng e itseng), ditshenyehelo tsa tse jarwang metsing le inshorense ya thepa eo, e qotswa le ho lefuwa ka didolara tsa Amerika.

Ho fetolela ditjeo tsena diranteng tsa Afrika Borwa, ranta e tshwanetse ho atiswa ka sekgahla sa phapanyetsano sa ranta/US-dollar.

Ho fetoha ha letsatsi le letsatsi mabapi le sekgahla sa phapanyetsano ha Ranta/US-dollar ho tla boela ho baka phetoho diporeising tsa poone e kenang le e tswelang ka ntle ho naha. 

 

Ho behwa ha poreisi ya poone ya Afrika Borwa 



South African Futures Exchange (Safex)

Poone ya Afrika Borwa ho hwejwa ka yona letsatsi le letsatsi mmarakeng wa South African Futures Exchange (Safex), e leng karolo ya Johannesburg Stock Exchange (JSE).

Safex e ka hlaloswa e le mokgwa wa papatso wa elektronike moo bareki (mohlala, boramalwala) le barekisi (mohlala, bahlahisi ba poone) ba kgonang ho hlodisana ka ho reka kapa ho rekisa poone nakong e ikgethileng (kgwedi e itseng).

Mmaraka wa dihlahiswa tsa temo tsa Safex o etsa kgwebo letsatsi le letsatsi pakeng tsa 9 hoseng ho fihlela ka 12 motsheare.

Randfontein (Gauteng) ke ntlha eo ho ipapiswang le yona mabapi le poreisi ya poone.

Poreisi ya poone ya Safex, ka hoo, ke poreisi ya poone e iswang Randfontein.

Ha eba poone e iswa sesiung se seng ntle le Randfontein, ho tshwanetse ho etswa phetoho e itseng poreising ho lekanyetsa ditshenyehelo tsa makoloi a tsamaisang thepa eo ho tloha sesiung seo ho ya Randfontein hammoho le ditshenyehelo tse ding.



Poreisi ya mohlahisi ya poone 

Ho tseba poreisi e tshwanetseng ho fumanwa ke mohlahisi mabapi le poone ya hae, ha eba e iswa sesiung se ngodisitsweng sa Safex ho ena le Randfontein, ho tshwanetse ho etswa phokotso tse itseng poreising ya Safex.

Phokotso ya pele ke phapang ya sebaka (e leng ditshernyehelo tsa tsamaiso (makoloi) ho tloha sesiung se itseng ho ya Randfontein) e leng e phatlalatswang selemo le selemo ke Safex.

Ha eba poone e iswa sesiung sa bahwebi ba itseng, mohwebi wa temo (monga sesiu) o tla lefisa ba amehang tjhelete ya matsoho.

Ka tlwaelo lekgetho la mmaraka le tla lefuwa ke rakgwebo wa temo kapa khamphane ya kgwebo ha eba poone e sa rekisetswe ka ho otloloha ralelwala ya sebetsang ka poone (mohlala, poone e mmarakwa ke mohwebi wa temo lebitsong la molemi).

Ha eba poone e sa rekiswe ka ho otloloha hoba e tsamaiswe (ha eba e bolokwa setorong nakwana) ho tla boela ho etswe hlophiso ya ditshenyehelo tsa poloko setorong.



Poreisi eo ho fihlwang ho yona ya mohlahisi wa poone sesiung e ka akaretswa ka mokgwa o latelang:



Poreisi ya poone ya Safex
 

 
- Phapang ya sebaka
 

 
- Ditshenyehelo tsa matsoho
 

 
- Lekgetho la mmaraka
 

 
- Ditshenyehelo tsa poloko setorong
 

 
= Poreisi ya mohlahisi sesiung
 

 
 

Ho bohlokwa hore mohlahisi a utlwisise hore poreisi e tla ba ya mohlahisi ke poreisi e tlasetlase eo a ka e fumanang bakeng sa poone ya hae sesiung se itseng. Ka ho buisana ka ho otloloha le khamphane ya tshilo, bahwebi ba temo kapa khamphane tse ding tsa kgwebo, a ka nna a fumana poreisi e betere ho feta eo ho fihlwang ho yona ya mohlahisi.



Ruri ke taba ya bohlokwa hore mohlahisi a hopole hore ke yena monga dijothollo tsa poone – ke ya hao ho ka e rekisa, mme ha o sa kgotsofale ka poreisi, leka mawala ohle ho fumana poreisi e betere. Poreisi ya Safex ke poreisi e tlasetlase ruri eo o tshwanetseng ho ikemisetsa ho e amohela.



