Safety											Sesotho



Boipaballo bo tla pele



Instructions:

Folio Strap: Boipaballo

Byline: Tlhahisoleseding e fumanwe bukaneng ya tataiso ya Grain SA: Diterekere le disebediswa tsa polasing

Insert: Tlhokomediso



Jwalo ka beng ba diterekere le disebediswa, o tlamehile ho ela hloko nnete ya hore o jere boikarabelo ba mang kapa mangy a sebedisang disebediswa tsa hao. 



Re tlasa melao e fapaneng e mabapi le kganya, matlwana, ho kena ha moya, diaparo tse tshireletsang, tlhwekiso ya metjhine hammoho le taolo ya bao bohle ba sebetsang ka disebediswa tse kotsi. Maemo a sa baballehang hangata ke a kenyeleditseng:

Lebelo le phahameng haholo.

Tlhoko ya ho sebedisa diaparo tse tshireletsang.

Ho sothwa ha karolo tse itseng motjhine o ntse o matha.

Tlhoko ya tse tshireletsang motho.



Melawana ya boipaballo

Ke ena kakaretso ya melawana ya boipaballo ha ho sebediswa dithuluse:

Sebedisa thuluse e nepahetseng: se sebedise thuluse e nyane ho phetha mosebetsi wa e kgolo.

Hlokomela dithuluse hantle: Di boloke di leoditswe kapa di sothilwe ka nepo, mme o di hlwekise kgafetsa ka nako tsa teng. Etsa bonnete hore mehele e tiile hantle.

Sebedisa digalase tsa boipaballo tshebedisong ya dithuluse tse ngata. Hape sebedisa lesela le tshireletsang sefahleho ha eba mosebetsi wa ho kgaola o etsetswa leroleng.

Boloka ditshireletsi (guards) di le teng, di le boemong ba tshebetso.

Bana ba be hole le dithuluse: Baeti ba tlang moo ho sebetswang ba be holenyana le moo ho sebetswang teng.

Boloka sebaka sa tshebetso se hlwekile: Dibaka tse pitlahaneng hammoho le dibanka di mema dikotsi.

Boloka dithuluse tse sa sebedisweng: Ha di sa sebediswe, di tshwanetse ho bolokwa – di tlohe tseleng. Lokolla dithuluse tse sebetsang ka motlakase nakong eo di sa sebedisweng.

Apara diaparo tse nepahetseng: Aparo tse kgwehlang haholo di ka nna tsa tshwaswa ke metjhine e ntseng e matha.

Tshireletsa mosebetsi: Sebedisa di-clamp kapa vise ho tshwara ditshepe. Ho molemo ho ena le ho sebedisa matsoho a hao, mme a a lokoloha ha o sebedisa dithuluse.

Se ke wa qobella dithuluse: Di tla kgona ho phetha mosebetsi ka mokgwa oo di o etseditsweng ka teng.

Se ke wa lepella ho feta tekano: hata hantle ka leoto, o tsetse hantle ka nako tsohle.

Sebedisa di-wrenches – se ke wa sututsa. Ha eba o tlamehile ho sututsa, sebedisa karolo e morao ya seatla, me seatla se lokolohe. Hona ho tla baballa dinoko tsa hao.

Tshwarela dintlha tse motsu hole le mmele wa hao. Hona ho tla thibela ho lemala ha mohlomong thuluse e ka thella.

Hokela ‘earth’ dithuluse tse sebetsang ka motlakase. Sebedisa plug e metsu e meraro kapa adapter e nang le mohala o hoketsweng ho ‘earth’.

Eba sebakeng se nang le kganya e lekaneng le moya o lekaneng. Eba le bonnete ba hore dibaka tsa dibanka di kganya ho lekaneng le hore mosi o tswang (exhaust gas) o ntshetswa ka ntle ho sebaka sa tshebetso.

Eba malala-a-laotswe, kit ya thuso ya pele e be mona pela hao. Sebetsana le ho lemala hofe kapa hofe ho honyane hanghang ho thibela ho ata ha tshwaetso.



