Resources									Sesotho



Disebediswa – na o di sebedisa ka bohlale?



Instructions: 

Folio strap: Taolo

Byline: Tlhahiso-leseding e tswa bukatshupisong ya Taolo ya Temo le Kgwebo 



Tekanyetso le tshebediso e feletseng ya disebediswa tsohle tse fumanehang ho rapolasi, ke ntho e bohlokwa haholo bakeng sa katleho e kgolo boemong ba ditjhelete ba rapolasi e mong le e mong.



Disebediswa tsa bohlokwa tse fumanehang bakeng sa rapolasi di ka arolwa ka tsela e latelang:

Lefatshe le polasi – ho kenyeletswa le tshebediso ya lefatse, boleng ba lefatshe, thuo ya lefatshe le popeho ya taolo ya polasi.

Metsi le lefatshe le kopotsang metsi – ho kenyeletswa ditheko tsa metsi le tsa ho nosetsa, boleng ba metsi, maemo a lefatshe le kopotsang metsi le tshekamelo ya maemo ana.

Tsebo le tlhahiso – ho kenyeletswa kotulo le thuto ya kamoo diphoofolo di neeletsanang sebopeho ka teng, dipatlisiso le ntshetsopele, bayothekenoloji temong le kgolo tlhahisong e tiileng ya dihlahiswa.

Taolo ya tlhahiso ya temo – e kenyang taolo ya kgwebo ya polasi, taolo le poloko ya mobu, mokgwa wa taolo ya sesenyi, mokgwa wa taolo ya phepo, mokgwa wa tlhahiso ya diphoofolo le tikoloho, taolo ya nosetso, taolo ya thekenoloji ya tlhahisoleseding le mekgwa ya tlhahiso e tsamaisanang le mekgwa e lokileng ya poloko. 

Lebaka le leng le bohlokwa le ka nkwang e le karolo ya taolo ke thekiso – ntle le mmaraka moo ditlhahiso di ka rekiswang teng ; ha ho na lebaka la ho di hlahisa. 



Le ha mabaka ana kaofela e le a nyallanang hantle le kgwebo ya temo e nang le katleho le boikemelo, atekele ena e tla tsepamisa maikutlo ho tekanyetso ya bokgoni ba lefatshe le taolo ya lefatshe jwaloka sesebediswa se beang peo bakeng sa ho bopa kgwebo e nang le poello le boikemelo. Mabaka ana a mang kaofela a lokela ho hopolwa kamehla nakong eo ho sebetsanwang le ditlwaelo tsa sebopeho sa tlhahiso, tse tla lekanya ditshenyehelo tse amanang le tlhahiso ka ho otloloha, le tse sa fetolweng ke tlhahiso, tse hlokahalang ha ho ralwa kabo ya ditjhelete mohlophollong wa moedi wa kgwebo ya hao ya temo. 



Lefatshe

Lefatshe le hara disebediswa tse bohlokwa ka ho fetisisa tsa naha e nngwe le e nngwe. Diqeto hodima tshebediso ya lefatshe di etswa letsatsi le leng le le leng ke balaodi ba dipolasi di itshetlehile hodima maemo a mebaraka, mananeo a mmuso le sebopeho se ikgethang sa lefatshe leo.



Tshebediso ya lefatshe e kgolo dibakeng tse hlalositsweng tse kantle ho ditoropo le dibaka tsa ntshetsopele ya diindaseteri ka leihlo la temo ke tse latelang:

Makgulo a tlhaho; 

Makgulo a lenngweng le meru; le 

Lefatshe leo ho kotulwang ho lona, ho kenyeletswa le 

Lefatshe le nwesetswang ; le 

Le sa nwesetsweng. 

 

Dibaka tse sebedisetswang thotho ya mahaeng, dipaka tsa naheng le diphoofolo tse hlaha, tshireletso le tshebediso bakeng sa diindaseteri, matlo a polasing, ditsela tsa polasing le ditoropo tsa mahaeng le tsona di a kenyeletswa. Tekatekanyo ya lefatshe e abelwa lefatshe le kopotsang, mekgwabo, mehlaka, dinoka, matamo, mafika a se nang dimela le dibaka tsa mahwatata. 



Dibaka tsa lefatshe le kopotsang di a hlokahala hobane di: 

Fana ka lehae ho dihlapi le diphoofolo tse hlaha; 

Boloka boleng ba metsi; 

Di bapala karolo ya setshireletso nakong ya tshenyo ya dikgohola; 

Di fana ka dibaka tse bulehileng le dibaka tsa boithabiso kapa tsa phomolo; le 

Hodisa phapano ya diphoofolo tse hlaha. 



Borapolasi ba Afrika Borwa ba ka sebedisa disebediswa tsena ka ho fana ka monyetla wa ho tshwasa dihlapi le ho tsoma ho bahahlaudi, mme ka ho etsa jwalo ba tla be ba hlahisa kuno e sa amaneng le tlhahiso. Disebediswa tse abelwang lefatshe di tiiswa ke dipoello ho tshebediso tse fapaneng mme di ka fetolwa ho latela boleng ba lefatshe le sebaka seo lefatshe le leng ho sona. 



Lefatshe la polasi

Lefatshe la polasi e beang haholo kapa e hlahisang ho feta, le hlaloswa ke motho e le lefatshe le nang le kopanyo e hodimo ya phapantsho ya sebopeho le dikhemikale bakeng sa ho hlahisa dijo, dijo tsa diphoofolo, tshwele ya dipere le dikgomo le peo ya oli.



Lefatshe le lokela ho ba sebakeng seo mobu wa teng o nang le boleng, sehla sa ho lema le phepelo ya mongobo tse hlokahalang ho hlahisa tlhahiso e ikemetseng ya dijalo ha e tshwarwa le ho laolwa, ho sebediswa mekgwa ya ho lema e amohelehang, ho kenyeletswa taolo ya metsi le mekgwa ya poloko.



Lefatshe la polasi le nang le boleng:

Le na le phepelo ya metsi e lekaneng le e tshepahalang ho tswa puleng kapa nosetsong; 

Le na le temperetjha le sehla sa temo tse lokileng; 

Le na le esiti le alekaline tse lekaneng; 

Le na le letswai le sodiamo tse lekaneng; 

Le na le le mafika a manyenyane kapa ha e na ona ho hang; le 

Leo ho lona metsi le moya di kgonang ho feta habobebe.



Lefatshe la polasi le nang le boleng ha le: 

Na kgoholeho e fetang tekano; 

Loele ka metsing nako e telele; 

Hlaselwe ke dikgohola kgafetsa; kapa

Le tshireletsehile dikgoholeng. 



Tlhahiso ho tswa lefatsheng la polasi ya boemo bo hodimo e ka kenya dihlahiswa tsa dijalo tse kang, poone, mabela, koro, habore, sonobolomo, khanola, dinawa tsa soya, kwae, meroho, dihlahiswa tsa kgodisetsong ya dimela, tshwele le diruuwa, dihlahiswa tsa nama ya kgomo, tsa lebese la kgomo, dinku, dipodi, dikgoho le tsa diphoofolo tse hlaha. Mekgwa e mengata e sebediswang ha ho hlahiswa e le nngwe kapa tse mmalwa tsa dijalo ka phapantsho, tshebedisanong mmoho le mekgwa ya diruuwa e thehilweng hodima thlahiso ya dijo dibakeng tse kgolo kapa dibakeng tse itseng feela, di nnile tsa kenywa tshebetsong ke bo rapolasi hohle lefatsheng.



Tshebediso e fetohang ya lefatshe e ka ama tikoloho le boikemelo ba tlhahiso. Ka nako tse ding kamo ena ya tikoloho e ka tlisang kgoholeho, ya fetola boleng ba metsi le mahae a diphoofolo, ha e bontshwe nakong eo rapolasi a iphumanelang poello ya hae mme mosebedisi wa lefatshe a ka tshwenyeha haholo ka pokotho ya hae ho ena le hore a tshwenyehe ka tshebediso ya lefatshe e tlisang boikemelo. Kgetho ya tshebediso ya lefatshe e lokileng bakeng sa motho a le mong ha e bolele hore e lokile bakeng sa setjhaba.



Motho ya nang lefatshe mme a batla ho fumana poello e hodimo o tla aba lefatshe ho ya ka hore le mo tlisetsa kuno e hodimodimo e lebeletsweng ya ekhonomi na.



