Rainfall (Maize) (415 Words)								SESOTHO	

Pula le dipaterone tsa phofudi

Instructions:

Folio Strap: Keketso ya Boleng

Byline: Ditaba tsena di nkilwe bukaneng ya tataiso ya Tlhahiso ya Poone moo ho Nosetswang

Photos: Setshwantsho 1.1 Palohare ya pula ya selemo ho ya ka mm/selemo.

		 Setshwantsho 1.2 Palohare ya phofudi ya selemo ho ya ka mm/selemo.



Mongobo ke ntlha e bohlokwa ka ho fetisisa e tshwaetsang tlhahiso ya dijothollo. Lebatowa ka leng le na le palohare e ngotsweng fatshe ya pula. Palohare ena ya pula e tla bontsha ka ho hlaka hore ke dijothollo dife tse ka lengwang lebatoweng le itseng tlasa maemo a mobu o ommeng kapa o fumanang pula e ngata. Moo ho nosetsa ho kgonahalang teng, dintlha tse ding tsa tlelaemete di boela di eba bohlokwa ka ha ditlhoko tsa metsi di kgona ho laolwa ka ho nosetsa.

Ke taba e tshwanetseng ho hopolwa hore le hoja pula e kaalo e ka na, ha se metsi metsi kaofela a ka sebediswang ke semela. Ha pula e na ka potlako, ho phalla ha metsi ho a eketseha. Ha mobu o le motheong, ho phalla ho a eketseha. Ho itshetlehilwe ka mokgwa wa ho phetholwa ha mobu, mobu o ka nna wa ba le lekgapetla le thata, le tla thibela ho monngwa ha metsi. Ha mobu o se na letho la dimela kapa mahlaku hodima ona, tahlehelo ya metsi ka mokgwa wa phofudi (evaporation) le yona e tla eketseha. Mofuta wa mobu o boetse o tshwaetsa bongata ba metsi a ka bolokwang mobung, mme boteng ba mahola masimong bo ka nna ba sebedisa mongobo wa mobu, e leng bo etsang hore a se fihlellwe ke dijothollo. Palohare ya pula le phofudi ya selemo Afrika Borwa e bontshwa setshwantsong sa 1.1 le sa 1.2 (DWAF, 1986).

Karolo e ka nyane ho 20% ya bokahodimo ba Afrika Borwa ya dikwere kilomithara tse milione tse 1,05 ke ya tlelaemete ya mongobo o mahareng wa palohare ya pula e fetang 750mm ka selemo le palohare ya phofudi e ka tlase ho 1 400 mm ka selemo – e leng se ka tadingwang e le maemo a matle a ho hola ha dimela le tlhahiso ya dijothollo.

Mabatowa a pula e fetang 500 mm ka selemo le phofudi e tlasa 1 800 mm ka selemo a kenyeletsa dibaka tse mahareng tsa highveld, lebatowa le ka botjhabela pela lewatle hammoho le lebatowa la pula ya mariha. Ho nosetswa ha mefuta e mengata e fapaneng ya dijothollo hammoho le temo ya dibaka tse ommeng, haholoholo poone, mmoba le koro, ka kakaretso ho etsahala mabatoweng ana. Karolo yohle e setseng ya naha eo ka kakaretso e leng ya tlelaemete e futhumetseng, e batlang e omme ho isa ho e ommeng, ya pula e mahareng, e nang le ditlhoko tse tlase ho 50% tsa tahlehelophofudi ya dijothollo, e loketse kgolo e ntle le tlhahiso e ntle ka ho fetisisa. Ka baka lena, ho nosetsa ho bohlokwa mabapi le makgulo, difate tsa ditholwana le temo ya dijothollo mabatoweng ana.



Setshwantsho 1.1: Palohare ya pula ya selemo ho ya ka mm/selemo



Setshwantsho 1.2: Palohare ya phofudi ya selemo ho ya ka mm/selemo



