

Pula 										SESOTHO



Puisano ka Pula/Imvula



Instructions:

Folio Strap: Lenaneo la ntshetsopele ya molemi

Byline: Jane McPherson, manejara wa Lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi



Lenaneo la Ntshetsopele ya Molemi le bua ka ditaba tsa bohlokwa ho molemi, tse fuperweng kgwedi le kgwedi ke Pula/Imvula.



Dikopi tse 18 000 tsa Pula/Imvula di phatlalatswa kgwedi le kgwedi ka dipuo tse supileng – Senyesemane, Afrikaans, Sesotho, Setswana, Sesotho sa leboya, Sezulu le Sexhotsa. Kgwedi le kgwedi, Pula/Imvula e na le maqephe a robedi a tsheheditsweng ka ditjhelete ke ba Maize Trust. Ba Winter Cereals Trust ba na le tlatsetso ya maqephe a mane a hatiswang ka Sesotho kgweding tsa Hlakubele, Phupjane, Loetse le Tshitwe. Ha e le OPOT yona e na le tlatsetso ya maqephe a mane a hatiswang ka dipuo tsohle (ntle le Sexhotsa) kgweding tsa Pherekgong, Mmesa, Phupu le Mphalane.



Re etsa boiteko bohle ho kenyelletsa ditaba tse bohlokwa ho molemi mabapi le kgwedi e itseng. Ditaba tsena kaofela ke tse shebaneng le masimo, temo, mekgwa ya tlhahiso, mmaraka, metjhine le tsamaiso ya mosebetsi.



Diteboho tsa rona di lebiswa ho ba tshehetsang ka ditjhelete mabapi le monyetla oo ba re fang ona wa ho kenya letsoho ntshetsopeleng ya temo le ho tlisa diphetoho lefapheng la temo. 













