Prys										Sesotho

Re hetla morao thekong ya 2007 ya koro



Instruksies:

Sakkie van Zyl, setsebi ho tsa ikonomi: Diphuputso tsa mmaraka, Phepelo ya Disebediswa, Grain SA

Ditheko tsa koro ya matjhaba le ya Safex

Letsatsi

Koro ya Safex

Ditjeho tsa ho tsamaisa thepa ho ya RSA

Argentina ho ya Afrika Borwa

USA gulf ho ya Afrika Borwa

Mafelo a beke



Ho boima ho dumela hore theko ya Safex ya koro mabapi le Hlakola 2007 e ne e sa ntse e le mohatong o tlasa R1 880/tone hoba e nyolohele sehlohlolong sa R3 460/tone ka la 18 Loetse.



Le hoja ho phahama ha theko ho ne ho tshepisa, leihlong la mohlahisi wa dijothollo, bahlahisi ba unneng molemo ho phahameng ha theko (le sehlohlolo) e bile bao feela ba ileng ba boloka tse ding tsa dijothollo tsa bona tsa 2006/2007, kapa bao ba ileng ba nka maemo a nako e telele ho Safex. Ka bomadimabe, ka papiso ke bahlahisi ba seng bakae ba kgonang ho boloka dijothollo tsa bona nako e telele ka mora kotulo, mme ebe ba shebana le kotsi ya ditheko tse theohileng. Bahlahisi ba ka botsa, baeletsi ba ne ba le hokae? Hobaneng ha bahlahisi ba sa ka ba fuwa keletso e molemo?



Ka bomadimabe, keletso e ntle ka ho fetisisa e leng teng nakong efe kapa efe ha se yona feela ntlha e ka nnetefatsang qeto mabapi le mmaraka. Ho sa le teng tse ngata, tseo hara tsona maemo a lehodimo e leng e nngwe ya tsona, e nang le seabo ho fetofetoheng ha ditheko, eo hape e ke keng ya porofetwa ka botlalo. 



Theibole ya 1 e bontsha theko ya koro lefatsheng ha esale ho thloha ka 2005, ho kenyeleditswe ditekanyetso mabapi le tlhahiso ya lefatshe ya sehla sa 2007, e leng tse entsweng mafelong a Hlakola, hammoho le ditekanyetso tsa moraorao tsa nako e tlang. Tlhahiso ya lefatshe mabapi le sehla sa 2007 e lekanyetswa ho ditone tse dimilione tse 623,7 ka baka la sebaka se lebelletsweng, se eketsehileng, se lokelang ho jalwa, seo kuno ya sona e lebelletsweng ho kgutlela setlwaeding. Ha eba ditekanyetso tsena di ne di fihlelletswe, ho ka be ho bile ditone tsa dimilione tse 33,5 ho feta (6,7%) tsa koro e leng teng mmarakeng mabapi le sehla sa 2006. Ka tshebediso ya lefatshe ya ditone tse ka etsang dimilione tse 620, ho ka be ho ile ha eba teng koro e ngata ho feta e lekaneng mmarakeng ho kgotsofatsa ditlhoko.





Theibole 1: Tlhahiso ya koro lefatshe ka bophara (dimilione tsa ditone) 


 
2005
 
2006
 
2007
 
2007
 
2007
 

 

 

 

 
Hlakola
 
Hlakola
 
Loetse vs Hlakola
 

 
Dinaha tsa bohlokwa tse romellang ka ntle
 

 

 

 

 

 

 
Argentina
 
 12,6
 
 14,2
 
 14
 
14,5
 
 0,5
 

 
Australia
 
 25,4
 
 9,8
 
 21
 
13,5
 
 -7,5
 

 
Canada
 
 26,8
 
 25,3
 
 25
 
20,5
 
 -4,5
 

 
European Union
 
 122,7
 
125,3
 
137,5
 
121,7
 
-15,8
 

 
USA
 
 57,3
 
 49,3
 
 56
 
57,5
 
 1,5
 

 
Dinaha tse ding tsa bohlokwa
 

 

 

 

 

 

 
China
 
 97,5
 
 104,5
 
 100
 
107
 
 7
 

 
India
 
 68,6
 
 69,4
 
 74
 
74,9
 
 0,9
 

 
Pakistan
 
 21,7
 
 21,7
 
 22
 
23,3
 
 1,3
 

 
Kazakstan
 
 11
 
 12,5
 
 12,5
 
14,5
 
 2
 

 
Russia
 
 47,6
 
 44,9
 
 48
 
46
 
 -2
 

 
Ukraine
 
 18,7
 
 13,8
 
 16,7
 
13,7
 
 -2,8
 

 
Kaofela lefatsheng
 
620,3
 
 590,2
 
 623,7
 
601,4
 
-22,3
 

 
Mohlodi: Lekgotla la Matjhaba la Dijothollo.



Ka baka la maemo a seng matle a lehodimo, dinaha tse fapaneng, tsa bohlokwa, tsa tlhahiso ya koro, di ile tsa theola ditekanyetso tsa tsona tsa dijothollo makgetlo a mmalwa nakong ya sehla sa 2007, le mafelong a Loetse 2007. Tekanyetso mabapi le tlhahiso e bile ditone tsa dimilione tse 601,4. Sena se bile ditone tsa dimilione tse 22,3 ka tlase ho ditekanyetso tsa Hlakola 2007 – sena se qetelletse ka keketseho e kgolo ya theko ya koro matjhabeng. 



Kerafo ya 1: Kgwedi e haufiufi ya konteraka ya Safex, hammoho le theko (eo ditshenyehelo tsa transeporoto di lefshwang ke moreki) mabapi le koro ya Argentina le hard red wheat ya USA (Ka didolara tsa Amerika tone ka nngwe).

Spirce: Lekgotla la Matjhaba la Dijothollo, le pokello ya dintlha (data base) ya Safex le Grain SA. 



Theko ya koro ya Argentina e ne e hweba ka $177 tone ka nngwe nakong ya Hlakola 2007, mme hamorao e se e eketsehile ho ya ho $355 tone ka nngwe (Kerafo 1). Hona ke keketseho ya $158 tone ka nngwe kapa 89% le hoja ho ena le keketseho e nyane a dijothollo tsa Argentina ha esale ho tloha ka ditekanyetso tse tadimetsweng pele tsa Hlakola. Theko e sa kenyeletseng transeporoto ya USA hard red wheat motjhophorong wa Gulf, e bontshitse tshekamelo e ntseng e tshwana le hoja keketseho ya ditone tse dimilione tse 1,5 dithollong tsa koro ya Amerika e bile teng ha esale ho tloha qetellong ya Hlakola (Theibole ya 1).



Ka baka la maemo a seng matle Australia, Canada le Yunioneng ya Yuropo, dijothollo di ile tsa fokotseha ka sekgahla, mme sena se qetelletse ka phokotseho e kgolo pokellong ya koro ya lefatshe ka 2007 – sena se boetse se tlisitse kgatello thekong ho phahama mmarakeng wa matjhaba.



Kerafo ya 1 e bontsha hore theko ya Safex (mabapi le kgwedi e haufiufi), jwalo ka ha e hlahiswa ka $ tone ka nngwe, e ile ya latela theko ya koro ya matjhaba selemong sa 2007. Ho tloha ka Hlakola 2007, theko ya Safex e se e eketsehile ka ho ka etsang $200 tone ka nngwe, papisong le keketseho ya $158 tone ka nngwe bakeng sa koro ya Argentina hammoho le keketseho ya $143 tone ka nngwe bakeng sa koro ya hard red wheat ya USA. 



Keketseho e kgolwanyane thekong ya koro ya selehae ka didolara papisong le theko ya matjhaba, e ka hlaloswa haholoholo ke keketseho ditjehong tsa tsamaiso kapa transeporoto. Ka Hlakola 2007 e bile ditjeho tse ka mathelang ho $43 tone ka nngwe ho tsamaisa koro ka sekepe ho tloha Argentina ho ya Afrika Borwa, le $48 tone ke nngwe ho tloha motjhophorong wa Gulf ho ya Afrika Borwa. Ka baka la tlhoko e ntseng e hola transeporoto, ditjeho di batla di menahane selemong sena. Ditjeho hajwale lebatoweng di ka ba mane ho $73 tone ka nngwe ho tsamaisa koro ho tloha Argentina, le $88 tone ka nngwe ho tsamaisa koro ho ya Afrika Borwa ho tloha dikoung motjhophorong wa Gulf (Kerafo ya 2). Ka R6,85/$, keketseho ditjehong tsa tsamaiso ha esale ho tloha ka Hlakola 2007 e leng R219 tone ka nngwe.



Kerafo ya 2: Ditjeho tsa tsamaiso ho ya Afrika Borwa (ka $ tsa US/tone)

Mohlodi: Lekgotla la Dijothollo la Matjhaba



Qetellong

Tlhahiso e fokotsehileng, e lebelletsweng, ya koro ya lefatshe, e bile le seabo sa bohlokwa keketsehong ya theko ya koro ya matjhaba, mme hobane Afrika Borwa e tlamehile ho romellwa ho tswa ka ntle borarobonngweng ba ditlhoko tsa selehae, keketseho thekong ya matjhaba e kgannetse keketsehong ya theko ya Afrika Borwa. Ditjeho tse eketsehileng tsa tsamaiso di boetse tsa eketsa kgatello thekong ya selehae ka ha e kgannetse keketsehong ya ditjeho mabapi le tse romellwang ho tswa ka ntle. Keketseho thekong ya matjhaba e nnetefaditse hape seabo sa setonanahadi sa maemo a lehodimo dithekong tsa dihlahiswa tsa temo. Mme jwalo ka ha le rona re tseba, ho boima ho ka tseba seo Tlhaho e tla se etsa.

