Protecting (Maize) 								SESOTHO



Tshireletso ya mehlodi ya tlhaho – ho kupetswa ha mobu le kgoholeho



Instructions:

Folio Strap: Paballo ya mobu

Byline: Jane McPherson, manejara wa Lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi

Photos: Mulches: Ho kwahela ka mahlaku le majwang ke setshireletsi se behwang ho potoloha dimela ho thibela tahlehelo ya mongobo, ho hwama ha metso le ho hola ha mahola.



Pula le marothodi a pula mobung o hlobotseng, hammoho le se ka etswang ho fokotsa tshenyo e bakwang ke pula tse matla, ke taba e bohlokwahlokwa ho molemi. 



Ho Pula Imvula ya Hlakola re ile ra shebana le tshireletso ya mobu o ka hodimo, mme ra supa ditholwana tsa kgoholeho ya mobu hammoho le mefuta ya kgoholeho. Lengolong lena re hlalosa ditlamorao tsa pula mobung o hlobotseng hammoho le tsa tse tshireletsang mobu.



Ho qaphatsa ha marothodi a metsi

Karolo ya matla (eneji) a metsi e sebediswa ho thuha mobu le ho otlanya dikarolwana tsa mobu ka mahlakoreng ohle. Mobung o leng motsitseng, mobu o otlanngwa ka mahlakoreng ohle ka ho lekana, mme ke mobu o monyane haholo o lahlehang; empa moo mobu o leng sebakeng se tshekalletseng teng, mobu o mongata o tla otlanngwa haholo ho feta moo e leng moepa. Ka hoo, moo ho tshekalletseng, mobu o tla theohela tlase butlebutle, mme qetellong o tla be o le thoko le moo o neng o le teng pele. 



Kamano e haufiufi e teng pakeng tsa sekgahla sa metsi a pula le kgoholeho. Ke nnete e tsebahalang hore boholo ba tshenyo ya kgoholeho (50% ho isa ho 80%) bo bakwa ke sekgahla se phahameng haholo sa merwallo ya metsi ka nako tse itseng mabatoweng a dipula tsa hlabula.



Tshwaetso ya boholo ba ho tshekalla

Ha ho tshekalla ho eketseha, le kgoholeho e a eketseha, ka ha:

Ho qaphatseha ha marothodi a pula ho hongata motshekallong.

Metsi a mangata a imathela feela moo ho tshekalletseng.

Ho matha ha metsi ho a potlaka.



Meedi ya ho tshekalla

Ho tshekalla ho matla haholo hammoho le mekgwa ya tsamaiso di tla sitisa dijothollo tse ka lengwang setsheng se itseng, ha eba kgoholeho ya mobu e tshwanetse ho ba ka hara meedi e itseng. Meedi ena e itshetlehile haholo ho hoholeng ha metsi le ho hoholweng ha mobu lebatoweng le itseng. Mona ho latela mehlala ya meedi e ka amehang lebatoweng le itseng:

Masimo kaofela a lenngweng a tshekalletseng ho feta 3% a tshwanetse ho tshireletswa ka mobu o phahamisitsweng dikarolong tse ka thoko tsa masimo (contours) hore metsi a sa hlokahaleng a tlohe masimong.

Dijothollo tse jetsweng ka mela di ka lengwa feela moo ho tshekalla ho sa feteng 10%.

Dijothollo tse nyane di ka lengwa metheong e ka tlasa 15%.

Makgulo a ho fudisa a ka dumellwa feela ho tshekalleng ho tlasa 30%.

Ho tshekalla ho fetang 30% ho ka sebedisetswa meru le tshireletso ya tse hlaha.



Boteng ba dimela ke sesebediswa se matla kgahlanong le kgoholeho e bakwang ke pula. Seabo se matla sa dimela kgoholehong e bakwang ke pula ke ho iketsa samporele, ka mantswe a mang, ke bokgoni ba dimela ho thiba marothodi a pula pele a fihla mobung. Marothodi a pula a welang hodima mahlaku le dikutu a lahlehelwa ke boholo ba eneji (matla) ka ho otlana, mme ebe a fetoha marothodi a manyane a welang mobung ka sekgahla le eneji e fokotsehileng, kapa a theoha jwalo le dikutu tsa dimela ho fihlela a fihla mobung a saletswe ke eneji e fokolang haholo.



Mahlaku le ditlamatlama tse kwahelang di sebetsa ka mokgwa o hlwahlwa ho feta samporele hobane di kena dipakeng tsa marothodi a pula haufi le mobu, e leng se thibelang marothodi ho boela a eba le lebelo. Mahlaku ana le ditlamatlama tsena di boetse di sitisa ho matha ha metsi hodima mobu, e leng se fokotsang lebelo le tsamaisa tse hoholwang. Le ha mahlaku ana le ditlamatlama tsena di sa kwahele mobu ka hohlehohle, hona e ka ba mokgwa o hlwahlwa wa ho ntshetsa pele mokgwa wa ho tshireletsa jwalo ka samporele. 



Setshireletsi sena sa tlhaho e ka ba lehlaka, mahlaku, dikutu, phofo ya patsi kapa patsi e adilweng hodima masimo. Temong, masalla a dijothollo le ona a ka sebediswa ka katleho.



Tshwaetso ya setshireletsi sa mobu 

Bohlwahlwa ba setshireletsi sa mobu thibelong ya kgoholeho bo eketseha ka ho kgema mmoho le bongata ba setshireletsi sa mobu. Se kgahlanong le sena e ntse e le nnete – bongata ba kgoholeho ya mobu bo kgema mmoho le bongata ba mobu o tsotseng feela.



Masalla a dijothollo a tshwanetse ho tlhohelwa hodima mobu, ntle le ha eba mabaka a le teng a kgannang hore sena se se etswe, mohlala, malwetse a dimela, tahlehelo ya nitrojene ka baka la ho bola ha dimela, tlhokeho ya hore ho lengwe, ho jalwe, phediso ya lehola, jj. Ho boetse ho teng mokgwa o tlwaelehileng Afrika Borwa wa ho sebedisa masalla a dijothollo e le dijo tsa diphoofolo.



Ho ya ka moo mathata a temo a amehang ka teng, ho teng disebediswa tse lemang le ho jala ntle le ho tshwenyana le ditshireletsi tsa mobu. 



Mabapi le dijothollo tsa mela, ho lema le ho phethola ho ka fella meleng e jetsweng, mme yaba dibaka tse pakeng tsa mela di sielwa ditshireletsi tsena tse boletsweng ka hodimo. Mahola a ka laolwa ka dikhemikhale. 

