Profile (Maize)										Sesotho
Ako tsebe… Xolile Dasheka
Instructions:
Folio strap: Tlhalosokgutshwanyane
Byline: Johan Kriel, mohokahanyi wa provense wa Lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi
Photo: Use pic of Xolile
Xolile Dasheka o hlahetse polasing, seterekeng sa Petrusburg. Ntatae e bile mosebeletsi polasing, mmae e le mosebeletsi wa lapeng. Xolile o na le degree ho tsa Tsamaiso le Boetapele hammoho le Diploma ho tsa Tsamaiso Dikamanong tsa Mosebetsi. O ile a reka polasi, Lemoenkloof, seterekeng sa Jagersfontein ka 2006 ka kadimo ya tjhelete ho ba Land Bank. Polasi ya hae ke ya boholo ba dihekthara tse 1 134, mme hekthara tse 145 tsa yona ke tse lengwang, tse 989 ke makgulo a ho fudisa. Xolile ke sehwai sa poone, nama ya kgomo, dikolobe, dikgoho le meroho.
O tshehetsa jwang dijothollo ka ditjhelete?
Dihleng tse pedi tse fetileng, ha ke a ka ka rekisa dijothollo tseo ke di hlahisitseng. Ke di sebedisitse ho tlatsetsa mehlapeng ya ka. Ke sebedisitse e nngwe ya phaello ya ka tlhahisong ya selemo se hlahlamang. Ka baka la ditjeo tse phahamang , ke tla leka ho etsa kadimo ho ba Land Bank.
O bona jwang taba ya tjhelete temong?
Molemi o lokela ho ba ntho tsohle, mohlala, o lokela ho ba setsebi ditjheleteng, setsebi sa ikonomi, morekisi, le tse ding. Phaello tlhahisong ya dijothollo e nyane haholo. Re hloka setjhaba hore se be le botshepehi moleming wa Afrika Borwa, le ho reka dihlahiswa tsa selehae. Ditjeo tsa tse sebediswang mobung, tse kang diesel le manyolo, di a re bolaya ka theko. Temo ha se mosebetsi o ka nkuwang ke motho e motjha e motsho; batjha bana ha ba bone bokamoso mosebetsing ona. Haeba ditjeo le tse kenang di etswa ka ntle di sa laolwe, ke moo ho kenang tlhodisano ya leeme kgahlanong le thepa e tshehetswang ka ditjhelete ke mmuso e tla putlamisa molemi wa Afrika Borwa.
Tse kenang di etswa ka ntle o di fumana hokae?
Ke reka ho baemedi ba tsa thekiso ba tswang dikhamphaneng tsa phepelo, hoba ke bapise dithekiso tsa bona hammoho le ditshebeletso tsa thekiso tseo ba fanang ka tsona.
Thuso ya Mmuso ke efe temong, mme mmuso o e phethahatsa jwang?
Mmuso o tshwanetse ho hlokomela balemi. Balemi ba fana ka mesebetsi le botsitso dibakeng tsa mahae/mapolasing. Sheba masimo kapa mobu oo mmuso o o fang balemi ba ntseng ba thuthuha, le tshehetso eo ba e fuwang hore ba atlehe ka ho fuwa tshehetso ya ditjhelete le disebediswa tsa ho sebetsa. Tataiso ya dihwai tsa kgwebo e tshwanetse ho kgothaletswa. Lefa tjhelete e ntle, mme o fumane thuso moo e hlokahalang. Mmuso o leka haholo, empa ha o atlehe nakong ya jwale. 
O ka re katleho ya hao e tliswa ke dife?
Nnete ya hore ke ile ka kgona ho etsa phapang ke yona e nthusitseng. Mehlape e o fa botsitso le tjhelete letsohong. Ke thusitswe haholo ke ho ba le dikolobe le dikgoho hore ke kgone ho lefa melato ya ka kgwedi le kgwedi. Ke na le mobu o monyane wa dihekthara tse ka bang 3 tseo ke di nosetsang. Ke lema meroho hore ke fumane tjhelete e kenang kapele. Hobane ke le molemi wa nakwana, ya nang le mosebetsi o tsitsitseng, le yona e a thusa. Haeba temo e ka ba le phaello e kgolwanyane, ke tla ba molemi wa nako tsohle.
Ke dife tse tshosang tswelopele le katleho ya hao?
Ke na le letswalo la hore ho se tsitse ha dipolotike, botlokotsebe le dipuo tse hlokang boikarabelo (mepoto), tse hlahellang diradiong, dithelebisheneng le dikoranteng, di tla beha katleho ya ka ka mosing. Phaello ke ntlha ya bohlokwa.
Ke ntlha efe eo o ratang ho e ntlafatsa temong?
Ke rata ho ba le tsebohadi tokisong ya mobu, paballo ya metsi le thuo/tlhokomelo ya diphoofolo. Ke boetse ke rata thupello ya basebeletsi ba ka.
Maqheka a bophelo ke afe lemong sena?
Ke rata ho ba le bonnete hore botsitso le tshehetso di dula di le teng. Grain SA hammoho le sehlopha sa ka sa boithuto ke dintho tse nthusang. Ke boetse ke rata ho eketsa mehlape ya ka, dikgomo tsa nama. Haeba botlokotsebe bo ka mpha sebaka, nka lakatsa ho simolla ka kgwebo ya dinku.
