Production									Sesotho



Tlhahiso ya koro – ena ke nako ya bohlokwa ya selemo



Instructions:

Folio Strap: Tlhahiso ya koro

Byline: Jane McPherson, manejara wa Lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi 



Foreisetata Botjhabela e wela lebatoweng la pula tsa hlabula, mme boholo ba koro e hlahiswang lebatoweng lena ke koro ya sebaka sa komello, koro ya mariha. Ena e ka tadimeha e le taba e makatsang – hobaneng ha motho a tla lema sejothollo sa mariha lebatoweng la pula tsa hlabula, mme hape, sejothollo se fumana mongobo wa sona hokae?



Mona he, ke moo katleho tlhahisong ya koro e bonahalang teng Foreisetata Botjhabela – paballo ya mongobo wa mobu, kapa seo ka nako e nngwe se bitswang ‘kotulo ya metsi’.



Sephiri ke ho boloka metsi mobung

Mobu o na le bokgoni ba ho boloka metsi dikgeong tse nyane pakeng tsa dikarolwana tsa mobu. Metsi a tshwanetseng ho bolokwa mobung ke metsi a pula e nang haholo nakong ya hwetla le ya selemo. Ha dijothollo tsa nako e fetileng di se di kotutswe, ho a hlokahala ho nolofatsa mobu hore pula e nang e kgone ho thopothela le ho bolokelwa dijothollo tse hlahlamang. Ka bomadimabe, ka ho lokolla le ho phethola mobu, dipeo tsa mahola le dijothollo tse senyehileng tsa kotulo ya nako e fetileng di kopana le mobu o leswe, ebe moo di melang.



Mahola afe kapa afe a melang masimong a lokiseditsweng ho lengwa koro, ke dira tsa dijothollo tse hlahlamang ka ha a nka mongobo o tshwanetseng ho bolokelwa dijothollo tse hlahlamang, mme a boetse a sebedisa menontsha e tshwanetseng ho sebediswa ke dijothollo tse hlahlamang. Ka baka lena, ke taba ya bohlokwa hore ho se dumellwe eng kapa eng ho mela masimong ho fihlela koro e hlahlamang e jalwa (hangata pakeng tsa Mmesa le Phupu), le teng ho laolwa ke sebaka (lebatowa), ho fapafapana le bolelele ba nako e fetileng eo ho sa kang ha etswa letho masimong).



Mahola a dula e le phephetso le bonnete

Mohlahisi a ka sebedisa mekgwa ya sejwalejwale ho sebetsana le mobu le ho laola mahola. Ena ha esale e le tlwaelo ya dilemo tse fetileng tse 50 – masimo a phetholwa ka papetlanatjhitja (disk) ka mora hoba dijothollo tse fetileng di kotulwe, mme ebe moo ho latelang disebediswa tsa thaene hore mobu o dule o se na mahola nakong yohle ya hlabula ha masimo a tlohetswe a le jwalo. Mokgwa ona o ka nna wa bitswa ‘ho lemella lerole’ ka ha ka nako tsohle ho na le lekgapetla le lokolohileng, le hlwekileng, la mobu o ommeng ka hodimo, le thibelang ho lahleha ho hongata ha mongobo ka tshebetso ya capillary (ke motsamao wa mongobo wa mobu ho ya hodimo bokahodimong moo o moyafalang, o bang siyo teng). 



Mekgwa ya sejwalejwale ya taolo ya mahola ka dikhemikhale e ka sebediswa le yona – melemo e mengata mona, mohlala,

Kobo e kgolo, e kupetsang, ya lehola e etsa hore masimo a dule a le mongobo haholo sehleng sa dipula, mme ho ka nna ha se be bonolo ho sebedisa terekere, empa ha e le sefafatsi sa ‘boom’ sona se bobebe ka papiso, mme ka baka lena, se ka tsamaiswa hodima mebu e mongobo/leswe; 

Ke diesel e nyane e sebediswang nakong eo ho fatswang ka yona ho feta tshebetsong ya ho lema. Hatlentle ditshenyehelo tsohle tsa tshebetso ka kakaretso di a fokotseha;

Ha ho sebediswa dikhemikhale tse nepahetseng, mahola kaofela a tla shwa, mme ha ho kotsi ya hore ho ka boela ha lemellwa mahola mobung o mongobo;

Mahola mehatong e fapaneng ya tswelopele kaofela a ka laolwa, mme taba ya hore peo ya mahola e ka boela ya mela, e a fokotseha;

Ho batla ho potlaka ho fafatsa ho ena le o sebedisa sesebediswa sa thaene. Ka baka lena, ha eba molemi a haellwa ke matla a terekere (jwalo ka ha ho atisa o tsahala nakong ya hlabula moo dijothollo tsa hlabula le tsona di lebelletseng ho hlokomelwa), mme dihekthara tse ngata di ka phethahatswa ka letsatsi le le leng;

Ka ha mobu ha o kgathatswe, dipeo tse ntjha tsa mahola ha di tliswe karolong tse ka hodimo tsa mobu moo di ka nnang tsa mela – e leng se bolelag hore taolo ya mahola e nka nako e teletsana (ho fafatswa ho le hong ho matla ho ka lekana le tshebetso tse pedi tsa metjhine).



Mahola a se ona feela qaka paballong ya mongobo wa mobu

Hre mongobo o baballwe mobung, o tshwanetse ho kgona ho monyela mobung. Sena se kgonahala feela ha eba ho se makgapetla a teteaneng. Makgapetla ana a bakwa ke dintho tse fapaneng:

Pula e matla ya metsi a theohang ka matla e ka kwahela bokahodimo ba mobu, mme pula e ka boelang e ena e ka etsa hore masimo a hoholehe;

Metjhine e phetholang mobu ha botebo ba yona bo sa fetohe, bo bopa ‘kgapetla la mohoma’ – hona ke retse se thata se omeletseng, se sa bonweng ke leihlo (ka ha le le tlasa mobu) le thibelang metsi ho monyella dikarolong tse tlase tsa mobu;

Ha eba masimo a sebedisetswa ho fudisa diphoofolo, haholoholo nakong tsa dipula, ditlhako tsa tsona di teteanya mobu, mme sena se thibela ho monyela ha mesi.



Ho a hlokahala ho etsa teko mobung ho bona ha eba makgapetla a teteaneng a teng le ho a roba ka metjhine. Ha makgapetla ana ho sa sebetsanwe le ona ka matla, a tla sitisa tswelopele ya metso ya dijothollo, mme sena se tla ba le kgahlamelo e mpe tswelopeleng ya metso le kunong.



Temonngwe – ho jala koro feela sebakeng se le seng ho ya ho ile, selemo le selemo 

Mabaka a mangata a etsang hore balemi ba bangata ba qobe taba ya temo ya koro ho ya ho ile Botjhabela ba Foreisetata. A mang a ona ke a latelang:

Pele o jala koro, ho bohlokwa ho nnetefatsa hore mongobo mobung o lekane ho kganna dijothollo tse hlahlamang nakong tsa dipula tsa selemo. Ka mora kotulo ya koro, mobu ka nako tse ding o omme hoo nakong ya sehla se hlahlamang sa ho jala ho sa ntseng ho le kotsi ho ka jala. Balemi ba bangata ha ba jale dijothollo tse hlahlamang tsa koro , empa ba tlohella mobu o le jwalo nako ya kgwedi tse 4 ho isa ho tse 6, ebe hona ba jalang dijothollo tsa hlabula masimong (poone le soneblomo ke dijothollo tse tlwaelehileng mabapi le phapanyetso ya dijothollo).

Ho ka ba le popeho ya malwetse mobung ha eba ho ka jalwa feela koro ho ya ho ile.

Mahola a mang a kang jwang a ka nna a iphetola qaka. Outshe e hlaha ke e nngwe ya mathata a sehlooho a amanang le temo e le nngwe ya koro. Outshe ena e boetse ke sejothollo sa mariha se ka sebediswang phapanyetsong le dijothollo tsa lehlabula (haholoholo soneblomo), hore mahola a kang jwang a laolehe hantle. 

