Producer (Maize) 								SESOTHO



Na molemi o ilo boela a behwa molato?



Instructions:

Folio Strap: E kgema mmoho

Byline: Jane McPherson, manejara wa Lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi



Paleng e nngwe le e nngwe, ho tshwanetse ho be teng motho ya lokileng le ya sa lokang, mme re ka re le letotong la tlhahiso ya dijo, motho enwa ya sa lokang ka mehla ke molemi. O behwa molato ha dijo di le siyo, ha dijo di phahame ka theko, kapa boleng ba dijo bo fokola.



Ha re sheba mosebetsi ohle o amehang hore dijo di be teng tafoleng ya moreki, palo ya ba kenyeletswang hammoho le mosebetsi e telele haholo.



Phuputso le biothekenoloji

↓

Dikhamphane tsa phepelo ya disebediswa

↓

Makala a Agribusiness

↓

Mohlahisi/Molemi

↓

Mmaraka wa selehae

↓

Dijo tsa diphoofolo ← Tshilong → Ho baka

↓

Barekisi ba thepa e ngata

↓

Boramabenkele

↓

Moreki





Phuputso le biothekenoloji

Ena ke karolo ya tshebetso hore ho hlahiswe dimela tse nepahetseng – poone, koro, mabele, soneblomo, dinawa, jwalojwalo. Ha tsena di jalwa, di tshwanetse: 

Ho mela hantle ha di jetswe;

Ho hola hantle tlasa maemo a fapaneng;

Ho lwantsha malwetse hammoho le dikokwanyana;

Ho lwantsha komello le ho kgona ho dumella mongobo o mongata;

Ho ba le boleng bo nepahetseng ba ho sileha, ho bakwa, ho puta, ho hatelleha;

Ho ba mehatong e amohelehang ya protheine, oli, carbohydrates, jj;

Ho kgona ho mamella tshebetso ya kotulo; le

Ho kgona ho bolokwa (setorong) le ho tsamaiswa ka paballeho.



Ho tshwanetse ho etswa manyolo a ka sebediswang saekeleng ya tlhahiso le ho fana ka menontsha e hlokwang ke dimela. Dibolayakokwanyana le dibolayalehola di tshwanetse ho ba teng ho tshireletsa dijothollo kgahlanong le mahola, dikokwanyana le malwetse.



Dikhamphane tsa phepelo ya disebediswa

Di kene ka setotswana ka ha di tshwanetse ho:

Ngodisa dikhemikhale tse tshwanetseng ho sebediswa dijothollong tse fapaneng;

Ho hlahisa dikhemikhale tsena;

Boela re hlahisa peo e tshwanetseng ho sebedisetswa kgwebo;

Ho hlahisa le ho etsa manyolo a tla sebediswa tlhahisong;

Ho etsa tshebetso ya mafura (fuel) le oli e tla sebediswa ke disebediswa tsa temo; hammoho le

Di hasanya bahwebi ba temo (agribusiness).

 

Makala a Agribusiness

 A kene ka setotswana ka ha a tshwanetse:

Ho adima molemi tjhelete hore a kgone ho hlahisa;

Ho rekisa peo, manyolo, dikhemikhale, dikarolwana tsa ditshepe, mafura (fuel) le oli, diterekere le disebediswa tse ding;

Ho fana ka tshebeletso e batsi ya katoloso;

Ho fana ka inshorense ya dijothollo; le

Ho reka dijothollo.



Mohlahisi

Mohlahisi o kene ka setotswana ka ha:

A tshwanetse ho fumana masimo le metjhine;

A tshwanetse ho fumana tokelo ya tlhahiso;

O reka tsohle tse kenngwang mobung mabapi le dijothollo;

O lokisa masimo;

O a lema, o a hlokomela, o a kotula le ho rekisa dijothollo; hammoho le

O isa thepa ya dijothollo disiung tsa selehae.



Mmaraka wa selehae

Mmaraka wa selehae le ona ke karolo ya tshebetso, hobane:

O reka dijothollo;

O omisa dijothollo ha eba di le mongobo haholo hore di ka bolokwa di baballehile;

O kereita (hlophisa) dijothollo;

O boloka dijothollo (setorong);

O nnetefatsa hore ha ho dikokwanyana (ditweba) le malwetse a fihlang dijothollong tse bolokilweng; hammoho le

O rekisa dijothollo ho beng ba malwala (kapa mmarakeng wa tse romellwang ka ntle).



Boramalwala

Boramalwala ke karolo ya tshebetso, mme:

Ba amohela dijothollo;

Ba etsa bonnete ba hore di bolokwa ka hlokomelo ho fihlela di silwa;

Ba sila dijothollo ho etsa phofo kapa folouru; hammoho le

Ba kenya sehlahiswa mekotleng hore se fihle ho barekisi ba thepa e ngata (wholesalers).



Morekisi wa thepa e ngata

Mosebetsi wa morekisi wa thepa e ngata ke:

Ho rekisetsa boramabenkele dihlahiswa ka dipakete.



Ralebenkele

Mosebetsi wa ralebenkele ke:

Ho rekisetsa bareki.



Tlhaloso ena e kgutshwane ha e a kenyeletsa mehato yohle e fapaneng ka ha dintlha di fapana ho ya ka sehlahiswa. Mohlala, hoba koro e silwe, e tshwanetse ho bakwa pele e rekisetswa moreki; ha eba e le kgarese e tla sebediswa ho bedisa jwala, e tshwanetse ho inelwa metsing pele, ebe e a putiswa.



Tshebetsong ena yohle, bathop hammoho le ditshebetso ba a kenyeletswa, mme sena ke ketane ya boleng ba temo. E mong le e mong ketaneng ena o tshwanetse ho etsa phaello e le hore a kgone ho dula kgwebong. 



Jwale potso ke ena – na molemi ke yena feela ya jarang molato wa ho nyoloha ha ditheko tsa dijo?



Ha re sheba theko ya:

Bohobe, 20% – 25% ya theko eo o e lefang ke boleng ba koro bohobeng;

Mokotla wa phofo ya poone, 35% – 45% ya theko eo o e lefang, ke boleng ba poone; le

Lekotokoti la biri, ka tlasa 3% ke theko ya kgarese.



Kgwebo e fupere dikotsi – Kgwebo yohle e na le karolo e itseng ya dikotsi. Mabapi le molemi, dikotsi di kgolo:

Saekele ya tlhahiso e telele (ho tloha tokisong ya mobu ho isa kotulong);

Dijothollo di pepeseditswe maemo a lehodimo (komello, dikgohola, sefako, serame, lehlwa le meya);

Balemi ban ka theko e le jwalo – molemi o sitwa ho etsa qeto hore o lakatsa ho fumana bokae mabapi le tone ya hae ya poone ka ha dijothollo kaofela di rekiswa ka fantisi, mme ka hoo, theko eo a e fumanang ke yona theko. Maemong a mangata, molemi o qobelleha ho amohela theko e tlase ho eo dijothollo di mo jeleng yona. Kgele!



Jwalo ka mohlala, ha re sheba morao sehleng se fetileng sa koro Foreisetata, e bile selemo se sebe haholo, le leqeme la pula le bile teng. Balemi ba bangata bakeng tse ngata ba sitilwe ho kotula tone e le nngwe feela ya koro hekthara ka nngwe. Ditjeho tsa tlhahiso ya koro di mane ho R4 200 hekthara ka nngwe, mme theko eo molemi a e fumaneng mabapi le koro ya hae e bile mane ho R3 000 tone ka nngwe. Sena se bolela hore ha eba molemi a kotutse tone e le nngwe hekthareng ka nngwe, o bile le tahlehelo ya R1 200 hekthara ka nngwe.



Ha o le mophehi wa bohobe (baker), o reka folouru, mme o etsa qeto ka theko eo o tla rekisa dirolo tsa bohobe ka yona. Ha eba moreki a sa ikemisetsa ho lefa theko eo, o emisa ho reka folouru le ho pheha bohobe ho fihlela theko e boetse e nyolohile. Hang ha molemi a entse qeto ya ho jala sejothollo, o sitwa ho emisa ka mosebetsi le ho emela mohlang theko e ntlafetseng – o se a senyehetswe ke tjhelete, mme o tlamehile ho kotula sejothollo le ho se rekisa.



Balemi ba rona ke batho ba batle ruri – ba sebetsa ka thata, ba ipeha kotsing hangata hobane ba hlahisa dijo le ho fa batho mesebetsi Afrika Borwa. Hopola hore re kgona ho romella dijo tse tswang mafatsheng a mang ha mafatshe ao a ena le dijo tse ngata ho feta tseo mafatshe ao a di hlokang, mme jwale e bile ke nako eo naha ya rona e nang le mofuta wa tjhelete esele (foreign currency) ho lefella dijo tse kenang kwano. Ha eba maemo a se matle dinaheng tse romellang thepa ka kwano, dinaha tseo di tla ipolokela dijo tsa tsona le ho disebedisa mabakeng a tsona, mme rona re tla sitwa ho reka dijo tsa dinaha tseo. Ha sekgahla sa phapanyetsano (exchange rates) se eba kgahlanong le boleng ba ranta ya rona, naha ya rona e ke ke ya ba le tjhelete ya ho lefella dijothollo tse romelletsweng di etswa naheng tseo. Qetello ke hore batho ba rona ba tla bolawa ke tlala, jwalo ka ha ho etsahala dinaheng tse ngata tsa Afrika. Pele re ba beha molato ka ditheko tse phahameng tsa dijo, a re ke re shebeng taba ena hantle le ho utlwisisa hore hobaneng ditheko di phahama. Ha re sa tshehetse balemi ba rona le ho ba thusa hore ba tswele pele ka tlhahiso ka bohwebi bo nang le phaello, setjhaba sa rona se tla bolawa ke tlala ya bojadikate.

