Producer (Maize) 									Sesotho



Kopana le ba hlwailweng ba balemi ba thuthuhang ba 2010

Instructions: 

Folio strap: Mohlahisi wa Dijothollo wa selemo

Byline: Jane McPherson, manejara wa Lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi

Photos: 



Ba hlwailweng hammoho le ba leng mokgahlelong wa ho qetela mabapi le Molemi ya Thuthuhang wa Dijothollo wa selemo sa 2010 ba se ba phatlaladitswe, mme mohlodi o tla phatlalatswa moketeng wa ditletle o tla tshwarwa ke Grain SA ka la 8 Mphalane 2010. Ke ba latelang:

David Maleleka – Kestell, Provense ya Foreisetata.

Thabo Macholo – Kestell, Provense ya Foreisetata.

Daniel Mocwiri – Mareetsane, Provense ya North West. 

Frans Gaoganediwe – Ventersdorp, Provense ya North West.

Klerk Melken – Mofufutso, Provense ya North West .

William Matasane – Senekal, Provense ya Foreisetata.



David Maleleka 

David Maleleka o hlahetse polasing, seterekeng sa Kroonstad ka 1954. A holela polasing, a kena sekolo sa selehaeng ho fihlela sehlopheng sa 3 (kereiting ya 5). Ho tloha ha a le lemo tse 14 a sebetsa polasing ya Monghadi Jonker, e leng moo a simollotseng ho ba le lerato la temo. David o nyalane le Mavis, mosadi wa mohlolo – ya kgannang terekere masimong! 



Ka mora dilemo a fallela Qwaqwa moo a nnileng a dula teng ha a ntse a etsa mosebetsi wa konteraka merafong e tikolohong ya Goldfields. Ka 1991 David a lemoha hore mmuso o phatlaladitse taba ya batho ba ka ratang ho ithekela mapolasi seterekeng sa Kestell. Ka 1991 a hira polasi eo a ntseng a e sebetsa le kajeno. Hamorao a kgona ho ithekela polasi ka tjhelete eo a e adimilweng ke Land Bank. Polasi ya David ke dihekthara tse 272, mme tse 252 ke mobu o lengwang. 



Ka dilemo tse ngata David o nnile a hira polasi ka ha a ne a sitwa ho ba le tjhelete e lekaneng ya ho ithekela polasi. A boela a tswela pele ka temo ka selemo sa 2008. Lemong sa 2009 a kgona ho hlahisa dijothollo tse ntle tsa koro dihekthareng tse 106, mme o se a jetse dihekthara tse 88 tsa poone le tse 28 tsa dinawa tse ommeng. Dinawa tse ommeng di fana ka mosebetsi basading ba bangata ba tswang Qwaqwa. David o bolela hore o atolosa tshebetso ya polasi ya hae jwalo ka “trapsix” (leobu).



Thabo Macholo 

Thabo o hlahile ka 1982, a simolla ka sekolo sa Laerskool motseng wa Mafahlaneng. Ka 1989 ntatae a reka polasi eo ba ntseng ba le ho yona le kajeno. Lerato la hae la temo le simollotse a sa le monyane haholo. A phethela dithuto tsa hae tsa materike sekolong se phahameng sa Paul Erasmus ka 2003, mme ka mora moo a etsa qeto ya ho sebetsa le ntatae polasing. Sekolong ya eba motho ya nkang karolo dipapading, mme a bapalla provense ya hae papading ya rugby ho ba dilemong tsa 17, 19 le 21 tsa dihlopha tsa Afrika Borwa.

 

Thabo o rata temo, o rata ho atleha temong ya polasi ya hae. Ka 2009 mmoho le ntatae, ba jala dihekthare tse 25 tsa koro, tse 99 tsa poone le tse 33 tsa dinawa tse ommeng. Thabo o hola e le molemi, mme o batla ho ithuta tse ngata. O se a ile a kenela dithuto tse ngata, ke setho sa sehlopha sa boithuto sa Maluti, mme o mamela ka tsebe e lethwethwe balemi ba hodileng mabapi le boiphihlelo ba bona le tsebo e batsi ya bona.

 

Thabo ke motho ya hlokometseng tsamaiso ya ditjhelete le ho hlophisa dintho ka manane (planning), mme o thabetse monyetla wa ho jala dinawa tse ommeng tse ngata ka ha di na le kuno e ntle ho feta dijothollo. Jwalo ka balemi ba bang bohle, o tshepa hore theko ya dijothollo e tla eketseha e le hore phaello e kgone ho etswa, hammoho le matsete a mang a matjha temong.

 

Thabo o rata hore tsatsi le leng e be molemi e moholo wa mohwebi; o rata ho sebetsa le balemi ba bahwebi e le hore a be le boiphihlelo bo bongata. 

 

Daniel Mocwiri

Kokamo Daniel Mocwiri o hlahile ka 949 motseng wa Siberia Village ho la North West (mabatoweng a Mareetsane). Ke e monyenyane ka ho fetisisa lapeng labo, mme ke yena feela moshemane hara bana ba robong. A simolla sekolo Siberia, a ya Mareetsane, a phetha Kereiti 12 Sekolong sa Secondary sa Itlotleng. A ntshetsa pele dithuto tsa hae Kholetjheng ya Kwetliso ya Batswana. O boetse a ithuta ka ngollano le ba Damelin le Yunibesithi ya Vista ho fumana Lengolo (Diploma) la ho ruta. A fumana kgau ya dekeri Yunibesithing ya Potchefstroom, mme a simolla jwalo ka mosuwe Sekolong sa Poraemari sa Monnapula ka 1975 moo a ileng a tswela pele ka ho ruta ho fihlela ka 2008. O nyetse Evelyn; bana ba tsheletse; bashemane ba babedi le banana ba bane. 



Jwalo ka mora a le mong, ntatae a mo ruta maqheka a mangata a ho iketsetsa bophelo. A simolla ka ho ithuta mokgwa wa ho lema ka dipholo e sa le lekejakejane la mohlankana le kenang sekolo, mme sena e bile tshimoloho ya lerato la bophelo bohle temong. Ka 1975 a aha lebenkele, yena le ntatae, motseng, mme ka 1977 a reka terekere ya hae ya pele. Ka 1988 ntatae a ikela boyabatho, mme ka ha e ne e le mosuwe, a hirisetsa ba projeke ya temo ba Mareetsane polasi ya hae ho fihlela ka 1993. Ka 1994 a simolla a le mong ka temo, a sebedisa terekere ya hae dihekthareng tse 75 tsa mobu.

 

Daniel a tswela pele ka bosuwe, mme hamorao ha a se a atolotse tshebetso ya hae ya temo, a kopa e mong wa ba leloko ho mo thusa polasing. Sekolo seo a neng a ruta ho sona se ne se le hona motseng, mme ka hoo a kgona ho sebetsa tsa polasi ha sekolo se etswa le matsatsing a phomolo ya sekolo. Kajeno, Daniel o tshwere polasi ya dihekthara tse 200 masimong a setjhaba. Lemong sena, o jetse hekthara tse 100 tsa poone le tse 100 tsa soneblomo.

 

Ka 2008 Daniel a hloma sehlopha sa boithuto sa Siberia, mme a kgethwa jwalo ka Modulasetulo. A ba e mong wa balemi ba tswetseng pele Lenaneong la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi lemong sa 2009. Daniel o utlwisisa molemo wa marangrang a tshehetso, mme o bua hantle ka tshehetso eo a e fumaneng ho Mong. James van der Linde wa Technichem ya mo thusang ka dikhemikhale le peo, hammoho le Mong. James Moeng ya mo thusang ka manyolo. Ka dilemo tse ngata, Daniel o tsheheditse tlhahiso ya hae ya dijothollo ka thuso ya Land Bank. 



Frans Gaoganediwe – mofinalist (ya seng a le tlhorong)

Frans Gaoganediwe o hlahetse Sterkstroom ka 1957. Ke e moholo hara bana ba leshome. Frans o kene Sekolo sa Poraemari sa Mesweng moo a fetileng kereiti ya 7. Mofumahadi wa hae, Phina, o hlahetse seterekeng sa Sterkstroom, mme a phetha Kereiti ya 7 Sekolong sa Poraemari sa Rabana. Hona jwale ke mosadi wa lelapa ya shebaneng le bohwebi ka dikgoho.



Ka mora sekolo, lemong tsa 1985 -1989, a sebeletsa Senwes polasing e seterekeng sa Sterkstroom. Nakong ena, a lema ditshimo tsa diteko. Hona e bile mokgwa o motle wa boiphihlelo ba ho ithuta temong ya poone le mekgweng e metle ya temo ya mobu. Ho tloha ka 1990 - 1993 a sebeletsa Senwes Sterkstroom. Frans a fetisetswa lefapheng la dikgomo le dinku moo a ileng a etsa mosebetsi wa A.I. + ho peita diphoofolo le ho di nwesa meriana. Ke mona moo a bileng le lerato la dikgomo tsa Bonsmaras. Ka 2000 a fetisetswa lefapheng la lebese hoba Bonsmaras di rekiswe, e leng moo a ileng a tswela pele ka A.I. mohlapeng wa Friesland, mme o boetse o hlokometse mananeo a ho fepa le ho peita. Hoba Senwes e rekise polasi, a tswela pele ho sebeletsa Senwes ka temo ya tshimo tsa diteko. Ka 2002, Frans a tloswa Sterkstroom, a iswa Ofising e Kgolo ya Senwes Klerksdorp moo e bileng mokganni.



Ka 2002 a simolla ka polasi. Ka 2001 a etsa kopo ya kadimo ya tjhelete ho Land Bank, mme ya ananelwa ka 2002. A reka tsa polasi le diterekere tse pedi, mehoma e mmedi, disebediswa tse ding tse mmalwa hammoho le matlo a mabedi a dikgoho (a nkang dikgoho tse 56,000). Matlo ana a sebetsa ka mokgwa o phethahetseng, a etsa disaekele tse supileng le halofo ka selemo. Frans o na le konteraka e tsitsitseng (e sa fetoheng) le ba Rainbow Chickens. 



Lemong tse robedi tse fetileng, o nnile a sebetsana le dikgomo tsa hae hoo jwale di seng di le 38 ka palo, dinku tsona di eketsehile ho fihla ho 63, o se a bile a rekile terekere e nngwe, Toyota Hilux bakkie, motjhine o silang wa hamore (lelwala), mme o ntlafaditse ntlo ya dikgoho ka ho kenya diceiling, dinipole tsa metsi le dipeipi tse fepang dikgoho. O boetse a ntlafatsa tereta/lebota le tshireletsang. Hajwale ho ntse ho ahwa sebaka moo basebetsi ba itlhatswetsang ho sona (dishawara).



Frans o batla ho eketsa kgwebo ya hae le ho reka polasi e nngwe. O batla ho ba sehwai se keneng ka setotswana kgwebong ya polasi. Sena se kgonahala feela ka ho sebetsa ka thata, ho kenela dithuto tsa boikwetliso le ho kwetlisa basebetsi ba hae. Frans o ikutlwa hore mmuso o lokela ho sheba diprojeke kaofela tsa bona, ho kgothaletsa balemi ho hola le ho tlosa batho diprojekeng tse nyopileng. Frans o bolela hore o tsheheditswe hantle ke balemi ba bahwebi ba Ventersdorp. 



Klerk Melken – mofinalist (ya seng a le tlhorong)

Klerk Melken o hlahetse motseng wa Mofufutso ho la North West ka 1970. Ke ngwana wa bobedi ho bana ba leshome ba John le Dora Melken ba ntseng ba tshwere tshebetso ya polasi lebatoweng le le leng. O simollotse ka sekolo Mofufutso, a kena Khunwana Middle School, mme a qeta Kereiti ya 11 Atamelang High School. Ka 1992 a sebetsa polasing ho fihlela ka 2000. Klerk a nyalana le Joyce ka 2002. Ba na le bana ba bararo; ngwana le bashemane ba babedi.

 

Klerk o simollotse ka mosebetsi wa polasi a sa le monyane haholo, ka dihekthara tse 50 ha a kgona ho fumana kadimo ya tjhelete ho ba NWK mabapi le tlhahiso ya hae ya pele ka 2001. Tshimolohong ya Hlakola ka 2003 a reka namane. Hajwale o na le kgomo tse 16. Ka 2008 a reka nku le podi. Hajwale o na le nku tse 20 le podi tse 10. O boetse o na le dikgoho tse 80. 



Klerk a kena sehlopheng sa boithuto sa Mofufutso ka 2000 ha a ntse a sebetsa polasing. Ka Pudungwana 2008 a kgethelwa bodulasetulo ba sehlopha sena. O se a bile teng dithutong tse ngata tsa boikwetliso tsa Grain SA tse kenyelletsang: Selelekela Thutong ya Poone, Selelekela Thutong ya Soneblomo, Thuto ya Borakonteraka, Thuto ya tsa Tlhokomelo, Thuto ya Motheho Tokisong ya Enjene, Selelekela Thutong ya Mabele, Thuto ya Boemo bo Phahameng ya Poone ho isa ho Balemi ba Boemo bo Phahameng, Thuto ya Tsamaiso Kgwebong ya Temo (Agri-business), le Thuto ya Tsamaiso ya Moralo wa Polasi.



Hajwale ke sehwai mobung wa hekthara tse 150 o hirilweng wa setjhaba wa botebo ba 80 cm. O jetse hekthara tse 60 tsa soneblomo, tse 42 tsa poone e tshehla le tse 48 tsa poone e tshweu. Ka ha temo ya hae e mobung o ommeng, Klerk o hlokometse bohlokwa ba paballo ya mongobo wa mobu. O na le toro ya hore tsatsi le leng a be le polasi ya hae (a be le thaetlele deed). O re a rata ho atolosa bohwebi ba hae ho fihlela a ba le hekthara tse 1 000 lebatoweng la mobu o tebileng le pula e ngata! Klerk o tshehetswa ke Mong. Du Toit wa Technichem, mme o ikemiseditse ho iphumana a potapotilwe ke batho ba mo tshehetsang, ba nang le tsebo. 



Klerk o re o rata temo hobane ke monna ya nang le tjheseho, ya ratang ho tswela pele le ho etsa dintho ka mokgwa o nepahetseng. 



William Matasane – mofinalist (ya seng a le tlhorong)

William o hlahetse seterekeng sa Winburg moo a keneng sekolo sa polasing. A simolla ho sebetsa Allemanskraal (e tsejwang ka la Aventura Resort Aldam). A qala ho sebetsa e le waiter, hamorao e le chef, mme qetellong e le manejara wa restaurant ho fihlela ka 2004. Ha a ntse a sebetsa Aldam a kena temong le metswalle e meng e meraro. Ka 2004 a reka polasi, Verblyden, moo a dulang teng le mosadi le bana. Ba sebetsa polasi ba le bang ntle le batho ba bang. Mona ba atlehile ho hlahisa soneblomo le poone. (William o re o ile a itjhesa menwana ka koro dilemo tse pedi tse fetileng, mme ha a sa rata ho pheta hape - haholoholo ho ya ka maemo a ditheko tsa jwale).



William o re o rata ho fa bana ba hae monyetla oo yena a sa kang a ba le ona. Moradi wa hae e moholo o lemong sa boraro sa Electrical Engineering, e monyenyane yena o lemong sa bobedi Secretarial College, le “Johannes, die boer” ya leng sekolong Senekal, kereiting ya 4. 



William ke sehwai se atlehileng seo hajwale se sebetsang dihekthareng tse 400 tsa mobu, mme o hirile mobu o mong o lengwang lebatoweng la Ventersburg (ho balemi ba batsho ba sa etseng letho ka mobu wa bona) le mobu wa ho fudisa ho ba Winburg Municipality. William o batla ho reka mobu o mong seterekeng sa Senekal empa o tletleba ka ho re Mmuso o rata ho thusa feela batho “ba kwenyang tjhelete, eseng ba etsang dintho ka nepo”.

 

William o sebedisa mehlodi e mmedi ya tjhelete mabapi le dijothollo tsa hae – tjhelete ya hae hammoho le e adimilweng ho ba VKB le Land Bank. Lemong sena, soneblomo ya hae e kgonne ho lefella ditjeo tsohle tsa kadimo ya tlhahiso, mme phaello pooneng ya hae e tla ba e yang pokothong ya hae. O jetse hekthara tse 110 tsa poone le tse 145 tsa soneblomo Senekal, le tse 60 tsa poone le tse 75 tsa soneblomo Ventersburg. O na le mohlape wa kgonmo tsa nama tse 90 hammoho le balatedi, mme o motlotlo ka sekgahla sa 91% sa manamane – ha ho na batho ba sa etseng letho polasing ya hae. O boetse o na le mohlape wa nku tse 30, empa o re o sitwa ho eketsa dinku tsa hae ka ha polasi ya hae e haufu haholo le lekeishene la Matwabeng la Senekal. 



William o tshwenyehile haholo ke ditheko tsa dijothollo. Mekgwa e utlwahalang ya ditjhelete e hlokolosi kgwebong ya hae, mme o tsetela moo a fumanang kuno teng. O re o sitwa ho dumellana le taba ya ho reka disebediswa tse ntjha tsa temo tse dulang nako ya selemo di sa sebetse. Tlhokomelo ho tse nyane tsa bohlokwa le metjhineng ke taba ya bohlokwa ho yena – ntho e nngwe le e nngwe e na le sebaka sa yona, e hlokometswe hantle. 



William ke motho ya ikemetseng ka ho nahana, empa o ananela tshehetso eo a e fumanang ho Johan Kriel wa Grain SA hammoho le tshehetso ya nako tsohle ya balemi ba dihwai ba selehae, haholoholo Mong. Philip Basso eo e leng thuso e kgolo ho yena. 















