Problems (OPOT)									 SESOTHO

Mathata a balemi ba ntseng ba thuthuha

Instructions:

Folio Strap: Keketso ya Boleng

Byline: Jane McPherson, manejara wa Lenaneo la Ntshetsopele ya Molemi la Grain SA

Add a picture of the banner made for farmer development programme



Mabaka a teng a mangata a ho ba teng ha tabatabelo ntshetsopeleng ya bahlahisi ba batsho Afrika Borwa, mohlala, mobu o nonneng o ajwa botjha, ditjeo tsa dijo di phahame ka sekgahla se seholo, mme ho tshwenyeha ho teng mabapi le paballo ya dijo naheng le matjhabeng.

Ho se ho buuwe haholo ka dijo tsa lefatshe tse leng teng, paballo ya lefatshe ya dijo, dijo tse napahetseng le sebaka moo di ka bolokwang teng, empa dijo tsena tsohle di hlahiswa kaekae ke motho ya itseng – ho teng motho ya amehang. Ho bohlokwa hore re behe maikutlo hodima motho ya itseng. Re tlamehile ho ntshetsa pele le ho fa motho matla hore a fetohe mohlahisi/molemi wa mohwebi ya feletseng, ya nang le kabelo pokellong ya dijo tsa setjhaba.

Hobaneng batho ba tjhesehela bahlahisi ba ntseng ba thuthuha? 

Lefapha la temo le tshwanetse ho bua ka ntswe le le leng le kopaneng.

Temo ke mohlodi wa dijo le tshwele (fibre) tsa lefatshe, mme e tla dula e le motheho wa ikonomi ya lefatshe.

Temo ke ramosebetsi wa bohlokwa.

Katleho ya mahaeng e fokotsa kgatello mehloding ya ditoropong e seng e ntse e hula ka tlhako tsa morao.

Ha eba 30% e tshwanetse ho ba matsohong a batho ba neng ba tinngwe menyetla nakong e fetileng, re ka nka hore 30% ya dihlahiswa tsa temo e tla hlahiswa ke batho bana. Ka hoo, 30% ya tsohle tse sebediswang temong e tla rekwa ke bahlahisi bana.



Ke afe mathata a shebaneng le bahlahisi ba thuthuhang? 

Kuno e tlase dijothollong tse fumaneng pula hammoho le sekgahla se phahameng sa tswala

 	Lemong tse fetileng, katleho ya dijothollo e bile tlasa kgatello e kgolo. Ditjeo tsa tse sebediswang mobung di dula di phahama, empa ditheko tsa dihlahiswa ha di phahame jwalo. Bahlahisi ke ba mmalwa feela ba nang le tjhelete e lekaneng ho jala dijothollo ntle le ho etsa kadimo ya tjhelete. Ha boima bo le teng ba ho etsa phaello, mme sekgahla sa tswala se phahame, dikotsi tse amehang tlhahisong ya dijothollo le tsona di phahama jwalo. Sena se etsa hore ho se hlokahale ho ikenya mathateng ka ho adima tjhelete ya ho jala dijothollo tsa hao. Bahlahisi ba Afrika Borwa ba tshwanetse ho kena phehisanong mmarakeng wa lefatshe, le hoja ba ntse ba shebane le mathata.



2.	 Tlhoko ya tsebo le bokgoni bo lekaneng

Balemi ba ntseng ba thuthuha hantlentle ke “baithuti”, mme ba hloka tshehetso, kwetliso le tataiso. Mathata a teng a mangata a amanang le tshehetso ya bahlahisi:

Basebetsi ba lefapha ha se hangata ba rupeletsweng hantle ho ka fana ka tshehetso e hlokahalang. Bongata ha bo na boiphihlelo temong, mme le hoja ka nako e nngwe ba ikemiseditse, mme ba ena le mangolo a hlokahalang a thuto, ba sitwa ho “ho kenya mohoma mobung”.

Mekgatlo e thusang ka tse rekwang di rekiswa e etsa mesebetsi e metle empa ditjeo tse amehang ke tse phahameng haholo.



3. Kadimo tlhahisong

Balemi ba bangata ba nsteng ba thuthuha ba na le bothata ba kadimo mosebetsing wa bona wa tlhahiso. A mang a mabaka ke ana:



Ditlhoko tsa tshireletso mekgatlong e adimanang ka tjhelete

Mekgatlo e mengata e adimanang ka tjhelete e hloka bonto thepeng ya motho hore e kgone ho tshireletsa kadimo. Bahlahisi mobung o hirilweng kapa wa setjhaba, ba sitwa ho nehelana ka mobu e le tshireletso, mme ka baka lena, kopo tsa bona tsa ho adingwa di qhelelwa ka thoko.

Inshorense ya tse kenngwang mobung (input) ha e a lekana hore ba fumane kadimo

Inshorense tse ngata tse adimanang ka ditjhelete di hloka inshorense ya tse kenngwang mobung ho tshireletsa kadimo. Le ha ho le jwalo, inshorense ena, le ha e ka amohelwa, e qala ho sebetsa feela ha peo e se e metse mobung, e leng nako eo ka yona boholo ba ditjeo ho se ho kenwe ho tsona. Mekgatlo e meng ha e a ikemisetsa ho adimana ka tjhelete pele inshorense e tjhaellwa monwana, e leng se thatafatsang maemo a ditaba. Qaka e nngwe ke hore inshorense e tshireletsa feela ho fihla ho 65% ya ditjeo – 35% e setseng ke tsietsi ya hao molemi.

Monyetla o monyane wa phaello ha o dumelle batho ho ithuta

Bolemi ke ntho e boima, mme ha o se na boiphihlelo o kotsing e kgolo. Ha sebaka sa katleho se le senyane, ha ho sebaka se setseng sa ho dumella diphoso. Balemi ba thuthuhang, hangata bona ba ntseng ba ntshetsa pele bokgoni ba bona, ba kotsing e kgolwanyane mabapi le ba adimanang ka ditjhelete.



Diterekere le metjhine

Disebediswa tse siyo

Ho teng balemi ba bangata ba ntseng ba thuthuha, ba nang le masimo (tlasa mokgwa ofe kapa ofe wa kgiro/kgirisetso) empa ba hloka disebediswa tse hlokahalang. Sesebediswa se setjha se phahame haholo ka theko, mme se ke ke sa fihlellwa ke boholo ba balemi, mme hape ha se mekgatlo e mekae, le ha eba e ka ba teng, e ikemiseditseng ho adimana ka tjhelete mabapi le disebediswa tse seng di ile tsa sebetsa (second hand).



Disebediswa tse leng boemong bo fokolang

Ha sesebediswa sa temo se le teng, hangata se fumanwa se le boemong bo kgathetseng ba ho lokiswa. Sena se bakwa ke tse latelang:

Phaello e tlase tlhahisong ya dijothollo e baka boima ba tjhelete ho ka hlokomela sesebediswa.

Balemi hangata ha ba na tsebo ya ho lokisa le ho hlokomela disebediswa tsena.

Diphapanyetsano tse ding tsa ntjhafatso ya mobu di kenyeletsa theko ya “mathata feela”, mme sesebediswa hangata se tsofetse, mme se maemong a kgathetseng haholo. Sena se bolela hore molemi ya thuthuhang o se a qala feela ka mathata.

Dihlopha di fuwa sesebediswa ho se sebedisa, empa ha ho le ya mong ya ikemiseditseng ho se hlokomela.



Ditaba tse amanang le masimo le mobu

Lefapha la Ditaba tsa Naha le kabo ya mobu

Lenaneo la ntjhafatso ya naha le kentsweng tshebetsong ke Lefapha la Ditaba tsa Naha e bile maswabisa ho ba bangata. Ka kakaretso, mokgwa wa tshebetso o tsamaya butle haholo hoo balemi ba thuthuhang ba lahlehelwang ke monyetla ka mora monyetla, mme balemi ba basweu jwale ba rekisa masimo a bona ho baahisani ka baka la ho se kgone ha lefapha la ditaba tsa naha ho phethahatsa tumellano. Ha ho mehato e nepahetseng mabapi le ho hlwaya majalefa a lokelang kabo ya naha.



pH 

Tokiso ya pH ya mobu ka kalaka e ka ba tshebetso e phahameng haholo ka theko ka ha ho teng dibaka tse ding tse ka batlang ho fihlela ditoneng tse 14 tsa kalaka hekthara ka nngwe. Balemi hangata ha ba maemong a ho lefella sena, mme hape ho bonahala eka ha ho molao o tsitsitseng tabeng ena, o dumellang bareki ho sheba ka mmusong mabapi le thuso. Diprovense tse fapaneng di bile le mananeo, empa ha ho eso be le mokgwa o tsitsitseng, o latelwang ke bohle.



Boemo ba phosphate

Mekgwa e fosahetseng ya bolemi ka dilemo tse ngata bo qetile mehlodi ya phosphate mabatoweng a mangata. Jwalo ka kalakeng, ona ke mokgwa o ditshenyehelo di phahameng, mme hape ho bonahala eka ha ho tshehetso ya letho ka ditjhelete.



Methakala le ditsela tsa metsi

Boholo ba mobu o sebetswang ke balemi ba ntseng ba thuthuha ha bo na methakala e rerilweng hantle le e lekaneng, hammoho le ditselana tsa metsi tse jetsweng jwang. Le hoja Lefapha la Temo le ena le karolo ya “Tlhokomelo ya Mobu”, ditekanyetso tsa lona ha di a lekana ho shebana le tlhokeho e kgolo e leng teng. Ho senyeha ha mobu o bakwang ke kgoholeho ya moya le metsi ke ho ke keng ha etsollwa.



Se fumanehisang batho ke sefe?

Dikgaello tse bonwang hammoho le ditshoso

Balemi ba tshwanetse ho fumana mobu le metjhine e le hore ba kgone ho ba bahwebi. Diprovenseng tse ding ho na le tlhoko e kgolo ya infrastructure, mohlala, ditsela, disiu tsa dijothollo, moo ho omiswang dijothollo, metjhine e kotulang, jj.

Tlhoko ya tsebo le theknoloji

Balemi ba hloka kwetliso, tshehetso le tshebeletso e matla, e phethahetseng, ya katoloso.

Ho hloka boikemelo

Batho ba tshwanetse ho matlafatswa hore ba kgone ho iketsetsa dintho. Ba tshwanetse ho ithuta “ho itshwarela tlhapi” ka bobona.

Metjha e melelele ya tsamaiso ya mmuso

Ho hloleha ha basebetsi ba mmuso ho etsa seo ba se lefelwang ho futsanehisa batho (mohlala, bosiyo ba tshebeletso ya Lefapha la Naha le tshebeletso e fokolang ya Lefapha la Temo).

Boqhekanyetsi

Mafutsana a ntshwa kotsi ha bonolo, mme a a qhekanyetswa. Ho bohlokwa hore bohle ba amehang ntshetsopeleng ya molemi ba sebetse ka seriti le ka botshepehi.



Tsela e kgothaletswang ho ya pele

Mmuso 

Melawana e nepahetseng le maano a nepahetseng a kgwebo ho tshireletsa indasteri ya lehae ya temo.

Baleming ba ntseng ba thuthuha:

Thuso ditjeong tsa kalaka baleming ba thuthuhang.

Thuso ditjeong tsa phosphate.

Thuso ditjeong tse phahamang tsa dijothollo ho thusa kadimong ya tjhelete.

Thuso ditjeong tsa inshorense e akaretsang.

Ho bokella tjhelete ka agribusiness le Landbank.

Tjhelete e be teng ya ho kwetlisa hape diofisiri tsa katoloso.

Karolo ya tjhelete ya ntshetsopele ka mekgatlo ya tse rekwang di rekiswa.

Ho nahanisa ka tjhelete e ngata mabapi le sesebediswa sa temo.



Mekgatlo ya tse rekwang di rekiswa

Ntshetsa pele, kwetlisa le ho fana ka bokgoni ho balemi.

Kwetlisa le ho ntshetsa pele diofisiri tsa katoloso.

Ho fana ka tshehetso ya sethekgenike ho balemi ba thuthuhang.



Lefapha la poraevete

Phepelo ka tsohle tse sebediswang mobung (tsa boleng) le theko tseo ho hlodisanwang ka tsona.

Ho fana ka mmaraka wa dihlahiswa.

Ho fana ka tshehetso ya sethekgenike le hamorao ha ho hlokahala.

