Problems (Maize)									SESOTHO

Balemi ba thuthuhang ba tjamelane le mathata afe?

Instructions:

Folio Strap: Mathata a shebaneng le temo

Byline: Jane McPherson, manejara wa lenaneo la Ntshetsopele ya Molemi la Grain SA

Photos



Ke taba ya bohlokwahlokwa indastering ya dijothollo hore mathata a thibelang balemi ho ba bahwebi ba mmakgonthe a hlwauwe le ho rarollwa.

Tse mabapi le naha le mobu

Lenaneo la naha la ntjhafatso le ntseng le kenngwa tshebetsong ke Lefapha la Ditaba tsa Naha le nyahamisitse batho ba bangata – ka kakaretso, tsamaiso e tsamaya butle haholo hoo balemi ba ntseng ba thuthuha ba lahlehelwang ke menyetla nako le nako, mme balemi ba basweu, ba nang le masimo, ba swabileng nko ho feta molomo, ba se ba bile ba sekamela tabeng ya ho rekisetsana le baahisani ba bona ba basweu ka baka la lenama le ho kgikgiritsa ha ditaba tsa naha (mobu) ho fihlella qeto.

Mona Aforika Borwa re na le mekgwa e mmedi ya kgiro – ho tloha moo mobu e leng wa motho ho fihla kgirisetsong ya mobu wa poraevete, ho ya moo mobu e leng wa setjhaba, e leng moo ho seng ditumellano tsa semolao tse tlamang motho (e leng feela “tumello ya ho dula mobung”). Mobu wa poraevete o ka sebediswa e le tshireletso kadimong ya tjhelete, empa ha e le mobu o hirisitsweng ona le wa setjhaba, o ke ke wa sebediswa jwalo. Dibakeng tseo ho phelang setjhaba ho tsona, tlwaelo ke hore lelapa ka leng le be le karolwana ya boholo bo itseng ba tshimo (e fapanang ho ya ka provense), mme ha molemi a batla ho atolosa mosebetsi wa hae, o tshwanetse ho buisana le baahisani ba bang hore a kgone ho abelwa karolwana eo a e batlang. Ha ho na tshireletso ya nako e telele ya kgiro mobung ona wa tlatsetso.

Tokiso ya pH ya mobu le ya hore boemo ba phosphate bo tlase hakaakang, ka bobedi ke mosebetsi o ditshenyehelo di hodimo – tshehetso ya ditjhelete e a hlokahala ka ha balemi ba ntseng ba thuthuha ba hloka mehlodi e ka ba thusang ho lefella mesebetsi ena.

Boholo ba mobu o ntseng o lengwa ke balemi ba ntseng ba thuthuha ke bo hlokang di-‘contours’ tse lekaneng, tse rerilweng hantle hammoho le ditselana tse nang le jwang (ho thibela kgoholeho ya mobu). Le hoja Lefapha la Temo ruri le ena le lefapha la Tlhokomelo ya Naha, ditekanyetso tsa lona ha di a lekana ho rarolla boholo bo bokana ba tlhoko.

Aforika Borwa ha se mobu ohle o nang le bokgoni bo phahameng, mme ha se mobu ohle o loketseng tlhahiso ya dijothollo. Le ha ho le jwalo, ho fetola mobu o lemehang hore e be wa makgulo (fudisa) ke tshebetso e fupereng ditshenyehelo tse phahameng, mme ke ya nako e telele. Balemi ba ntseng ba thuthuha ba bonahala ba se na mokgwa ona wa ho fetolela, mme ke ka hoo hangata ba dulang ba lema mobu o sa lokelang temo, kapa ba o tlohelang o sa etswe letho – ka bobedi e leng mekgwa e se nang molemo wa letho.

Ho kampela, kapa ho se kampele, ke bothata bo tsebahalang haholo, bo shebaneng le balemi, haholoholo dibakeng tse kopanetsweng tsa setjhaba moo diterata tse kampelang di utswitsweng, mme dikgomo le dinku di itsamaelang feela ka ho rata hara masimo.



Diterekere le metjhine

Ho teng balemi ba bangata ba nang le mobu (e ka ba mokgweng ofe kapa ofe wa kgirisetso), empa ba hloka disebediswa tse hlokahalang tseo ba ka lemang ka tsona. Sesebediswa se setjha se phahame haholo ka theko, mme ha se fihlellwe ke balemi ba bangata ba ntseng ba thuthuha, mme hape le diinstitushene ke tse nyane ka palo, ha eba le teng di le teng, tse ikemiseditseng ho thusa ka tjhelete thekong ya disebediswa tsa temo tse seng di ile tsa sebediswa.

Ha sesebediswa sa polasing se le teng, hangata ke se seng se kgathetse haholo. Sena se bakwa ke tse latelang:

Phaello e tlase tlhahisong ya dijothollo e baka bothata ba ho hlokomela le ho baballa sesebediswa.

Balemi ha se hangata ba nang le tsebo mabapi le ditokiso le tlhokomelo.

Diphapanyetsano tse itseng ntjhafatsong ya mobu di kenyeletsa theko kapa thekiso ya tse seng di ntse di ‘iketse’, mme hangata sesebediswa se se ntse se le maemong a kgathetseng haholo, e leng hore molemi ya thuthuhang o se a ntse a simolla ka tlhako tsa morao.

Dihlopha di kopanela sesebediswa, mme ha ho ya ikemiseditseng ho se hlokomela.



Dikadimo tlhahisong

Balemi ba bangata ba ntseng ba thuthuha ba shebane le bothata ba dikadimo tsa tlhahiso – a mang a mabaka ke a latelang:

Lemong tse ngata tse fetileng, tlhahiso e atlehileng ya dijothollo e bile tlasa kgatello e matla haholo. Sehla sena se sa tswa feta e bile se setle ka ho ikgetha ka ha dijothollo di jetswe ka ‘theko ya kgale’, mme tsa rekiswa ka ‘theko e ntjha ya dijothollo’, mme boholong ba dibaka pula e bile ka hodima palohare. Ke balemi ba mmalwa feela ba nang le tjhelete e lekaneng ba kgonang ho jala dijothollo ntle le ho etsa kadimo ya letho. Ha maemo a le boima ho etsa phaello, mme ditefello tsa kadimo di phahame, dikotsi tse amanang le tlhahiso ya dijothollo le tsona ke tse phahameng haholo, e leng taba e sa kgothaletseng ho etsa kadimo tse kgolo tsa ditjhelete mabapi le ho kenya peo mobung.

Mekgatlo e mengata e adimanang ka ditjhelete e batla ‘bonto’ ya sa motho e le hore e fane ka kadimo. Balemi ba sebetsang mobung o hirilweng, kapa wa setjhaba ba sitwa ho nehana ka mobu jwalo ka tiisetso, mme ka baka lena dikopo tsa bona tsa kadimo di qhelelwa ka thoko. 

Mekgatlo e mengata e adimanang ka ditjhelete e batla inshorense hore e adimane ka tjhelete. Le ha ho le jwalo, inshorense, moo e amohetsweng teng, e simolla feela ka thuso ha dijothollo tse jetsweng di se di hlahile, e leng hore ka nako eo, boholo ba ditshenyehelo ho se ho kenwe ho bona. Mekgatlo e meng ha e a ikemisetsa ho fana ka kadimo pele inshorense e fana ka tumello, e leng se bakang maemo a tsieleho. Bothata bo bong ke hore inshorense e thusa feela diperesenteng tse 65 tsa ditshenyehelo – ke mang jwale ya tla jara ditshenyehelo tse setseng?

Ka bomadimabe, ho bile teng mehlala e itseng ya balemi ba sa kang ba tshepahala boitlamong ba bona ba ho lefa dikadimo tsa bona, mme sena se kgannetse baadimisani tabeng ya ho ba ihlo le ntjhotjho haholo.

Bolemi ke ntho e thata, mme ha o se na boiphihlelo, ntho di thatafala le ho feta. Ha tshebetso e le nyane, diphoso le tsona di ba nyane. Balemi ba ntseng ba thuthuha hangata ba ntse ba ntshetsa pele bokgoni ba temo, mme ka baka lena ba fetoha kotsi mahlong a ba adimisanang ka ditjhelete.



Tshehetso le keletso – ditshebeletso tsa katoloso

Balemi ba thuthuhang ke “baithuti”, ba hloka tshehetso, kwetliso le tataiso. Ho teng mathata a mangata a amang phano ya tshehetso ho balemi:

Basebetsi ba lefapha hangata ha se batho ba kwetlisitsweng ho fana ka tshehetso ya boleng e hlokahalang. Ba bangata ha ba na boiphihlelo tshebetsong ya temo, mme le hoja ba ena le boikemisetso, ba bile ba ena le mangolo a loketseng a thuto, ba sitwa ‘ho beha mohoma tshimong’.

Ho hodisa batho ho ama tjhelete e ngata, ho ja nako e ngata. Mafapha a mmuso a na le palo e kgolo ya basebetsi ba lefuwang ho etsa mosebetsi, empa ba bangata ha ba na bokgoni. Ha lefapha la poraevete le qala le ameha feela, ho ba teng ya tshwanetseng ho lefa ditjhelete – ke mang eo?

Balemi hangata ba iphumana ba le maemong ao ba sa tsebeng hore ba tshwanetse ho latela keletso ya mang – molaodi wa katoloso wa lefapha? Kapa moeletsi wa agribusiness ya ntshetsang pele tlhahiso? Kapa mokgatlo o tshehetsang wa thepa? Kapa motataisi? (Ka bomadimabe, ha se ka mehla ba buang ntho e tshwanang!).



Mekgwa ya boipaballo ho fokotsa dikotsi

Ho ba molemi ho kenyeletsa ho shebana le dikotsi tse ngata – ha batho ba lokela ho ba balemi, ba etsa diphoso tse ngata. Ho teng tlhokeho e kgolo ya boipaballo e lokelang ho tshireletsa balemi ha ba wela. Mohatong ona, balemi ba bang ba lehlohonolo hore ebe ba thuswa ka ditjhelete ke agribusiness, mme ka hoo, ba kgona ho fumana thuso ya kalaka, ya phosphate le ya inshorense ya tse lengwang, ho ba Maize Trust (masimong a bona a poone). Le ha ho le jwalo, ho teng balemi ba bang ba ntseng ba thuthuha bao bas a lemeng poone, kapa ba sitilweng ho fumana tumello ya kadimo ka agribusiness mabapi le tlhahiso ya bona, mme ha ba na tshehetso ya letho mabapi le kalaka, phosphate le inshorense. E ne e tla ba ntho e ntle hakaakang ha mmuso o ne o ka hlahella ka ho thusa balemi ka mekgwa e hlokahalang ya boipaballo! 

