Pro-activity 									Sesotho



Semelo sa rapolasi ya lokileng



Instructions: 

Folio strap: Taolo 

Byline: Phonnie du Toit, ARC-GCI

Exploding quote: Nonyana e tsohang hoseng e fumana seboko se nonneng.



Hangata ho fumaneha hore borapolasi ba fetwa ke menyetla e metle ya ho boloka ditshenyehelo kapa ho inkela motsotsonyana wa ho fumana poello e hodimo ka hobane feela ba sa etse se tshwanetseng ka nako.



Ka nako tse ding ba fumana tahlehelo e kgolo ka tsela ya tshenyeho ya disebediswa tsa tlhaho, jwaloka kgoholeho ya mobu nakong ya pula tse matla tsa difefo, hobane ba lebala maele a bohlokwa a reng, “thibelo e bohlokwa ho feta phekolo”.



Ho ba matjato ho bolela ho etsa meralo ya hao o e etsetsa pele hape o etsa mesebetsi e meng nako e sa le teng. Tlhahisong ya dijothollo, ena ke ntlha e bohlokwa haholo bakeng sa taolo. Almanaka ya temo ya polasi ya hao ke yona e laelang mesebetsi yohle ya kgwebo ya hao. Letsatsi le lokileng bakeng sa ho jala (ketsahalo e kgolo polasing ya hao) e ka ba letsatsi la pele la Phupjane haeba o rerile ho jala koro kapa letsatsi la pele la Pudungwane bakeng sa dijalo tsa hlabula. Mesebetsi ya meralo ya hao le boitokisetso ba hao dikgweding tse tlang pele ho nako ya ho jala, e tshwanela ho itshetleha hodima letsatsi leo. Ho nahanela pele kamehla, ke lebitso la papadi.



Lenane la mesebetsi e lokelang ho etswa hantle nako ya ho jala e sa le hole:



Temoho le patlo ya tsebo e tswellang

Mohato ona o tswellang o bohlokwa haholo bakeng sa ho kgontsha rapolasi hore a nke bohato nako e sa le teng. Temoho e entsweng sehleng sa jwale e ka thusa haholo bakeng sa ho thibela diphoso le ho etsa diqeto tse lokileng sehleng se latelang. Ho etsa mohlala, lehola le lemohilweng nakong ya kgolo ya dijalo le tla thusa ho lekanya mofuta wa sebolaya-lehola se tla sebediswa sehleng se latelang. Haeba o hloleha ho utulla mathata sehleng sa jwale, dintho di ka senyeha ho feta sehleng se latelang.



Rala o be o rale hape tlhotlhomiso ya tlhahiso ya hao 

Hlahloba o be o hlahlobe hape bokgoni ba tlhahiso ba mobu hape o lekanye boholo ba diheketara tseo o tlang ho jala ho tsona. Hlwedisisa mmaraka mme o kgethe dijalo tse tla o tlisetsa poello ho ya ka tlhahiso-leseding e tshepahalang ya mebaraka. Rala ditekanyetso hape o lokise moralo wa tlhahiso, o ngole pampiring ka tsela e nepahetseng kamoo o ka kgonang ka teng. 



Sebedisa menyetla ya mebaraka ka botlalo

Tikolohong ya jwale ya mebaraka, ho bohlokwa ho saena konteraka le moetsetsi wa thekiso ya tshepahalang. Konteraka e tla o tshireletsa kgahlanong le ditheko tse yang hodimo le tlase tsa dithoto. Fumana konteraka bakeng sa sejalo se seng le se seng ka theko e lokileng.

 

Fumana kadimo ya tlhahiso

O tla lokela ho etsa kopo ya kadimo ya tlhahiso haeba o batla ho jala boholong ba diheketara bo fetang tjhelete eo o nang le yona. Se ke wa dieha ho ikopanya le mokgatlo wa ditjhelete hang feela ha o se o lokisitse moralo wa hao wa tlhahiso. Tsweletso ya tumello ya kadimo ya tlhahiso e nka nako. 



Hlophisa konteraka le rakonteraka ya tshepahalang

Haeba o se boemong ba ho itokisetsa mobu bakeng sa temo le tjalo, saena konteraka le mofani wa tshebeletso eo nako e sa le teng. Etsa bonnete ba hore disebediswa tse lemang tseo o tlang ho di hloka di tla be di le teng ka nako ya ho jala. Pele o saena konteraka nka matsapa a ikgethileng a ho batlisisa boemo ba dihlomo/diphahlo tsa rakonteraka. Hopola, ho emisa ka tlhopiso ya mobu kapa ho jala nakonyana e seng kae feela e tla be e le poelomorao ho rapolasi ka bo yena.



Tlhophiso ya disebediswa le metjhine 

Nako e lokileng ya ho hlokomela disebediswa tsa hao ke qetellong ya sehla sa ho jala. Haeba mosebetsi ona o ka se tsotellwe, rapolasi ha a tsietsing ya ho lokisa metjhine ka theko e hodimo feela empa nako ya bohlokwa e ka senyeha hona hoo a ka bang a jala nako e se e mo siile. Moo disebediswa di bolokwang kamora tlhatsuwo e matla, tshebeletso e lokileng le tlhokomelo kgahlanong le ho rusa, ho tla hlokahala nako e nyenyane ya ho hlophisa metjhine bakeng sa sehla sa ho jala.



Diketso tsa poloko ya mobu

Hlahloba dipopeho tsohle tse le teng tse kang mmotomoto le tselametsi. Etsa nako ya ho hlokomela le ho lokisa dipopeho tsena ho phema kotsi mobung o ka hodimo nakong ya sehla se latelang sa pula. Haeba dipopeho tse ntjha di tla hlongwa, mosebetsi ona o lokela ho qala kapelepele. Tekano ya poloko ya mobu e hloka moralo o tsepameng le nako e lekaneng ya ho o kenya tshebetsong. 



Reka disebediswa

Nako ya ho ya reka e lokela ho sebediswa hantle. Bapisa ditheko tsa disebediswa hape o kene ditherisanong tsa ditheko tse lokileng hore o tle o boloke ditshenyehelo tsa heketara ka nngwe di le tlase kamoo ho ka kgonehang ka teng. Etsa dihlahlobo tsa hao nakong eo dijalo di holang ka yona hore o tle o tsebe ho kgetha sehlahiswa se fetang tse ding ka popeho, jwaloka mefutafuta ya dijalo e sebeditseng hantle kapa ho fetolwa ha sehlahiswa se sa sebetsang hantle hore se nkelwe sebaka ke se seng. O se ke wa senya nako ho beha kgatello hodima khamphani e rekisang disebediswa tsena ho nnetefatsa hore dihlahiswa tseo o di rekileng di fumaneha ka nako. 



Hopola, ho na le ditsebi le dikgeleke tse tla o thusa mesebetsing ena yohle. O se ke wa mathela ho bona ha o se o le tsietsing. Rerela pele, ba bitse KAJENO!





