Prices 										Sesotho



Tjhebo e nngwe ya ditheko tse nyolohang tsa dijo



Instructions: 

Folio strap: Ditheko tsa dijo 

Byline: Sakkie van Zyl, raekonomi: Dipatlisiso tsa Mmaraka (Corné Louw o tlotlwa ka diphehiso tsa hae tsa ditheko tsa disele le yurea tsa kgwedi le kgwedi) 



Kerafo 1: Borotho bo bosweu (700 g)

	 Koro ya Safex 

	 Tshupane

	 Kgwedi

Kerafo 2: Yurea

	 Koro ya Safex 

	 Disele

	 Index

	 Kgwedi

Kerafo 3: Borotho bo bosweu (700 g)

	 Phofo ya poone

	 Yurea

	 Disele

	 Trend - borotho bo bosweu

	 Trend - yurea

	 Index

	 Kgwedi



Ditheko tse nyolohang tsa dijo, haholoholo tsa dijo tsa mehla, di ntse di le ka sehlohong ditabeng dikgweding tse mmalwa tse fetileng hape bareki ba fumana theko e hodimo ya borotho e le boima ho e kwenya. Mabaka ao ho fanwang ka ona mabapi le dinyollo tsena ke ho nyoloha ho matla dithekong tsa diphahlo tsa temo mebarakeng ya matjhaba le tlhokeho ya diphahlo tsena mebarakeng ya hae mona. 



Papisong ya ditheko e entsweng mahareng a ditheko tsa konteraka tsa Safex le ditheko tsa borotho tsa dikgwedi tse nyallanang kerafong, ho a bonahala hore theko ya koro e nyoloha kapele ho feta theko ya borotho (Kerafo ya 1). Kgonahalo e hodimo ya hore ho sa tla ba le ho nyoloha ho hoholo ha ditheko tsa dijo dikgweding tse tlang. Bareki ba seng ba ntse ba sokola ho kopanya dintho, ba tlameha ho fasa mabanta thekeng ho feta pele dikgweding tse tlang. 



 

Kerafo 1: Lenane la theko ya borotho ho tloha kgweding ya Pherekgong, selemong sa 2000. 

Sources: Grain SA, Safex le Statistics South Africa (ho tswa leqepheng la webosaete la Sagis).



Ka lebaka la ditheko tse hodimo tsa jwale tsa diphahlo tsa temo, batho ba bangata ba nang le tsebo e fokolang ba na le maikutlo a hore tlhahiso ya dijothollo e ka ba tlisetsa poello e hodimo. Borapolasi ba kgonneng ho tswela pela le ho tiisetsa kgwebong ho tloha dilemong tse fetileng, moo ditheko tse tlase le maemo a komello e neng e le dijo tsa letsatsi, ba kgona le ho hema hajwale. Le ha ho le jwalo, ka lebaka la ho nyoloha ho hodimo ha ditshenyehelo tsa tlhahiso, kgonahalo ya ditheko tse tlase e tla dula e le toro. 



Kerafo ya 2 e bontsha hore mahareng a 2004 le 2007, theko ya koro e ne e sa tsamaisane le ditheko tse hodimo tsa disele le monontsha – boemo bo sa tsitsang. Ditheko tse tlase tse bonweng tsa tlhahiso, mmoho le ditshenyehelo tse hodimo tsa tlhahiso di bapetse karolo e kgolo tabeng ya hore bahlahisi ba bangata ba tlohele tlhahiso ya dijothollo. Boemo bona ke bo bobe bakeng sa karolo ya rapolasi ya ntseng a hola – tlhahiso ya dijothollo e lokela ho ba le poello hore borapolasi ba batjha ba tle ba atlehe. 



Ho nyoloha ha jwale ha ditheko tsa diphahlo ho file borapolasi tshepo e nyenyane, empa ditshenyehelo tsa tlhahiso tse nyolohang di kgutlisa kgatello hape – borapolasi ba fumana ho le boima ho hlahisa dijothollo ba be ba etse poello. 



	

Kerafo 2: Theko ya index ya yurea, disele le koro ho tloha kgweding ya Pherekgong selemong sa 2000.

Sources: Grain SA, Safex and Statistics South Africa (ho tswa leqepheng la webosaete ya Sagis).



Kerafo 3 e bapisa lenane la theko la disebediswa tse kenywang tlhahisong jwaloka yurea (letswai le fumanwang morotong) le diesel, le ditheko tsa borotho le phofo ya poone. Ho hlakile hore borapolasi ba lokeIa ho sebetsana le ditheko tse hodimo tsa dintho tse kenywang tlhahisong ka tsela e tebileng ho feta ditheko tse hodimo tsa dijo tse tobileng bareki. Tjheine e molemo ya dijothollo e tlameha ho sebetsa ka bokgoni hore e tle e hlahise dihlahiswa tse ngata ka disebediswa tse sa fetohang – ho seng jwalo bareki ba tla lokela ho lefa haholo bakeng sa dijo. 



	

Kerafo 3: Lenane la theko la borotho bo bosweu, phofo ya poone, yurea le disele ho tloha kgweding ya Pherekgong selemong sa 2000.

Sources: Grain SA, Safex le Statistics South Africa (ho tswa leqepheng la webosaete ya Sagis).



Ha re qetela

Ho nyoloha hona ho matla tjena ha ditheko tsa dijo tsa mehla ke ditlamorao tsa ho hloleha ha Mmuso ho beha maano le meralo ya temo tse nepahetseng, ho kenyeletswa le ho hloleha ha Mmuso ho kenya tshebetsong maano le meralo tse seng di ntse di le teng. Bahlahisi ba le bang ba ke ke ba kgona ho hlahisa dijo tsa theko e tlase bakeng sa setjhaba – Mmuso o lokela ho bapala karolo ya ona. 



