Practice									Sesotho



Na o etsa seo re se bolelang?



Instructions

Folio Strap: Kwetliso

Byline: Jane McPherson, manejara wa Lenaneo la Ntshetsopele ya Molemi la Grain SA



O ka isa pere metsing, empa o ke ke wa e qobella ho nwa metsi! Nako e fetang selemo, e fetileng, ke batho ba fetang 2 000 ba bileng teng dithutong tsa kwetliso, tse neng di tsamaiswa ke Lenaneo la Ntshetsopele ya Molemi la Grain SA. Mohlomong jwale ke nako ya ho ipotsa dipotso – ke sekgahla sefe seo kwetliso ena e nang le sona ditlwaelong tsa temo tsa balemi?



Ha eba o bile teng thutong e simollang ya tlhahiso (poone, soneblomo kapa mabele), e ka ba hantle ha o ka ipotsa dipotso tse latelang:

Ke hlahisa dijothollo tsa ka mobung o jwang?

Ke jetse dihekthareng tse kae?

Botebo ba mobu e bile bo bokae?

Boemo ba pH ya mobu wa ka ke bofe?

Boemo ba menontsha ya mobu wa ka (N, P le K) ke bofe?

Pula ya selemo e lebelletsweng lebatoweng la ka ke e kae?

Selemong se tlwaelehileng, ke kuno e kae e ka lebellwang lebatoweng la ka? 

Na ke na le lekgapetla la mohoma (plough pan) masimong a ka?

Ke jetse dijothollo dife, le hore na e bile kgetho e ntle?

Nako e ntle ya ho jala ke efe, hobaneng e le nako e ntle?

Ke entse qeto jwang mabapi le manyolo, mme ho ka sebediswa a makae?

Ke mofuta ofe wa peo oo ke ileng ka o jala, mme ke kgannilwe ke eng?

Palo ya dimela ke e kae eo ke neng ke e lebelletse?

Ke palo e kae ya dimela eo ke ileng ka e fumana qetellong?

Ke manyolo a makae ao ke neng ke rerile ho a sebedisa, ke fihleletse eng? 

Ke nkile mehato efe taolong ya dikokwanyana le malwetse dijothollong tsa ka?

Taolo ya ka ya mahola e bile jwang?

Ke manyolo afe a iphetotseng moleko masimong a ka? 

Ke sebedisitse tjhelete e kae ho hlahisa dijothollo?

Ke poreisi e kae tone ka nngwe eo ke e fihlelletseng? Papisong le tse ding teng maemo ke afe?

Dijothollo di ntjele bokae hekthara ka nngwe?

Dijothollo di ntjele bokae tone ka nngwe?

Hoba ke kotule dijothollo tsena, ke hopotse ho jala eng lemong se tlang?

Ke tla tshehetsa dijothollo tse hlahlamang jwang ka tjhelete?

Na diterekere tsa ka di lekane ho sebetsana le masimo a ka?

Na ke tla kgona ho phetha mosebetsi kaofela ka nako e nepahetseng?

Na ke na le disebediswa tse hlokahalang ho hlahisa dijothollo?



Ha eba o hloleha ho araba dipotso tsena, mohlomong ho ka ba molemo ho nyarela hape bukaneng ya tataiso kapa wa ba teng ka seqo thutong e nngwe. Tsena ke dintlha tsa motheo ruri, mme ha eba o ilo ba mohwebi wa molemi o tlamehile maoto le matsoho ho araba dipotso tsena ka bowena.



Ho teng mekgatlo e mengata ka ntle mane e sebedisang masimo a balemi ba ntseng ba thuthuha:

Na o na le masimo?

Ke mang ya sebetsang tsa temo masimong a hao?

Merero ya hao ke efe mabapi le tshebediso ya masimo ana nakong e tlang?



Ipotse dipotso tsena e le hore o be le karabo e hlakileng mabapi le ntshetsopele ya hao jwalo ka molemi – na ruri o batla ho ba molemi kapa o rata ho etsa tjhelete ka masimo a hao le ha o dula o le siyo polasing? 















