Planting (Wheat) 								SESOTHO

 

Ha o jala koro

- hopola tsena



Instructions:

Folio Strap

Byline: Ditaba tsena di nkilwe bukaneng ya tataiso ya Grain SA ya Tlhahiso ya Koro

Photos: Photo 1 le Photo 2



Mofuta wa tokiso ya tshingwana ya peo, ebang ke ka mora mokgwa wa sejwalejwale wa temo kapa wa sekgalekgale, ke wona o tla laola mofuta wa plantere e sebediswang.



Botebo le mokgwa wa ho jala 

Tlase mona ke dintlha tsa motheho tse tla ama botebo le mekgwa e sebediswang:



Peo e tshwanetse ho sunngwa ka mokgwa o tiileng mobung o mongobo, e se tebe ho feta lehlakore le lelelele la lebokose la mmetjhese, le teng e se jalwe botebo bo bonyane ho feta lehlakore le lekgutshwanyane la lebokose leo;

Manyolo a tshwanetse ho ba ka tlasa peo, ka lehlakoreng; hape

Lekgapetla le thata le bakwang ke mohoma le tshwanetse ho rojwa pele ho jalwa, kapa nakong ya ho jala, mme ho sebediswe meno a loketseng (tines) a mohoma – meno a tshwanetse ho tshekalla hore a fapane le mola wa diski, e leng oo ho jalwang ho ona. Sepheo ke ho thibela hore peo e se fumane e jetswe feela botebong bo fetang tekano.



Mokgwa wa sebele wa ho jala, ekaba moo ho sebediswang mokgwa wa sejwalejwale wa ho phethola mobu kapa wa sekgalekgale, ke wa ho sebedisa diski e sehang, mme e latelwe ke setabodi (ripper tine) se robang lekgapetla le thata la mobu pakeng tsa diski tse sebetsang di le pedi, e leng tse behang peo ka nepo botebong bo batlahalang. Molemo wa ho roba mobu pakeng tsa diski tse pedi ke hore mobu o a rojwa hore metso e tshekaletseng e kgone ho kenella mobung. Tshingwana ya peo ha e tshwenngwe, ebile ha e omelle, e leng se etsang hore peo e jalwe hantle e thetsane le mobu o tiileng, o mongobo.



Ntlha ya bohlokwa e lokelang ho elwa hloko pele mosebetsi wa ho jala o simolla, ke kuno e habilweng. Ho teng dintlha tse ngata tse amang taolo ya kuno e habilweng:

Botebo ba mobu;

Mongobo o bolokilweng;

Boemo ba jwale ba monono wa mobu;

Kgetho ya mofuta o nepahetseng wa peo;

Nako e habilweng ya ho jala;

Mekgwa ya ho lema le bohlwahlwa ba yona;

Ho phetholwa ha mobu le tokiso ya tshingwana ya peo; hammoho le

Dipaterone tsa pula le ho noha maemo a lehodimo (bosa).



Hang ha kuno e habilweng e se e hlwailwe, jwale ho ka laolwa taba ya ho potlaka ha ho mela ha peo. Hang ha kgetho ya mefuta e se e entswe, dikgothaletso tsa khamphane ya peo di ka latelwa.

 

Tse ka lebellwang temong 

Koro e na le bokgoni bo boholo ba ho tlatselletsa dikgeo kunong, ho itshetlehilwe ka maemo a kgolo le ntshetsopele. Dimela di hlahisa dikutu tse hlahang di tswa ka tlasa mobu. Sena se tlatselletsa kgaellong e ka bang teng ya palo ya dimela, kapa ho hloka dikutu tse jwalo moo palo ya dimela e phahameng. Sena se fana ka monyetla o batsi mabapi le sekgahla sa ho mela ha peo. Mohlala, mofuta wa kgale wa peo e theohileng maemong a yona, e leng wa Scheepers 69 o ka jalwa a: 12,5 ho isa ho 15 kg hekthara ka nngwe, mme wa nna wa fihlella kuno ya 2,5 tsa ditone hekthara ka nngwe selemong se ka hodimo sa palohare mobung o tlohetsweng o sa etswa letho. 



Mobu o tlohetsweng feela ke mobu wa temo o ka hlaloswang o le nakong ya phomolo ka mora sejothollo sa nako e tefetileng se jwalo ka poone, e le hore ho latela mokgwa wa phapanyetso ya dijothollo, ho bokella mongobo, ho laola lehola le dikokwanyana le ho ntlafatsa ho phetholwa ha mobu. Kuno tse tlwaelehileng tsa palohare di ka ba ho ka etsang 1,4 ditone hekthara saekeleng ya koro ho isa ho koro kapa tone tse pedi hekthara ka nngwe ka mora saekele e phethahetseng ya ho tlohela masimo a ituletse feela. Mofuta ona wa peo o na le bokgoni ho hlahisa dikutu tse ngata le ho kgona ho shebana hantle le pula hamorao nakong ya sehla ka mora nako ya komello.



Mefuta e metjhanyana ya mabasetere ya koro e thata ya mariha, e nang le bokgoni ba tlhahiso ya protheine ya 13% e batla e hlahisa dikutu (stool) tse ropohang tlase tse ka bang robedi ho isa ho leshome le metso e mmedi semela ka seng. Ka dimela tse 20 sekwere mithara ka nngwe, palo ya dikutu (tillers) tse qetellang ka dihloohwana tse kotulehang, e ka ba pakeng tsa 160 le 240 sekwere mithara ka nngwe.



Ka dipeo tse 35 hloho ka nngwe le 25 mg kernel ka nngwe ka ditsejana tse 160 sekwere mithara ka nngwe, kuno ya 1,4 ditone hekthara ka nngwe e ka fihlellwa. (Ditshenyehelo tsa kotulo ha di a kenyeletswa). Ka dipeo tse 40 hloho ka nngwe le 25 mg kernel ka nngwe ka ditsejana tse 160 sekwere mithara ka nngwe, kuno ya 1,6 ditone hekthara ka nngwe e ka fihlellwa. Ka dipeo tse 40 hloho ka nngwe le 25 mg kernel ka nngwe ka ditsejana tse 240 sekwere mithara ka nngwe, kuno ya 2,4 ditone hekthara ka nngwe e ka fihlellwa. 



Bongata bo kgothaletswang ba ho jala le kgolo ya mefuta e fapaneng ya peo ya mabasetere e jetsweng ka nako tse fapaneng ho tloha ho hwetla ho fihlela mathwasong a mariha ka ho qolleha mabapi le sebaka seo o leng ho sona sa ho lema, bo ka fumanwa dikhamphaneng tse hlahisang dipeo hammoho le Small Grain Centre, e leng tse nang le peo e fetileng ditekong ho ya mebarakeng. Ho boetse ho a kgothaletswa ho buisana le bahlahisi ba thuthuhileng ba koro, baemedi ba mapolasi le ditshebeletso tsa katoloso tsa agribusiness mabapi le mefuta e metle ka ho fetisisa ya dipeo hammoho le sekgahla sa ho mela ha peo, tse ka sebetsang lebatoweng la hao la temo.



Hopola hore sekgahla sa ho hola ha peo le matsatsi a ho jala di tshwanetse ho dumellana le mongobo o fumanehang, boemo ba monono, manyolo, bokgoni ba mobu le dipaterone tsa pula polasing ya hao. Boiphihlelo mosebetsing ka mora nako bo tla o bontsha hore sekgahla sa ho mela ha peo mabapi le mefuta e fapaneng ya peo ke sefe polasing ya hao. Sekgahla se tlase haholo se tla sitisa kuno le ho kgothaletsa tlhodisano le mahola. Mefuta e meng ya moraorao ya peo e bonahala e fokola tlhahisong ya dikutu tse ropohang tlasa mobu, mme hangata ho jalwa 30 kg hekthara ka nngwe. Sekgahla se phahameng haholo se hlahisa dimela tse fokolang tseo kaofela di hlodisanang mabapi le mongobo o bolokilweng wa mobu, menontsha le sebaka sa ho hola, e leng se qetellang ka metso e fokolang, e tshekaletseng mahlakoreng (secondary roots). Hape ke taba ya bohlokwa ho etsa hore plantere ya hao ya koro e ntshe le ho jala bongata bo nepahetseng ba peo hammoho le dikgeo tse lekanang pakeng tsa dipeo.



Hlahloba ‘settings’ tsa plantere ya hao sebakeng seo ho lokiswang ho sona, ebe o metha peo le manyolo a sebedisitsweng hekthareng e methilweng ka nepo. Ha eba boholo ba sebaka pakeng tsa meedi kapa masimo a manyane bo tsejwa, tekolo e nepahetseng ya sekgahla sa ho jala e ka etswa ka lebelo le tlwaelehileng la tshebetso ya terekere le plantere. Hangata ‘setting’ tsa terekere e eme ka moo ho sebeletswang ka teng ha di dumellane le maemo a nnete a tshebetso masimong. Ho jala sebaka se batsi, kapotlako e fatshe kapa e phahameng ya peo kapa sona sekgahla sa manyolo, ho kgannela tshenyehelong e kgolo ya ditjhelete. 

