Plan (Maize)										Sesotho
Kenya merero ya hao ka matla tshebetsong
Folio strap: Tsamaiso
Byline: Ditaba tsena di tswa bukaneng ya tataiso ya Tsamaiso ya Polasi mabapi le phaello ka Marius Greyling 
Hang ha merero kapa meralo ya mesebetsi ya nako e tlang e se e phethilwe, mme mehlodi ya batho le e bonwang ka mahlo e se e hlophisitswe, taba ya ho kenya meralo tshebetsong ho ya ka maemo a lebelletsweng e ka tswela pele.
Ho kenngwa tshebetsong ha diketso le mesebetsi e rerilweng ho reretswe ho fihlella sepheo sa kgwebo. Ke bothoto ho shebana feela ka ho phethahala le moralo le tlhophiso, mme ho sa tsotellwe taba ya ho Kenya tshebetsong. Le teng, katleho ya ho kenya dintho tshebetsong e ka sitiswa ke moralo o fokolang le/kapa tlophiso e fokolang. A re keng re tsepamiseng maikutlo tabeng ya ho kenya dintho tshebetsong, e leng mosebetsi wa boraro wa tsamaiso. 
Ha re etla tshebetsong, mme re bile re bua ka ditaba tsa mangolo a fetileng a kang lena, tse mabapi le moralo (Phupjane Pula Imvula) le tlhophiso (leqephe la 4), re ke re tle letsatsing le kang, mohlala, la 9 Motsheanong, moo re lemohang hore se neng se rerilwe se tlamehile ho kenngwa tshebetsong. Mohlala:
Moralo le Tlhophiso: Beke ya 9 - 13 Motsheanong 2011
Mantaha 9
Mesebetsi e rerilweng
Basebetsi ba amehang
Mehlodi e meng
Ho kenya tshebetsong
Poone
Hlahloba masimo a bohlano.
Jan.
Sethuthuthu (leeto).
Buka ya ho rekota.
Phethilwe, ha ho bolwetse bo lemohuweng.
Soneblomo
Kotula masimo a boraro, dihekthara tse leshome.
Piet (Mokganni).
Padiso, Vosloo, basebetsi ba 2 ba nakwana.
Motjhine o kotulang.
Diterekere 2 le ditereilara.
Phethilwe hekthara tse 9.
Dikgomo
Hlokomela dikgomo.
Hlahloba dijo tse nyekwang le tse tshelwang sejelong.
Marole, tshwaya, tekanyo ya moriana, manamane a 100.
Klasie.
Klasie.
Moloto, Abram, Kagiso le Hendrik.
Pere, buka ya ho rekota.
Pere, buka ya ho rekota.
Menyetla ya tshwaro ya dikgomo, Sesebediswa sa ho tshwaya, meriana le disebediswa tsa ho metha, sekala le buka ya ho rekota.
Dikgomo di sa lokile.
Dijo sejelong kampo ya boraro di tlatsitswe.
100 manamane le mesebetsi e phethilweng.
Dikgoho
Lokisa ntlo ya boraro (tlosa mealo ya kgale).
Mesebetsi ya ka mehla Matlo ya pele le ya bobedi.
Johanna, Minah, Johannes.
Sarah, Monica, Dawid.
Dikhupha, mekotlana le tereilara.
Dithuluse tse ka tshwarwang ka letsoho.
Ntlo e lokisitswe.
Mesebetsi ya letsatsi e phethilwe.
Mosebetsi o akaretsang
Ferefa sebaka sa ho sebeletsa.
Rakonteraka wa poraevete.
Dithuluse tsa hao, jj.
Mosebetsi tswela pele hantle.
Ho kenya tshebetsong ka ho qolleha ho etswa ke lefapha la mehlodi ya batho kapa basebetsi ba kgwebo, mme ba tshwanetse ho akofiswa hore ba etse mosebetsi hantle. Hore ho kenngwa tshebetsong ho atlehe, ke boikarabelo ba manejara hore e be motho ya inehetseng, ya kgothetseng mesebetsing e meng ya hae ya tsamaiso, e kang boetapele, ho buisana , ho kgothaletsa, ho fa batho mesebetsi, ho hokahana le ho hlokomela hore taolo e dula e le teng.
Se lekanngwang mona
Boetapele bo matla ba ka hare ba tsamaiso bo a hlokahala hore mohato wa ho kenya tshebetsong o atlehe, mme mekgwa e metle ya ho ntshetsa pele merero/meralo e tshwanetse ho dula e batlwa ka nako tsohle. Bomanejara ba tshwanetse ho etella pele mosebetsing wa ho kenya dintho tshebetsong, e seng ka ho iketsetsa dintho ka bobona, empa ka ho kenya tjheseho basebetsing ba bona. Hore basebetsi ba kene seemeng, ba tshwanetse ho kgothaletswa ka matla. Tsamaiso e tshwanetse ho batla batho ba itetseng, ba ikemiseditseng ho etsa tsohle ka matla ohle a bona. Nakong ya ho kenya tshebetsong, tsamaiso e tshwanetse ho fana ka tataiso e hlokahalang, sena se tsosa morolo bathong.
Puisano e hlakileng ke ya bohlokwa haholo hore ho kenngwa tshebetsong e be taba e atlehileng ya tse rerilweng. Diatelo di tshwanetse ho hlaka, mme di tobe taba hantle. E mong le e mong ya amehang karolong e itseng ya ho kenya dintho tshebetsong o tshwanetse ho tseba ntle le tikatiko hore ke mang ya tshwanetseng ho etsa eng, neng, boemong bofe, le hore ho habilwe hokae.
Nakong ya ho kenya dintho tshebetsong, boemedi ke taba ya bohlokwa. Menejara o sitwa ho iketsetsa dintho a le mong. Boholo ba boemedi hangata bo tla laolwa ke boholo ba kgwebo le/kapa mosebetso o itseng, o qollehileng. Hape bo tla laolwa ke hore na tsamaiso e batla ho kena ka setotswana ho le hokae tshebetsong ena, kapa e tla ba ka thoko feela e le boemong ba ho eletsa feela na.
Ho bohlokwa ho ela hloko kgokahano pakeng tsa dihlopha tse fapaneng tsa batho. Tsamaiso ya kgwebo e tshwwanetse ho lelemela ha monate hore ho kenya dintho tshebetsong ho atlehe. Haeba kgokahano e kgineha kaekae, hona ho tla senya nako le yona tjhelete. Hopola hore tjhelete e kenang – e tswileng = phaello kapa tahlehelo. Mohlaleng wa rona, haeba meriana e lokelang ho fuwa manamane e le siyo Mantaha hoseng, ho totobetse hore mosebetsi wa ho kenya dintho tshebetsong o tla diehiswa.
Ha re kena tshebetsong, hangata ho a hlokahala hore tsamaiso e etse diqeto ka potlako hore tshebetso ya dintho e nne e lelemele hantle e sa kginwe ke letho. Ha terekere e pantjhelwa ke lebidi nakong ya kotulo, phephetso e tjena e rarollwa jwang? O sebedisa terekere e nngwe? 
Taolo ya boitshwaro, e leng ya bohlokwa ka ho fetisisa, e tshwanetse ho dula e hlokometswe ka nako tsohle ho tiisa hore ho kenngwa tshebetsong ha dintho e ba ho nepahetseng. Na mosebetsi o etswang o le tlasa maemo a lebelletsweng o a amoheleha? Haeba taolo e mpe ya boitshwaro e sa rarollwe ka nepo, hona ho ka ba le sekgahla se sebe haholo mesebetsing e tshwanetseng ho etswa.
Tsa bohlokwa pele
Tshebetsong ho a etsahala hore motho a shebane le mesebetsi e mmedi kapa e mengata, mme re hopole hore mesebetsi e meng e sa rerwang e ka nna ya ropoha e sa lebellwa – ho tjha ha naha/makgulo, poho ya hao e ntle e ka nna ya wela seretseng. Boiphihlelo bo bontshitse hore ha se mesebetsi yohle e ka etswang ka nako e le nngwe. Qeto e tshwanetse ho etswa ya hore ke efe e ka phallelwang pele - ya bohlokwa, e tlang pele ke efe? 
Mesebetsi e nang le sekgahla tjheleteng e kenang le/kapa e amang basebetsi ba hao, mohlala, e ka bakang hore ba sebetse le ka mora dihora tsa mosebetsi, e tadingwa e le ya bohlokwa. Mesebetsi e ka hlophiswa ka mekgwa ena:
Bohlokwa bo phahameng/potlako e phahameng; 
Bohlokwa bo phahameng/potlako e tlase; 
Bohlokwa bo tlase/potlako e phahameng; le 
Bohlokwa bo tlase/potlako e tlase.
Mesebetsi e tlang pelepele e ka tadingwa e le ya bohlokwa bo phahameng/potlako e phahameng. Bohlokwa bo phahameng bo bolela hore mesebetsi eo e ka ba le sekgahla tjheleteng e kenang – ha e ka etswa kapele e ka eketsa tjhelete e kenang – haeba e sa etswe e ka nna ya fokotsa tjhelete e kenang. Hape e ka nna ya ba mosebetsi o nang le sekgahla ditshenyehelong (tjheleteng e tswang). Haeba e sa etswe hanghang e ka nna ya eketsa tjhelete ya ditshenyehelo. 
Potlako e amana le nako eo o nang le yona ya ho etsa mosebetsi o itseng – o tshwanetse ho etswa hanghang/kajeno kapa o ka nna wa etswa hamorao. Ha ho ntse ho kotulwa, mme ho eba teng phoso e itseng ya motjhine, tokiso ya sesebediswa kapa terekere e tla tadingwa e le mosebetsi wa bohlokwa bo phahameng/potlako e phahameng – o tlang pele. Ka mokgwa o jwalo, ha kgomo e ena le bothata bo itseng ka manamane a yona, haholoholo dikgomong tse reretsweng ho etsa manamane. Taba ya ho ngola faeleng ofising e ka nna ya etswa hamorao. Mosebetsi ona o ka tadingwa e le wa bohlokwa bo tlase/potlako e tlase kapa o sa tleng pele. O ka nna wa tjhesisetswa morao.
Ka baka lena, ho a hlokahala, mme ho bohlokwa ka ho fetisisa ho fihlella tsohle tse reretsweng kgwebo ya hao, ho kenya dintho tshebetsong ka ho phethahala, merero/meralo yohle ho ya ka maemo a lebelletsweng. 
