Planning (Wheat)										Sesotho
Morero wa sehla se hlahlamang sa koro
Instructions:
Folio strap: 
Byline: Ditaba tsena di tswa ho molemi wa nako e fetileng
Hang ha o se o kotutse koro ya hao ya 2010, morero o batsi wa sehla se hlahlamang o a simolla. Ena ke nako e ntle ya ho hetla morao le ho sheba tse etsahetseng sehleng se fetileng le ho hlahloba tsamaiso tse fapaneng, hammoho le dintlha tsa tlhahiso ya dijothollo tse kentseng letsoho bolenng ba qetelo le kunong ya dijothollo.
Haeba direkoto tsa histori ha di a ka tsa bolokwa mabapi le masimo a mang le a mang, jwale ke nako e ntle ya ho kgona ho sebedisa dintlha tsa selemo se fetileng ka sepheo sa ho simolla mokgwa wa ho boloka dintlha.
Haeba moralo wa kgwebo o kenyelletsang moralo wa ditshenyehelo kaofela mabapi le sejothollo ka nngwe o ile wa etswa selemong se fetileng, dintho tse ileng tsa sebediswa hammoho le ditjeo tse bileng teng, tsena tsohle di tshwanetse ho bapiswa ka hloko le ditekanyetso tsa sethathong. Dintlha tse tshwaetsang tse kenngwang mobung hammoho le tse amanang le ditjhelete hammoho le maemo a tlelaemete a bileng le kabelo katlehong kapa ho nyopeng ha sejothollo se itseng, di ka elwa hloko le ho lekolwa ka sepheo sa ho fetola dintho kapa ho etsa ntlafatso. 
Direkoto
Direkoto tsa motheho mabapi le dintlha tse latelang tsa masimo di tshwanetse ho bolokwa le ho ekeletswa selemo le selemo: lebitso la polasi, setereke sa polasi, ho nama ha sebaka (area), dibaka tsa mobu o ka lengwang, thota ya ho fudisa, makgulo a ntlafaditsweng, nosetso, moo ho ahilweng teng, ditoro le meaho
Masimo a mang le a mang polasing a ka behwa leihlo mabapi le dintlha tse latelang: area ya masimo, botebo ba mobu, mofuta wa mobu, monono wa mobu, ho fetofetoha ha maemo nakong ya lemo tse mmalwa. (Haeba tsena di le teng diphethong tsa diteko tsa mobu), phapantsho ya dijothollo, morero wa phapantsho ya dijothollo, sejothollo se qetelletseng ho jalwa ho kenyelleditswe matsatsi a ho jala, mofuta wa peo, sekgahla sa ho hola ha peo, palohare ya pula, pula e neleng nakong ya ho phetholwa ha mobu empa ho sa ka ha jalwa letho, pele sejothollo ka seng se jalwa, pula e bileng teng nakong ya ho hola ha dimela, taolo ya mahola e ileng ya sebediswa (ho kenyelleditswe dikhemikhale le sekgahla sa tshebediso se ileng sa fihlellwa le bokgabane sona), dibolayakokwanyana tse ileng tsa sebediswa le bokgabane ba tsona, kuno ya sejothollo le boleng ba sona.
Ditjeo tsa manyolo ke e nngwe ya ditjeo tse otlollohileng tsa sehlooho ho tse kenngwang mobung lenaneong la dijothollo. Tshebediso e kgabane ya lenaneo le rerilweng la menontsha sehleng ka seng le dihleng tsa hlahlamanang, ke yona e tla laola tlhahiso e phahameng ya kuno. Ho hlokolosi ho tseba boemo ba mobu wa hao, haholoholo ka mora sejothollo sa kuno e phahameng le pula e ngata e fumanweng mabatoweng a itseng moo menontsha e bohlokwa ya dimela e ka nnang yaba e nkilwe ke metsi a mangata a pula. Bosehla bo bakwang ke bosiyo ba nitrojene le sulphur bo ile ba totobala diterekeng tse ngata tsa mapolasi sehleng sena se fetileng. Mabapi le palohare e ka hodimo ya sejothollo, menontsha e lahlehileng e tlamehile ho kgutlisetswa, sepheo e le hore sejothollo se hlahlamang se kgone ho fihlella kuno e lebelletsweng. Ka sena kelellong tsa rona, disampole di tshwanetse ho nkwa masimong a mang le a mang a koro a ilo lengwa, mme di romellwe tekong. 
Disampole tsa mobu le teko tsa mobu
Mehato e mengata e tshwanetse ho latelwa ho tiisa hore lenaneo le nepahetseng la teko ya kalaka le manyolo e tla ba le nepahetseng mosebetsing wa hao wa temo. Tsena di kenyelletsa pokello e nepahetseng le tlhokomelo ya disampole tsa mobu, mehato e loketseng ya teko, ditataiso tse fupuditsweng hantle mabapi le ho toloka diphetho, ntshetsopele ya dikgothaletso tsa sekgahla se nepahetseng sa menontsha, hammoho le ho kenyelletswa ha ditlhoko tse kgothalleditsweng tsa menontsha ya dijothollo lenaneong le akaretsang la tlhokomelo ya menontsha. 
Pokello ya disampole tsa mobu
Sepheo sa teko ya mobu ke ho fumana bokgoni ba mobu ba ho fana ka menontsha e hlokahalang dijothollong tse holang le ho hlahloba mathata afe kapa afe a mobu a ka sitisang kgolo e ntle le tswelopele ya dijothollo. Ka kakaretso, dijothollo di itshetlehile haholo ka menontsha eo di e fumanang e le manyolo ha mehato ya teko ya mobu e eketseha. Teko ya mobu mabapi le letsopa le yona e fana ka monyetla wa sekgahla se nepahetseng sa sebolayalehola lenaneong la taolo ya mahola. 
Ho bohlokwa ho nka sampole masimong a mang le a mang. Hekthara ya mobu ya botebo ba 15 cm e etsa boima ba 2 400 ditone, le teng ho itshetlehilwe ka ho phetholwa ha mobu, ho bokellana ha ona le ho teteana ha ona. Sampole ya ho qetela e romellwang laboratoring e ka nna ya etsa 0,5 ya kilogram, e leng moo ho ka nnang ha hlophollwa feela digram tse seng kae. Ka hoo, ho hlokolosi ho arohanya masimo a fapanang ka botebo ba mobu le mefuta ya ona, le tsona dibaka ka hara masimo, tseo re ka reng ha di emele boemo ba masimo kaofela. E batla e le tlwaelo hore balemi ba kenye manyolo ka sekgahla seo matshwao (calibrations) a reretsweng sebaka sohle sa masimo ka ho lekana, haese moo ho sebediswang sesebediswa sa satelaete se salang mehlala morao (GPS) hammoho le metjhine ya manyolo e hoketsweng plantereng.
Teko, ka hoo, ha e molemo hakaalo ho feta sampole e nkilweng masimong. Hopola hore ho teng ho fapana ho hoholo ha mebu masimong. Nakong e fetileng, ho ne ho nkuwa hore sampole e nkilweng dihekthareng tse ding le tse ding tse leshome tsa masimo e lekane. Le ha ho le jwalo, ho molemo ho reka kapa ho adima motjhine wa teko ya mobu (barrel auger), le ho tsamaya ka mokgwa o matswedintsweke (zigzag) masimong ohle ho tloha hodimo ho ya tlase, batho ba babedi, e mong a tshwere mokotla wa sampole ka nngwe, mme ho nkuwe sampole ya botebo bo seng pakeng tsa 15 cm le 20 cm, empa bo sa feteng 20 cm.
Lebokose la sampole le tshwanetse ho tshwauwa ka mokgwa o hlakileng mabapi le tsena – nomoro ya masimo, lebitso, aterese ya polasi, dinomoro tsa mohala, le letsatsi la ho nkuwa ha sampole, e le ho qoba pherekano e ka bang teng laboratoring. Ka mehla ho molemo ho phetha sena o sa le masimong e le hore ho se be teng phoso ya ho fapanya disampole. Disampole tsa mobu ha di a tshwanela ho nkuwa dibakeng tse fosahetseng, tse kang, dihlohong tsa masimo moo ho sa lengwang, diforong, dibakeng tsa kgale moo furu e entseng manyolo, dibakeng tse tlase tse ikentseng thajana, kapa sebaka sefe le sefe se hoholehileng.
Ho ya ka sethekgenike ho a kgonahala ho sebedisa Mekgwa e Batsi ya ho Emisa (Global Positioning Systems) ho hlwaya dintlha mokgweng wa keriti (grid) ho hlwaya dintlha keriting ka hara 0,5 ho isa ho 4 mithara moo dintlha di kopanang teng kapa ho qhalanya disampole ka hara keriti. Jwale disampole di ka nna tsa bapiswa nako le nako nakong e tlang, mme diphetoho tse fapaneng mabapi le monono wa mobu di ka dula di beilwe leihlo nakong e telele. Diphetho tsa dintlha (data) di ka fihlellwa ka Mokgwa Tsebiso ya Mobu (Ground Information System (GIS) e le hore karete e bontshang mmala, e bontshang pH, calcium, magnesium, phosphate, sulphur, nitrogen, micro nutrients hammoho le diphetoho tse ding tsa teko ya mobu, e ka hlahiswa, e leng e bontshang ponahalo e hlakileng ya bothata bo leng teng masimong. Mabatoweng a mangata centre pivots di dula di hlahlojwa ka mokgwa wa keriti, empa ho sebediswa dihekthara.
Disampole kgafetsa hakae
Nako e ntle ka ho fetisisa ya ho etsa disampole ke ha o ipha nako ya ho etsa ntho e phethahetseng, ha o etsa kahlolo e ntle ka ho arola masimo dikotwana tse lekanang tsa ho etsa disampole nakong yona eo selemo le selemo ka mora kotulo kapa sebakeng se le seng phapantshong ya dijothollo. Ho molemo ho romella disampole laboratoring nakong eo e se nang mosebetsi o mongata. Ho rera ho tshwanetse ho etswa ka nako ka moralo o phethahetseng wa kgwebo, hammoho le ho hokahana le baemedi bao boikarabelo ba bona e leng ho fana ka lesedi dikgothaletsong tse mabapi le manyolo. 
Tlhokomelo ya disampole
Hlokomela hore mokotla wa sampole ka nngwe o totobatsa masimo ka ho hlaka, le hore sampole e na le nomoro ya yona e ikgethang, le hore mekotla e bolokwa e baballehile moo motjheso o seng mongata, sebakeng se phodileng, le hore e romellwa laboratoring kapele hoba e bolokwe jwalo.
Kgetho ya laboratori
Kgetha laboratory eo kgafetsa e etelwang ke mang kapa mang neng kapa neng ho hlahloba bokgoni ba mobu ka metjhine e tshwailweng, e leng ya mekgatlo ya tsa mebu (agronomy). Dintlha tse ding tse ka shejwang ke, diphetho tse nepahetseng tsa tlhophollo, mekgwa e nepahetseng ya teko/hlahlobo ya mobu, tshebeletso e ntle e kang ho hlahlobisisa ho etsa bonnete hore phoso ha di yo, nako e potlakileng ya ho phetha mosebetsi, bokgoni ba ho romela diphetho tsa teko ka elektronike, ditjeo tsa tshebeletso, le boikemisetso ba ho buisana ka bolokolohi pakeng tsa hao, baemedi le basebeletsi ba laboratori. Khansele ya Diphuputso tsa Mobu (ARC) mane Bethlehem e kgotsofatsa ditlhoko tsena. Le ha ho le jwalo, dilaboratori tse ding di ka nna tsa sebediswa haeba teko ya sulphur e hlokahala.
Kopa diteko tse hlokwang ke masimo a hao
Dilaboratori tse ngata ka ho fetisisa di na le sehlopha sa diteko tsa sehlooho tseo ka tlwaelo di etswang e le tse tlwaelehileng, mme di etswa ka ditefello tse utlwahalang ha di bapiswa le molemo o fumanwang diphethong. 
Etsa hore o nka disampole kaofela masimong ohle moo o hopotseng ho ya jala koro teng – hopola ho ela hloko pH ya mobu ka ha ho ka nna ha hlokahala hore o sebedise kalaka pele o jala. 
