Planning (Maize)								Sesotho
Sejosenyane ha se fete molomo
Folio strap: Tsamaiso
Byline: Ditaba tse mona di fumanwe bukaneng ya tataiso ya Tsamaiso ya polasi ho etsa phaello ka Marius Greyling
Hore kgwebo e atlehe, e tshwanetse ho tsamaiswa ka nepo. Ho rala dintho ka nepo ho hlokolosi hobane ke motheo wa mesebetsi yohle ya tsamaiso.
Ho tsamaisa dintho ka tshwanelo ho bolela hore mesebetsi e mene ya tsamaiso – ho rala, ho hlophisa, ho kenya tshebetsong le ho laola, e tshwanetse ho phethwa ka tshwanelo, mosebetsi ka mong o fuwe thahasello eo o e hlokang hore kgwebo e sebetse hantle nakong e telele ho fihlella tse habilweng, tse kang phaello. 
Ho rala ruri ho tlamehile ho ba mosebetsi o hlokolosi wa molemi ka ha ke motheo wa mesebetsi kaofela ya polasi. Ho rala ho ka hlaloswa e le boikemisetso ba mesebetsi ya nako e tlang, e hlokahalang ho fihlella sepheo sa kgwebo ho latela sekema se itseng sa ho fihlella mesebetsi e lebelletsweng. 
Hangata ho bolelwa hore motho o sitwa ho rala kapa ho rera ka kelello maemong a temo, mme lebaka le bolelwang ke hore temo e na le tse ngata tse se nang tiisetso/bonnete le dikotsi, tse kang, maemo a tlelaemete, malwetse, phepelo le ho hloka botsitso ha ditheko tsa tse kenngwang mobung le dihlahiswa. Dikotsi tse jwalo, le tse fetofetohang, di ikgethile tlhahisong ya temo, mme ha se tse ka hanyetswang, mme di baka phephetso moralong wa kgwebo ya temo. Le ha ho le jwalo, sejosenyane ha se fete molomo. Keletso ke ho rala dintho tsa hao ho ya ka palohare ya selemo le ho fetola mawa a hao haeba maemo a tswileng taolong a ka tshoha a ba teng hara selemo.
Tabeng ya moralo, tse tshwanetseng ho elwa hloko haholo ke tsena: 
Ho tshwanetse ho etswa eng? 
Ho tshwanetse ho etswa hokae?
Ho tshwanetse ho etswa neng? 
Ho tshwanetse ho etswa ho hokae? 
Ho tshwanetse ho etswa jwang?
Moralo o ka etswang
Moralo o ka etswang o hloka hore meralo e ngolwe fatshe, mme ho be teng boitshwaro. Motho o tshwanetse ho etsa ntho, mme a e etse ho fihlela e le tlwaelo. Ho rala ho ka nna ha ba tayaring, hodima boto, kapa kae feela, ka mokgwa wa elektronike kapa jwang feela. Ha o ntse o rala haholo ka mokgwa ona, ke moo meralo ya hao e tla nne e bonahale e fetoha ya nnete hobane e theilwe ho tseo motho o fetileng ho tsona nakong e fetileng le ditabeng tse fetileng.
Ka tlwaelo moralo o theilwe le ho etswa selemo le selemo. Ho tla etswa eng polasing selemong se tlang. Le ha ho le jwalo, ho tshwanetse ho ba teng moralo wa nako e telele o theilweng ho se tla hlahiswa nakong e telele.
Moralo wa nako e telele
Ona ke moralo o sephara haholo o supang se hopotsweng ho hlahiswa nakong e telele e tlang – e ka nna ya ba dilemo tse hlano kapa ho feta. Mohlala, ikemisetse ho hlahisa dihekthara tse 500 tsa dijothollo ka selemo, ho hlahisa nama makgulong, le tsona dikgoho.
Moralo wa selemo
Ona o na le dikarolo tse pedi jwalo ka ha ho boletswe tlase mona:
Moralo ka kakaretso
Ona o tshwanetse ho bontsha ka kakaretso tshebetso e batsi e tshwanetseng ho phethwa selemong se tlang, jwalo ka ho ferefa moaho o itseng, ho kampela ka terata, ho hlokomela diterata tse kampelang, ho reka mohoma o mong, dithuto tsa matsatsi a balemi a tshwanetseng ho etelwa, jwalojwalo.
Meralo ya tlhahiso
Se tla hlahiswa ka ho qolleha selemong, ho hokae, le hore jwang, hape le hore sehlahiswa ka seng se tla mmarakwa jwang. Moralo wa selemo sa 2010/2011 o tshwanetse ho kenyeletsa mesebetsi ya tlhahiso, mohlala:
Ho lema dihekthara tse 4000 tsa poone e tshehla mabapi le mesebetsi ya polasi, e salang e tla rekiswa ka konteraka ho ba leng haufi.
Ho lema dihekthara tse 100 tsa soneblomo, e rekiswang ka konteraka.
Ho hlahisa disteers tse 200 tsa dikgwedi tse 20 tse tshwanetseng ho rekisetswa YYY Supermarket.
Ho hlahisa dikgoho tse 40 000 ka kgwedi tse ka rekisetswang XXX Chicken Wholesalers.
Oralo o tshwanetso kenyeletsa mesebetsi ka kakaretso, mohlala:
Ho ferefa setoro sa workshop le sa terekere.
Ho etsa letamo kampong ya 9.
Ho lokisa le ho boloka diterata tse kampelang.
Moralo wa kgwedi
Ho tloha moralong wa selemo – kakaretso le tlhahiso – moralo wa kgwedi o ka etswa. Mohlala, moralo wa kgwedi ya Motsheanong 2011 o ka ba tjena:
Kakaretso – ho ferefa setoro sa workshop le sa terekere.
Moralo wa tlhahiso – mabapi le poone hlahloba masimo kaofela, mme mabapi le kotulo ya soneblomo e be dihekthara tse 100.
Dikgomo – phepelo ya lick ya mariha ya diphoofolo, phepelo ya creep feeding ya manamane, dikgomo tse tlositsweng letsweleng, fumana boima ba tsona, o tshwaye manamane kaofela ka moriana wa broad spectrum le ho fumana boima (mass) ba diphoofolo kaofela.
Dikgoho – etsa mesebetsi kaofela ya letsatsi, mmaraka ntlo ya bobedi, mme o lokisetse ditsuonyana ntllo ya boraro.
Moralo wa beke le beke
Maqalong a kgwedi, meralo ya beke le beke, mabapi le kgwedi ka nngwe, e ka etswa. Motheo wa meralo ya beke e theilwe ho ya kgwedi, ka kakaretso le ho ya ka tlhahiso.
Meralo ya letsatsi (ya mosebetsi)
Moralo wa ho qetela o tshwanetse ho ba wa letsatsi le letsatsi qetellong ya beke e fetileng, mme o bontsha ka botlalo se tla etswa letsatsi ka leng bekeng e tlang. Mohlala: Beke ya 9 – 13 Motsheanong 2011, (moralo wa beke le wa letsatsi e kopantswe theiboleng ya 1).
Theibole ya 1:
Poone
Soneblommo
Dikgomo
Dikgoho
Kakaretso
Mantaha 09
Hlahloba masimo 5
Kotula hekthara tse leshome tsa masimo 3
Sheba dikgomo
Sheba winter lick, creep feed.
Dikgomo tse tlositsweng letsweleng, tshwaya, mothamo, kala manamane a 100.
Lokisa ntlo 3
Mesebetsi ya letsatsi ntlo 1 le 2
Ferefa workshopo
Labobedi 10
Hlahloba masimo 6
Kotula dihekthara tse 10 tsa masimo 3
Sheba dikgomo
Sheba winter lick, creep feed.
Dikgomo tse tlositsweng letsweleng, tshwaya, mothamo, kala manamane a 100
Lokisa ntlo 3
Mesebetsi ya letsatsi Ntlo 1 le 2
Ferefa workshopo 
Laboraro 11
Hlahloba masimo 7
Kotula dihekthara tse 10 tsa masimo 4
Sheba dikgomo
Sheba winter lick, creep feed.
Hlwekisa trough tsa metsi
Lokisa ntlo 3
Mesebetsi ya letsatsi Ntlo 1 le 2
Ferefa workshopo
Labone 12
Hlahloba masimo 8
Kotula dihekthara tse 10 tsa masimo 4
Sheba dikgomo
Sheba winter lick, creep feed.
Hlwekisa trough tsa metsi
Lokisa ntlo 3
Mesebetsi ya letsatsi Ntlo 1 le 2
Ferefa workshopo
Labohlano 13
Hlahloba masimo 9
Kotula dihekthara tse 10 tsa masimo 4
Sheba dikgomo
Sheba winter lick, creep feed.
Lokisa heke ya holding pen.
Lokisa ntlo 3
Mesebetsi ya letsatsi Ntlo 1 le 2
Ferefa workshopo
(Ho phethahale kajeno).
Ha kotare e le kgutshwane , dintlha tse ngata di tshwanela ho kenyeletswa meralong. Hape hopola hore meralo e ke ke ya sitwa ho fetolwa, haholoholo, e seng kgwebong ya polasi. Ho teng diketsahalo tse ngata tse itlhahelang feela di sa lebellwa, tse kang ho tjha ha makgulo, ho robeha ha dintho, malwetse, jwalojwalo. 
Moralo jwalo ka mosebetsi wa tsamaiso o sebetsa e le motheo wa ho hlophisa le ho kenya tshebetsong , e leng tse tla tshohlwa artikeleng e hlahlamang. Ntle le ho ba le moralo,ha ho taolo ya sebele e tla ba teng hobane moralo ke motheo wa pele mosebetsing wa taolo ka ho beha maemo a hlokahalang ho etsa taolo.
Nkong ya ho etsa moralo, ho hlophisa, ho Kenya tshebetsong, le ho laola, manejara o tshwanetse ho ba motho ya inehetseng mesebetsing e meng ya bomanejara, e leng, boetapele, ho buisana, ho Kenya tjheseho, ho sebedisa ba bang, ho hokahanya, ho etsa diqeto le ho boloka taolo. Mokgwa oo motho a keneng ka teng mesebetsing ena o laolwa ke boholo ba kgwebo.
