Plan (Maize) 								 Sesotho
Rera mme o eme jwalo ka motho wa profeshene
Instructions: 
Folio strap: Keketso ya boleng
Byline: Jenny Mathews, modulasetulo wa Lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi
Ditaba tsena di reretswe ho kgothaletsa molemi e mong le e mong ya ntseng a le mohatong wa ho fumana mobu, empa di boetse di bohlokwa ho ba bang ba rona ba seng ba ena le mobu hore ka nako tsohle ba shebe boemo ba bona le ho etsa tekolo mabapi le ho tsitsa ha nako e telele ha mapolasi a rona jwalo ka kgwebo. 
Ho ba le mobu e se e le taba e amang maikutlo, mme ho se ho sebediswa e le mokotla o setlwang ka difeisi lebatoweng la dipolotike. Le ha ho le jwalo, molemi ya tla atleha ha a fumana mobu, ekaba ka mokgwa ofe, e tla ba molemi ya nang le katamelo ka mokgwa wa profeshene ya lekolang ka matla dintlha tsohle tse tshohlwang tlase mona.
Ho nyopa ha ntjhafatso ya mobu - hlwaya sekgeo mmarakeng
Ke nnete hore le hoja ho le teng pherekano le ho se kgotsofale ntjhafatsong ya mobu mohatong wa motheo, mapolasi a mangata a se a rekilwe ka katleho ka mokgwa wa morekisi ya ikemiseditseng le moreki ya ikemiseditseng, mme hape ke nnete hore ke feela a mang a mapolasi ao a fetiseditsweng ho majalefa a hlwailweng hore a ka amohela mobu. Ba bang ba rona re se re le babohi feela ba se nang matla tshebetsong ena ya neheletsano ya mobu. Re dula re ipotsa dipotso tse ngata mabapi le mekgwa e sebediswang ya ho kgetha le ho hlwaya majalefa ana. Hangata re se re ile ra nna ra utlwa ditaba tse monate tsa phumantsho ya mobu, empa le pele mathe a oma re se re utlwa tse ding ditaba tsa ka moo yona “projeke” eo e nyopileng ka teng!
Kgweding ya Hlakubele 2010, Letona la Ntshetsopele ya Mahae le Ntjhafatso ya Mobu, Gugile Nkwinti, o ile a dumela hore mananeo a mmuso a ntjhafatso ya mobu ha a ka a atleha, le hore majalefa a mangata haholo a hlolehile ho etsa kgwebo e atlehileng ka masimo a ona. Tshita ena ka ho otloloha e beha leano la mmuso la ntjhafatso ya mobu ka mosing, e leng le reretsweng ho fetisetsa 30% ya mobu o lengwang ho balemi ba batho ba batsho pele ho 2014. Ena ke taba e kgathatsang matla! Bohle ba nang le seabo ho Grain South Africa le Ketaneng ya Boleng ba Dijothollo (grain value chain) ba dumela ntle le pelaelo hore ho fetisetswa ha mobu ka katleho ke taba e hlokolosi ho tiyeng ha nako e telele le katlehong ya temo, le hore ke senotlolo sa paballeho ya dijo sa naha ya rona.
Phephetso ho fumanweng ha majalefa a lokelang – tharollo ke wena
Ho thata ho tseba hore na ba neilweng boikarabelo ba ho aba mobu botjha ba lekotse jwang le ho hlwaya majalefa jwang. Re tlamehile ho dumela hore ha re qhelela ka thoko tlwaelo ya ho fa ba leloko menyetla le ho sebeletsa batho ka leeme, ho tla ba teng tshebetso ya nnete e hlokang leeme e tla tsamaiswa ka seriti molemong wa setjhaba le ntjhafatsong e atlehileng ya mobu. Mona ke moo molemi wa sebele eo ruri e leng motho wa profeshene, ya lakatsang ho ba molemi pelong le moyeng, a lokelang ho tlama lebanta teng. Balemi ba nang le toro ya hore tsatsi le leng ba tla ba le mobu wa bona, mme ba ena le tshepo ya una molemo leanong la jwale la ntjhafatso ya mobu, ba tlamehile ho itokisa ka matla, ho nahana le ho rera ditaba tsa bona ka mokgwa o tebileng. Ba tshwanetse ho kenya tshepo mabapi le bokgoni ba bona ba hore ba ka atleha jwalo ka balemi ba batjha. Hangata batho ba itshetlehile feela ka lehlohonolo la moteaphala ho ena le tshusumetso ya bona ya ho ba batho ba profeshene, ba sebeditseng ka matla ho rala le ho itokisetsa monyetla wa hore tsatsi le leng ba tla ba le masimo (mobu) a bona.
Molemi ke rakgwebo – ema itokisitse, eba motho wa profeshene
Monahano o mong le o mong wa kgwebo o simolla jwalo ka peo – o phuthetswe le ho hlaloswa morerong wa kgwebo. Ha ho mohato wa profeshene o ka simollang feela tjena le ho atoloha ntle le batshehetsi le ba thusang ka ditjhelete, mme moralo wa kgwebo (business plan) ke sesebediswa se fupereng dinnete le dipalo tse jereng molaetsa o kgodisang hore hobaneng “toro” ya hao e tshwanetse ho tshehetswa hore e fetohe ntho ya nnete! Ke moralo wa kgwebo ena o behang wena jwalo ka motho wa profeshene ya nang le sepheo, mme moralo ona o fa wena tshepo ya hore o tla fihlella sepheo seo. Moralo wa kgwebo o kenyelletsa dintlhakgolo tsa seo o se tadimang e le menyetla ya kgwebo, mme o bontsha sepheo sa nako e kgutshwane le e telele hore o iphe nako mabapi le merero ya hao. Katamelo ya hao ya profeshene e tla bontsha hore o se o tlwaetse mmaraka oo o o habileng hammoho le ho sheba menyetla kaofela le dikotsi kapa ditshoso tse leng teng. Nnete ke hore hobane o lakatsa ho kgotsofatsa bathusi ba hao o tla tsepamisa maikutlo matleng a hao jwalo ka molemi ya nang le tsebo le lerato hammoho le tshehetso e hlokahalang, e tswang ho balemi ba bang le batho ba profeshene dikgokahanong tsena tsa temo.
Moralo o mong le o mong wa kgwebo ya polasi o tshwanetse ho hlahloba dintlha tsohle tsa polasi ka nngwe. Moralo o tshwanetse ho kenyelletsa tsa ditjhelete ka mokgwa wa ditekanyetso hammoho le tsa ponelopele. Ona ke mohato o hlokolosi wa kgwebo, haholoholo maemong a jwale a ho fetisetswa ha mobu ho ba bang, moo bothata boo ho henahenanwang le bona kgafetsa e leng taba ya hore mmuso o nehelana ka mobu ho majalefa, mme ka mora moo ebe batho bao ba sala ba se na bokgoni, ba se na disebediswa, ba haellwa ke tse sebediswang kapa ba di hloka ho hang, ba hloka baeletsi, ntshetsopele ya bokgoni kapa tsona ditjhelete tsa kadimo mabapi le tlhahiso. Ho a babatseha, ho monate, mme ho tlisa morolo hore wean o be mobu o hlohonolofaditsweng…empa! Ya tsebang nnete o itokisitse, mme o tseba hore ditoro kaofela di hloka ditjhelete hore di fetohe nnete ya nako tsohle. Mang kapa mang a ka jala peo mobung…ha se mang kapa mang ya ka etsang hore e mele le ho beha ditholwana! Ikemisetse ho kopa thuso ho tiisa hore maemo a ditjhelete ke taba ya nnete, mme o be sebete hore o tseba seo o se batlang hore temo ya hao e o sebeletse.
Dintlha tsa motheo tsa moralo wa kgwebo – ema nneteng
Kgwebo ya hao e tshwanetse:
Ho hlalosa seo o batlang ho se etsa temong ya hao.
Ho supa boiphihlelo ba hao le ho tiisa seriti sa hao ka ho fana ka mabaka a hore hobaneng o le motho ya lokelang.
Ho bontsha hore o shebisisitse hantle mobu wa hao, tlelaemete ya jwale e shebaneng le masimo a hao, hammoho le menyetla ya thekiso le mebaraka eo o e hlwaileng.
Ho bontsha sepheo sa hao le ho hlwaya mathata a ka bang teng, a ka behang ka mosing katleho ya mosebetsi wa hao.
Mmaraka
Ho totobetse hore ena ke taba e hlokolosi ho molemi e mong le e mong, mme e fetohile phephetso e kgolo moo balemi ba kopanang le phehisano le bahlahisi ba matjhaba ba leng bohole ba dikete tsa dimaele! Balemi ba tshwanetse ho sheba mebaraka ka mehla, mme ka nako tse ding ba etse diqeto mabapi le hore na ba ka rekisa tseo ba di kotutseng le hoja dijothollo tsa bona di sa ntse di entse lehaba le letalanyana masimong! Moralo o hlakileng wa mmaraka o tshwanetse ho tsamaya mmoho le lenaneo la tlhahiso hobane ha se bohlale ho lema sejothollo seo o hlokang bareki ba sona. Wena molemi o ikemiseditse ho lefa ditheko tse tla tiisa hore mekutu yohle ya hao ya ho hlahisa dijothollo e tlisetsa kgwebo ya hao phaello e ntle.
Merero ka ditjhelete
Ba bang ba balemi ba batjha ba lehlohonolo ho fuwa dipehelo tse ntle mabapi le ho nehelanwa ha mobu, empa dintlha tse ding tse tshwanetseng ho elwa hloko ha ho hlophiswa distatemente tsa ditjhelete ke tsena:
Ditjeo tsa ho fumana disebediswa tsa temo hammoho le thuso mabapi le ditshenyehelo tsa ho hlokomela thepa.
Ditjeo tsa kgiro.
Ditjeo tsa tse kenngwang mobung mabapi le dijothollo tsa hao tsa pele.
Meputso le ditefo.
Ditshenyehelo tsa maeto le tsa mafura.
Ditjeo tsa rakonteraka di tshwanetse ho ba karolo ya ditshenyehelo ha eba o etsa qeto ya hore ho molemo ho tsetela metjhineng yohle e hlokahalang ka nako e le nngwe.
Ntlha ya sehlooho moralong wa hao wa ditjhelete e tla ba setatemente sa ho kena le ho tswa ha ditjhelete,mme hangata sena se etswa ka thuso ya mohlokomedi wa profeshene wa dibuka kapa moeletsi wa banka.
