Pivots (Maize) 									SESOTHO



Centre pivot: tseo o tshwanetseng ho di tseba



Instructions:

Folio Strap: Ho nosetsa ka diforo/metjhine

Byline: Ditaba tsena di nkilwe bukaneng ya tataiso ya Tlhahiso ya Poone tlasa Nosetso ka diforo/metjhine

Photo 1: Centre pivot e bontsha pokeletso e kgolo haufi le ntlha e ka ntle ya sedikadikwe. Hopola hore bokantle ba pivot bo tsamaella thoko haholo hore bo phethe sedikadikwe, e leng lebaka le etsang hore ho sebediswe metsi a mangata ha o ntse o eya thoko le bohare ba sedikadikwe.

	Photo 2:

	Photo 3:

	Photo 4:	



Sesebediswa sa pele se fafatsang metsi, se itsamaisang ka bosona, se ile sa sibollwa ka 1948, mme ya ntshetswa pele ka tumello ka 1952 ke Frank Zybach Eastern Colorado ho la Dinaha tse Kopaneng tsa Amerika. Mekgwa ya nakong tsa pele e bile motheo wa ntshetsopele ya mekgwa ya sejwalejwale ya centre pivot tse itsamaisang ka botsona le ya mekgwa ya ho nosetsa ka ho salana morao.



Mekgwa yona ena e ka sebediswang ya ho sebedisa metsi e se e ile ya hola ka sekgahla lefatsheng lohle ka mabaka ana a latelang:

Bokgoni ba yona ba ho sebediswa kgafetsa, bohlwahlwa bo boholo le tshebediso e lekanang ka hohle ya metsi.

Boemo bo phahameng haholo ba ho itshebetsa ka motjhine, e leng mekgwa e batlang mosebetsi o monyane haholo wa matsoho a motho, ho feta mekgwa e meng e mengata ya ho nosetsa.

Papatso e batsi e leka nnete.

Bokgoni ba ho sebedisa metsi ka paballo le menontsha e meng e qhibidihang metsing mefuteng e mengata ya mobu le maemong a fapaneng ka dibopeho.



Centre pivot e na le diforeimi tsa tshepe le dipeipi tse tsheheditsweng ka ho arohana ha dimithara tse 50 dipakeng ka foreimi e jerweng ke mabidi a mabedi. Pivot kaofela di bopilwe ho ya ka dintlha tsena tsa motheo.



Popeho ya pivot 

Ena e tshehetsa pivot ntlheng e hare, mme ke bohare moo popeho kaofela e potolohang teng.



Span

Ena ke karolo ya motheo eo centre pivot e entsweng ka yona, mme e na le peipi ya sehlooho eo metsi a mathang ka hara yona, foreimi e tshehetsang peipi le karolo e tsamaisang ya motjhine. Bolelele ba span ha bo a tlameha ho lekana, empa bo ka nna ba fapana hore bo dumellane le maemo a masimo kapa ho fana ka sebaka pakeng tsa setshehetsi le bokahodimo ba mobu sebakeng se leng motheong.



Overhang

Overhang ke peipi e nyenyane e nang le difafatsi, mme e tshwerwe ke dithapo (cables) tse ka nqane ho ditora tse ka ntlentle. Sepheo ke ho eketsa sebaka se nosetswang ke metsi. Guns tse ntsang mothamo o moholo wa metsi hammoho le di-system tsa dihukung di ka nna tsa tlatselletswa qetellong ya motjhine hore ho eketswe sebaka se nosetswang dihukung kapa ho fihlella dikarolo tsa tlatsetso. Metjhine ya centre pivot e ka nna ya ba bolelele bo fetang dimithara tse 1 000.



Bolelele le diameter (bophara) ya peipi

Boholo (size) ba dipeipi le di-span centre pivot dife kapa dife di ka bonwa ka dinomoro tsa mmotlolo (model number). Dikhamphane tse fapaneng di na le ditekanyo tse fapaneng.



Bophahamo ba karohano ya dijothollo

Khamphane ka nngwe e tla fana ka bophahamo ba karohano ya dijothollo ya bolelele bo fapaneng ba span ho ya ka mefuta e fapaneng ya di-pivot. Karohano ya dijothollo e ka nna ya fapana pakeng tsa dimithara tse nne mabapi le tse phahameng ho isa ho 0,3 mabapi le tse e tlase.



Bokgoni ba ho hokelwa

Bohlokwa ba centre pivot e ka hokelwang ho tloha bakeng se seng ho ya ho se seng bo ka tshehetswa ke ha eba ho le teng diphetoho tse entsweng ho pivot masimong a fapaneng, mme ho ralwa ha dijothollo le makgulo ho dumella taba ya hore dijothollo tse ding di ka nna tsa lengwa. Dintlha tse latelang di hlokolosi, mme di tlamehile ho nahanisiswa ha ho rerwa kapa ho sebediswa centre pivot tse hulwang/tsamaiswang:

Mobu le boemo – mebu ya letsopa le metheo e tshekalletseng di ka nna tsa setisa ho tsamaiswa.

Palo e hodimo ya span tse dumelletsweng ho ka hulwa/hokelwa.

Mmila wa dimithara tse tsheletseng, wa bokahodimo bo batalletseng, o tshwanetse ho ba teng pakeng tsa dintlha tsa pivot. Qoba kapa hlokomela ha o tsamaisa pivot hodima methakala kapa diforo.

Tswakano – ke span tse itseng feela tse ka tsamaiswang/hulwa.

Phepelo ya motlakase e tshwanetse ho kgaolwa pele span di ka hulwa.

Ho kobeha ha pivot – manonyelletso a hokahantsweng a dumella pivot ho tsamaya metheong e fetang 14% ho isa ho 30% ho ya tlase kapa hodimo.



Di-system tsa centre pivot 

Motjhine wa centre pivot ha o bidikoloha o potapota peipi bohareng ba masimo e le hore karolo e noseditsweng e nka sebopeho sa sedikadikwe ho kenyelleditswe dikarolo tsa didikadikwe tse nyane ho 360º. Karolo e ka etsang 80% - 90% ya masimo a sekwere e a kgonahala. Peresente ya sebaka se noseditsweng ho ya ka radius (halofo ya sedikadikwe) tse fapaneng tsa centre pivot moo sedikadikwe se ka harehare e leng 50% ya radius empa e nkile feela 25% ya karolo kaofela e noseditsweng. Ho bohlokwa ho elellwa hore 75% ya sebaka kaofela se jetsweng e ba halofong e ka ntle ya radius. 



Ho nosetsa ho feta tekano ho ka:

Kgama metso, ha qeta moya le ho kgothaletsa malwetse;

Qeta menontsha haholoholo nitrogen tlasa metso;

Kgannela menontsha metsing a ka tlasa mobu;

Fokotsa ho hola ha metso ka ho phodisa mobu;

Baka ho qauwa ha metsi le ho baka letswai metsong;

Fokotsa boleng ba dijothollo le kuno;

Senya metsi, eneji le tjhelete. 



Bahlahisi ba mekgwa ya ho nosetsa hammoho le baokamedi ba beileng leihlo mehato ya mongobo ba eketsa haholo bokgoni ba bona ba ho baballa metsi le eneji, ba phahamisa kuno ya dijothollo le ho qoba kgoholeho ya mobu le tshilafatso ya metsi. Tsamaiso ya ho nosetsa e kenyelletsa tlhokomelo ya tikoloho e loketseng dijothollo tse holang, haholoholo ka ho thibela mobu ho ba metsi haholo kapa ho oma haholo. Ha ho motho ya lokelang ho tseba haholo ho feta wena ka masimo a hao, dijothollo le ho nosetsa.



Tshebediso e nepahetseng

Centre pivot ke sesebediswa sa ho nosetsa dijothollo, empa ha se sebediswa ka phoso se ka nna sa hloleha, jwalo ka mokgwa ofe kapa ofe wa ho nosetsa. Tlase mona ke dintlha tse mmalwa mabapi le tsamaiso e tshwanetseng ho elwa hloko.



Di-centre pivot di ka sebedisetswa dintho tse ngata, mme di atlehile ho medisa dijothollo, ho ntlafatsa tshebetso ya dibolayalehola, ho kenya tshebetsong dibolayakokwanyana, dibolayalehola le dibolayakwaekgwaba, mme di sebediswa ho fepela manyolo a nitrogen dijothollong ho ya ka ditlhoko tsa tsona. Centre pivot e na le bokgoni ba ho sebedisa mekgahlelo e menyane ya metsi kgafetsa. Ha molemi a fetohela mokgweng wa centre pivot, o tshwanetse ho utlwisisa hore mokgwa oo a nosetsang ka ona o tshwanetse ho fetoha. Ho ena le ho sebedisa metso e 1,5 ho isa ho 2,0 tshebedisong e le nngwe, ho ka nepahala haholo ha a ka sebedisa bongata boo tshebedisong tse pedi ho isa ho tse tharo. Ho leka ho sebedisa metsi a mangata haholo ka nako e le nngwe ho ka qetella ka kgoholeho e sa batleheng ya mobu le mathata a menyabuketso ya mabidi.



Ho boetse ho bohlokwa ho hopola hore molemi o laola tshebetso ya metsi metsong. Ha molemi a ema nako e telele pele a simolla ka ho nosetsa, ka nako e nngwe e ba ntho eo a ke keng a e kgona ya ho kgema le maemo le ho qoba kgatello dijothollong. Bona ke bothata bo shebaneng le balemi ba esong ho nosetse pele, ka ha ba sa lemohe hore ho nka nako ho phethahatsa tshebetso ho tloha nakong eo ba simollotseng ka yona. Se ke wa tshaba ho fetohela mokgweng wa centre pivot ka ha o ka nna wa o thusa ho una molemo.



Hangata ho boetse ho teng monyetla wa ho baballa metsi ka baka la tlhophiso e nepahetseng ya ho nosetsa. Jwalo ka ha ho etsahala mokgweng ofe kapa ofe wa ho nosetsa, ho sa ntse ho le bohlokwa ho hlahloba mongobo wa mobu le ho sebedisa metsi ha feela ho hlokahala. Sena se ka qetella ka paballeho ya metsi le eneji nakong yohle ya sehla sa ho hola ha dijothollo.



Lenaneo la dinako tsa mesebetsi

Centre pivot ke leruo le leholo, mme ka ha e kenngwa masimong, eseng ho behwa ntlong ya polokelo ya metjhine, ka nako tse ding balemi ba qetella ba eya le kgongwana hodimo, mme ba lebala tlhokomelo ya motheho eo ba tshwanetseng ho nahana ka yona. Ha eba o batla ho iketsetsa ka bowena, ho teng dintlha tse mmalwa tseo o tshwanetseng ho nahana ka tsona.



Ka mora tshebetso ya selemo sa pele

Ntsha oli le ho tshela e ntjha gearboxeng tse tsamaisang mabidi le ho tsa centre drive. Etsa bonnete hore o sebedisa oli ya baetsi ba oli. Qhala mme o tshele oli e ntjha gearboxeng bonyane selemong se seng le se seng sa boraro ka mora mona, e leng tlasa maemo a tlwaelehileng a tshebetso. Ha eba molemi a sebedisa motjhine dihora tse fetang tse 1 000 ka selemo, jwale nahana taba ya ho fetola oli digearboxeng selemo le selemo kapa hang selemong se seng le se seng sa bobedi.



Hang ka selemo

Hlahloba moya mabiding le ho o tlatsa ka pressure e hlokahalang;

Ntsha metsi a ka bang teng gearboxeng, mme o e tlatse ka oli e nepahetseng;

Tlotsa pivot swivel ka grease;

Hlokomela hore drive shaft kaofela le ditshireletsi tsa U-joint di dutse hantle; le

Hlokomela hore sefe ya lehlabathe e sebetsa hantle le hore ha ho lehlabathe le bokellanang. Hasa ka metsi ha eba ho hlokahala.



Pele ho tshimoloho ya sehla

Hlahloba melongwana ya difafatsi (sprinkle nozzles) nakong eo e simollang ho sebetsa, mme o etse bonnete hore e fafatsa ka tshwanelo; le

Etsa bonnete hore sesebediswa se tsitsitse ka tshwanelo mobung. 



Qetellong ya sehla

Tsholla sohle se ka hara pivot hammoho le dikgokahano tsohle tsa metsi tse hokahantsweng le yona.



Ho bohlokwa ho hopola hore nako ya tekolo sehleng sa ho nosetsa, ka nako tse ding ke taba e hlokolosi. O tlamehile ho ba sedi mabapi le tlhokomelo ya centre pivot hore e ntse e le bohlokwa feela jwalo ka mananeo a tlhokomelo a diterekere, diplantere le disebediswa tsa hao tsa ho kotula. 

