Pest

Taolo ya sesedi (stalk borer)



Instructions:

Folio Strap: Taolo ya dikokwanyana

Byline: Amos Njoro, mohokahanyi wa provense wa lenaneo la mohlahisi ya thuthuhang wa Grain SA Leboya Bophirima (NW)

Photos:

Photo 1: Tahlehelo di kgolo ka baka la tlhaselo ya sesedi.

Photo: J. van den Berg, ARC/GCI

Photo 2: Polelo e akaretsang e re sesedi pooneng se baka tahlehelo ya 10% ya dijothollo tsa poone, empa ho putlama ho phethahetseng ha dijothollo ho ka nna ha etsahala

Photo: R. Bate, ARC-GCI

Photo 3: Sebokonyana se ntseng se hola se ipata karolong e hlahelang ka hodima mobu ya semela nakong ya mariha.

Photo: ARC/GCI



Sephunyakutu sena se dula se le teng ka mehla moo poone e lengwang teng Afrika – kokwanyana ena ke ya lehae la Afrika, mme mefutafuta e mengata ya jwang e thusa saekeleng ya yona ya bophelo.



Polelo e akaretsang ke ya hore sephunyakutu sena se baka tshenyo ya 10% dijothollong tsa poone, empa le yona tshenyo kapa tahlehelo e phethahetseng ya dijothollo e ka nna ya eba teng. Sebokonyana se ntseng se hola (larvae) se itjella mahlaku, kutu le ditsejana tsa semela sa poone.



Mmoto o a fofa

Kutlwisiso ya dintlha tsa bohlokwa tsa saekele ya kokwanyana e a hlokahala e le ho fihlella diqeto tse nepahetseng mabapi le taolo ya yona. Seboko se seng se hotse se ipata ka hara kutu ya lehlaka le siilweng la poone masimong nakong ya mariha. Tsena hamorao di tla fetoha leloko la pele la mofuta wa mmoto le tla behela mahe a tla qhotswa ka mora matsatsi a supileng ho isa ho a leshome.



Sebokonyana se ntseng se hola se ja nakong ya dibeke tse tsheletseng, mme ka mora moo se nka sebopeho se setjha, e leng sa ‘pupae’ ka hara kutu ya semela sa poone. Ka mora beke tse tharo, leloko la bobedi la mmoto le hlaha ka palo e kgolo ho feta la pele kapa la boraro.



Mehato ya taolo

Ho ya ka kgwebo, ho teng mehato e mengata e fumanehang ho laola sephunyakutu sena. Tsena ke taolo ka dikhemikhale, kgetho ya mofuta wa peo, ditlwaelo tsa setso le taolo popehong. Mehato ena ya taolo ha se tiisetso e phethahetseng ka hohlehohle, empa e thusa ho fokotsa tlhaselo le ho tlisa kgonahalo ya tlhahiso e tshwarellang ya poone.



Taolo ka dikhemikhale 

Dikhemikhale tse ngodisitsweng ho laola diphunyakutu tsa poone di mefuta e mmedi; ke dibolayakokwanyana tse sebetsang ka ho ama kapa ho sebetsa semeleng.



Kgopolo ya hore dihlahiswa tse theko e phahameng di hlwahlwa tshebetsong ya tsona ho feta tsa theko e tlase, ha se nnete, ka ha dihlahiswa tse ding tse theko e tlase di ntse di sebetsa ka mokgwa o motle, o babatsehang. Polelo e reng taolo e ka nna ya nka bolelele ba dibeke tse tsheletseng le yona e batla e ena le kgwao e itseng. Ka baka la ditjeo tse phahameng tsa taolo ka dikhemikhale, balemi ba tshwanetse ho etsa bonnete ba hore nako ya tshebediso ya tsona ke e nepahetseng. Ho fafatsa ka hloko ka nako e telele ho tiisitse hore ha ho hlwahlwa hakaalo, mme ka hoo, ha ho kgothaletswe. Mehato ya taolo ka dikhemikhale e tshwanetse ho nahanwa ha 10% ya masimo e bontsha matshwao a tlhaselo, e leng se iponahatsang ka ho kang ‘tshenyo ya sefako’, moo dibokonyana tsa ‘larvae’ di bonahalang di jele mahlaku.



Tshebediso ya mamello ya mohato wa 10% e boetse e molemong wa nako e nepahetseng mabapi le tshebediso ya dibolayakokwanyana. Tshebediso e le nngwe e ka nna ya haella ka ha tlhaselo e boelang e ipheta hape hamorao e ka nna ya etsahala. Sehleng sa morao, jwalo ka sena, kgothaletso ke hore ho hlahlojwe boteng ba sebokonyana se senyane sa ‘larvae’ hang feela pele dikutu di eba le dipalesa tse leketlang ho tsona. Ha ‘larvae’ tsena tse nyane di sa laolwe, di ka nna tsa kgannela tshenyong e phethahetseng ya ditsejana. Taolo e batlang e le ntle e ka nna ya fihlellwa ho fihlela ho 50% ya ho leketla ha dipalesa kutung.



Mofuta wa poone ya Bt 

Ho kenngwa ha mofuta wa peo ya poone ya Btho fokoditse tlhokeho ya taolo ya dikokwanyana ka thibelo ya mefuta ya peo e nang le matla (gene) ana a ho thibela tlhaselo ya sephunyakutu. Matla ana a thusa ho hlahisa tjhefo e kotsi dibokong tsena tsa ‘larvae’.



Ho thibela tswelopele ya kganyetso, kgothaletso mabapi le bongata ba poone eo e seng ya Bt e lokelang ho jalwa mmoho le ya Bt, ho tshwanetse ho ipapiswa le yona. Ha se mefuta yohle ya peo e nang le matla (gene) a Bt e nang le thibelo ka ho lekana kgahlanong le tlhaselo ya sesedi, mme sena se tshwanetse ho hopolwa ka mehla ha ho etswa kgetho ya mefuta ya peo bakeng sa sehla ka seng.



Bahlahisi ba tshwanetse ho ela hloko nako ya matsatsi a leshome eo ka yona dikutu di bang le dipalesa. Ena ke nako eo diboko tse nyenyane tsa ‘larvae’ di simollang ho itjella ditetswana/metjeketla. Nakong ena tjhefo e batla e sa loya haholo (e le metsi haholo) ditetswaneng ka baka la metsi a mangata hoo tse ding tsa dibokonyana di kgonang ho sala di ntse di phela. Tshenyo kutung ka baka la dibokonyana tsena tse salang di phela, ke e bonahalang nakong ya kotulo, empa ka ha tshenyo ke e etsahetseng mohatong o moraorao, hona ho tla ba le tshwaetso e nyane kotulong. Dibokonyana tsena e tla ba tsona tse etellang pele mmoto wa pele wa sehla se hlahlamang. Ha o etsa kgetho pakeng tsa taolo ka dikhemikhale le mefuta ya peo ya Bt, ditjeo tse pahameng tsa mefuta ya Bt di tshwanetse ho elwa hloko.



Mekgwa ya tlwaelo le taolo ya ho bolaya diboko

Ho phetholwa ha mobu mariha ho qetellang ho siile masalla ka hodima mobu ho tla thusa ho fokotsa tlhaselo ya sesedi sehleng se hlahlamang ka ho pepesetsa diboko tse nyane tsa ‘pupae’ serameng sa mariha le direng tsa tlhaho, e leng se qetellang ka phokotseho palong ya diboko tsena. Ho lema le ho phetholella masalla ka mokgwa o tebileng mobung ho tla thibela mmoto hore o se hlahe nakong ya sehla se hlahlamang.



Tse phelang ka tse ding (dinwamadi), tse itjellang diboko tse nyane tsa ‘larvae’ hammoho le mahe, le tsona di ntse di le teng, empa tshwaetso ha se e bohlokwa mabapi le kgwebo. Jwang ba Napier bo kgethwang ho jalwa le poone bo sebediswa e le mokgwa wa ho laola baleming ba ntseng ba thuthuha. Le ha ho le jwalo, ha ho lebaka la hore hobaneng ha balemi ba bahwebi ba sa sebedise tlwaelo ena, ka ha jwang ba napier ke furu e ntle haholo ya diphoofolo. Taolo ya setso le ya ho bolaya diboko di fetwa ka bohlwahlwa ke taolo ka dikhemikhale le ka theknoloji ya Bt.



Kgutsufatso 

Ke nnete hore tahlehelo e phahameng di bakwa ke tlhaselo ya sephunyakutu (sesedi). Mehato ya taolo hammoho le tsamaiso e ntle mabapi le dijothollo di bohlokwa haholo phokotsehong ya tahlehelo.

