Organise (Maize)									Sesotho
Hlophisa ka tshwanelo – ke mosebetsi wa bohlokwa wa tsamaiso
Folio strap: Tsamaiso
Byline:Ditaba tsena di tswa bukaneng ya tataiso ya Tsamaiso ya Polasi mabapi le phaello ka Marius Greyling
Hore o be boemong ba ho kenya merero ya hao tshebetsong ya mesebetsi ya ka moso le ho fihlella tseo o di habileng kgwebong ya hao, ho bohlokwa ho hlophisa ka tshwanelo le ka nako.
Artikeleng ya Phupjane 2011 ya Pula/Imvula, lethonyana le molemo ho feta letho, ho ile ha buuwa ka moralo e le mosebetsi wa tsamaiso. Mosebetsi wa bobedi wa tsamaiso oo re tla bua ka ona ke wa tlhophiso. Tlhophiso e bolela hore o tshwanetse ho kenya tshebetsong meralo ya hao ya nako e tlang. Le ha ho le jwalo, hangata ho etsa moralo le ho kenya tshebetsong tlhophiso di etsahala ka nako e le nngwe. Hantlentle, ho hlophisa ho kenyeletsa taba ya hore mang o ilo etsa eng, neng le jwang, le ho etsa qeto hore mehlodi e meng e kang metjhine, disebediswa, dithuluse, meralo hammoho le ditjhelete na e tla ba teng ho ntshetsa pele mosebetsi.
Ka hoo, ho kgona ho hlophisa ka tshwanelo ke taba ya bohlokwa hore molemi a tsebe mehlodi ya hae – e bonwang ka mahlo hammoho le ya batho. Mabapi le basebeletsi ba hae, molemi o tshwanetse ho tseba bokgoni ba bona, thuteho, kwetliso, bokgoni ba bona (tseo ba ka di etsang ka mmele, ka mokgwa wa sethekgenike le ka maikutlo), boiphihlelo ba bona, matla le bofokodi ba bona. Basebeletsi ba tshwanetse ho sebediswa moo ba kgonang hantle, mme ha ho kgonahala e be moo ba natefelwang teng. Hape ho bohlokwa ho itokisa nako e sa le teng le ho tiisa hore dipalangwang tse hlokahalang di teng, disebediswa, tse kenngwang mobung le ditjhelete, le hore tsena di tla ba teng tulong e hlokahalang le nakong e hlokahalang.
Ho hlophisa ho hloka hore motho a shebe mesebetsi yohle jwalo ka ha e rerilwe, mme a shebe kabo ya mehlodi hore a be boemong ba ho kenya tshebetsong merero ka nako eo ho qetilweng ka yona.
Mabapi le tlhophiso e etswang ha ho kenwa mosebetsing, motho a ka nna a kopanya moralo le tlhophiso ka nako e le nngwe jwalo ka ha ho bontshitswe theiboleng ya 1. Mohlala ona ke ntshetsopele ya mohlala o sebedisitsweng artikeleng e fetileng mabapi le moralo.
Theibole ya 1: Moralo le tlhophiso: Beke ya 9 - 13 Motsheanong 2011
Mantaha 9
Mesebetsi e rerilweng
Basebeletsi ba amehang
Mehlodi e meng
Poone
Hlahloba masimo a bohlano.
Pherekgong.
Sethuthuthu (maeto).
Buka ya ho rekota.
Soneblomo
Masimo a kotulwang 
3 - 10 dihekthara.
Piet (driver).
Padiso, Vosloo, 
2 basebeletsi ba nakwana.
Motjhine o kotulang.
Diterekere tse 2 le ditereilara.
Dikgomo
Hlokomela dikgomo.
Hlokomela dijo tse nyekwang le tsa sejelong.
Manamane a tlositsweng letsweleng, tshwaya, beha sekaleng manamane a 100.
Klasie.
Klasie.
Moloto, Abram, Kagiso le Hendrik.
Pere, buka ya ho rekota.
Pere, buka ya ho rekota.
Menyetla ya ho hlokomela dikgomo, sesebediswa sa ho tshwaya, meriana, le tsa ho nwesa moriana, sekala, buka ya ho rekota.
Dikgoho
Hlophisa ntlo ya boraro.
Mesebetsi ya letsatsi. 
Ntlo ya pele le ya bobedi.
Johanna, Minah le Johannes.
Sarah, Monica le Dawid.
Di-scoopers, mekotla le tereilara.
Dithuluse tse ka tshwarwang ka letsoho.
General Work
Ferefa sebaka sa tshebetso.
Rakonteraka wa poraevete.
Dithuluse tsa hao, jj.
Ka baka la mohlala ho nkuwa hore basebeletsi kaofela ba rupeletswe le ho kwetliswa. Ho feta mona, le hore mehlodi e meng e teng le hore e malala-a-laotswe. Haeba ho se jwalo, meralo ya hao le tlhophiso ya hao di tla tshwanela ho atoloswa hore di kenyeletse kwetliso ya basebeletsi, ho hlophisa mehlodi e meng hore e be teng haufi, mme e emele feela ho sebediswa ha mosebetsi wa sehloho o tshwanela ho simolla, o kang ho jala kapa ho peitwa ha mehlape. 
Hona e mpa e le mohlala feela wa mokgwa o ka sebediswang ho hlophisa, mme o ka nna wa fetofetolwa ha bonolo hoere o lokele maemo a itseng kapa seo motho a ratang ho se fihlella. Boiphihlelo bo bontshitse hore ke thuso e kgolo ho rera le ho hlophisa ka nepo ha motho a ngola dintho tsa hae fatshe. Jwalo ka moralong, tlhophiso e ka nna ya etswa ka mokgwa wa tayari/bukana ya letsatsi, kapa mokgwa ofe le ofe wa ho ngola fatshe botong ya mofuta ofe, ka mokgwa wa elektronike kapa mokgwa ofe kapa ofe o loketseng.
Jwalo ka moralong, nakong ya tlhophiso manejara o tshwanetse ho ba le boinehelo mesebetsing e meng ya hae ya tsamaiso, e kang boetapele, puisano, kgothaletso, thomo, kgokahano, ho etsa diqeto le ho boloka maemo taolong. Boinehelo mesebetsing ena bo laolwa haholo ke boholo ba kgwebo. 
Molemi o tlamehile ho nka mohato wa ho hlophisa, a kenye maikutlo a tlhophiso basebeletsing le ho etsa diqeto mabapi le tlhophiso tsa hae (ke terekere efe e tla sebediswa kapa sesebediswa sefe kapa basebeletsi bafe). O boetse o tlamehile ho beha maemo taolong le ho hokahanya tlhophiso mafapheng a fapaneng a kgwebo. Hape o tlamehile ho kgona ho abela batho mesebetsi ya ho hlophisa haeba ho hlokahala; mohlophisi a ke ke a kgona ho etsa tsohle a le mong, letshwele le beta poho.
Hopola hore haeba o mong wa mesebetsi ya tsamaiso o sa etswe ka nepo, kgwebo e ka nna ya kenya phaello, empa kapelenyana kapa ha nako e ntse e eya – e ka ba dilemo tse hlano kapa tse leshome kapa ho feta – kgwebo ya hao e tla ema tsii. Mme hona ke phephetso ya ka moso – haeba tsamaiso ya hao e sa tswele pele selemo le selemo – qetellong kgwebo e tla ema tsii hobane phaello e se e sa be teng. Motho o sitwa ho dula a etsa ntho e le nngwe ho ya ho ile selemo le selemo. Motho o tshwanetse ho hatela pele ka ho eketsa tjhelete e kenang le/kapa ho laola ditshenyehelo. Tlhophiso e nepahetseng ke sesebediswa sa bohlokwa ho fihlella tse boletsweng hodimo mona. 
