Opot											Sesotho

Dipeo tsa oli le protheine ke eng?

 

Instructions: 

Folio strap: Dipeo tsa oli

Byline: Jane McPherson, manejara wa Lenaneo la Ntshetsopele ya Molemi la Grain SA 



Ho ya ka webpage ya SA Grains le Dipeo tsa oli (Oilseeds) dijothollo di hlwauwe e le diserele tse loketseng batho. Dipeo tsa oli di boetse di lokile e le dijo tsa batho mme di molemo haholo ka oli eo di e hlahisang. Dijothollo le peo tsa oli Afrika Borwa ke matokomane, barley, rye, mabele, outshe, poone, koro, dinawa tsa soya le soneblomo.



Dijothollo tsa peo ya oli di lemelwa haholoholo oli e teng peong tsa tsona. Mothamo wa oli peong tse nyane (jwalo ka korong) ke feela 1% - 2%; wa tsa peo tsa oli o ka ba ho se ka etsang 20% mabapi le dinawa tsa soya ho feta 40% mabapi le soneblomo le canola (peo e butswitseng). Mehlodi ya sehlooho ya dipeo tse jewang tsa oli ke dinawa tsa soya, soneblomo, peo e butswitseng (canola), khothone le matokomane. Dioli tsa peo tsa flax (linseed) le dinawa tsa castor di sebedisetswa indasteri. Mafura a jewang hammoho le dioli le ha ho le jwalo di a tshwana ka popeho (ya dimolekhule). Mafura a thata boemong ba themphereitjhara ya ka tlung, ha oli tsona di le metsi (diphalli). 



Soneblomo, matokomane le dinawa tsa soya kaofela ke dijothollo tsa hlabula – Di jalwa nakong ya selemo ha kotsi ya serame e se e fetile (di tshabana haholo le serame), mme di hola nakong tsa kgwedi tsa hlabula (mabatoweng a pula tsa hlabula). Di butswa nakong ya hwetla, mme hangata di kotulwa hoba ho fetwe dirameng tsa pele. Ka lehlakoreng le leng, canola yona ke sejothollo sa mariha – ke yona feela sejothollo sa peo ya oli se sa tshabeng serame.



Sejothollo se kotutsweng hoba oli e ntshwe peong tsa oli ke mohlodi wa bohlokwa wa menontsha ya diphoofolo tsa polasing. Dijothollo tse kotutsweng ho ntshwa oli ho tsona. Mafura le oli ke menontsha ya bohlokwa e sebediswang jwalo ka oli, salate kapa oli e phehang, kapa e ka thatafatswa ho etsa makarine kapa mafura a mang a sebedisetswang ho pheha. Dihlahiswa tsena di a tlatselletsa kapa ho nka sebaka sa dihlahiswa tsa diphoofolo (jwalo ka botoro) tse sa lekanang ho phethahatsa ditlhoko tsa palo e ntseng e eketseha ya batho ba lefatshe.



Masalla kapa ditshifa tse salang ha ho se ho ntshitswe oli dipeong tsa oli ke mohlodi wa bohlokwa wa menontsha ya diphoofolo tsa mapolasing. Dijo tsa peo tsa oli tse tswang dinaweng tsa soya, matokomaneng, peong e butswitseng le peong ya flax di nonne haholo ka protheine – ha di kopantswe le metswako e meng (jwalo ka diserele), di fana ka dijo tse nonneng hantle. 



Kerafo ya 1: Tlhahiso ya matokomane Afrika Borwa.

North West

	Gauteng

	Limpopo

Mpumalanga

Kwazulu-Natal

Foreisetata

Northern Cape

Thousand tonnes

Dilemo tsa tlhahiso





Kerafo ya 2: Tlhahiso ya dinawa tsa soya Afrika Borwa.

North West

	Gauteng

	Limpopo

Mpumalanga

Kwazulu-Natal

Foreisetata

Eastern Cape

Thousand tonnes

Dilemo tsa tlhahiso





Kerafo ya 3: Tlhahiso ya soneblomo Afrika Borwa.

North West

	Gauteng

	Limpopo

Mpumalanga

Kwazulu-Natal

Foreisetata

Eastern Cape

Thousand tonnes

Dilemo tsa tlhahiso



