Money (Maize) 	 							Sesotho



Mehato ya molemi ya ho adima tjhelete



Instructions: 

Folio strap: Tsamaiso ya kgwebo

2. Byline: Jane McPherson, manejara wa Lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi



Shakespeare o kile a re, “Neither a borrower not a lender be, for loan of’t loses both itself and friends” (Ha se moadimi, ha se moadimisani, hobane kadimo hangata e a lahleha, le yona metswalle). Ruri ena ke keletso e ntle eo motho le ka mohla a ke keng a ikwahlaya ka yona. Le ha ho le jwalo, ha eba o molemi kajeno, mohlomong o tla tlameha ho adima tjhelete ya ho kena temong. 



Hobaneng balemi ba tshwanela ruri ho adima tjhelete? 

Ebang o hloka masimo kapa ha o a hloke, kapa o mpa feela o hirile masimo, temo ke kgwebo, mme o tla hloka tjhelete hore kgwebo ya hao e tswele pele. Hape, eo e leng taba ha se hore o fumane masimo jwang. E ka nna yaba o motho ya ileng a kgutlisetswa mobu wa hao, kapa mohlomong o ile wa reka mobu ka tjhelete eo o ileng wa e fumana ka kgwebo e itseng – o tla hloka tjhelete ho kena temong. 



Mobu o phahame ka theko, mme hangata batho ba ipotsa hore ba tla fumana tjhelete jwang ho fumana masimo. Ka bomadimabe, masimo ke karolo feela ya kgwebo. Haeba o tla hweba ka mehlape, o tla tshwanela ho reka mehlape (e ka ba dikgomo, dinku, dipodi, dikolobe kapa dikgoho). Haeba o tla ba molemi wa dijothollo kapa meroho, o tla tshwanela ho reka diterekere le disebediswa tsa temo hore o kgone ho lema mobu. Sena ha se pheletso, ka ha o sa ntse o tla hloka tjhelete ho reka tse kenngwang mobung (peo, manyolo, dikhemikhale, diesel, jwalojwalo). Ke ntho e tlwaelehileng ho tsetela haholo ho tse kenngwang mobung le metjhineng ho feta masimong.

 

Tabakgolo ke efe? 

Ho adimana ka tjhelete ke kgwebo – motho e mong o bokelletse tjhelete eo a batlang ho e tsetela hore a fumane phaello ya yona. Ka mantswe a mang, monga tjhelete o batla ho etsa bonnete hore ha a lahlehelwe ke tjhelete, le hore ka mora nako ya kadimo, a fumane tjhelete e ngata ho feta eo a adimaneng ka yona. Tabakgolo mona ke ho kgasetsa mollong. Ha kotsi e eketseha ya ho lahlehelwa ke tjhelete, o lefa haholwanyane ho adima tjhelete. Tswala le yona e a phahama ya tjhelete eo o tla e lefa bakeng sa kadimo eo.

 

Hangata, ha o adima tjhelete, o tshwanela ho fana ka tshireletso e itseng. Sena se etsetswa hore hosane ha o sitwa ho lefa tjhelete ya kadimo, ya adimaneng ka tjhelete a kgone ho ithekisetsa thepa eo o entseng tshireletso ka yona hore tjhelete e tle e kgutle. 



Molao wa Naha wa Kadimo ya Tjhelete

Nakong e fetileng, batho ba ne ba kadima tjhelete institusheneng e itseng, mme ha ba se ba hloleha ho kgutlisa tjhelete eo, ba ne ba eya institusheneng e nngwe moo ba ilo adima tjhelete e nngwe. Batho ba ne ba sa qobellwe ho phunya sephiri sa dikadimo tsohle tsa bona. Molao wa Naha wa Kadimo ya Tjhelete o fetotse maemo a ditaba, mme mokgatlo o adimanang ka tjhelete o ka nna wa fumanwa o le molato ka “ho adimana ka bohlaswa” haeba mokgatlo o adima motho tjhelete ya sitwang ho kgutlisa tjhelete eo. Pokello ya dintlha e teng mabapi le dikadimo tsohle, mme le ha ya kopang thuso a pepese dikolotso tsohle tsa hae (e leng seo a tshwanetseng ho se etsa), mokgatlo o adimanang ka tjhelete o ka fumana dintlha kaofela mabapi le molemi, le ho hana kopo ya hae ya kadimo.

 

Balemi hangata ha ba thabe ha kopo ya bona ya tjhelete e sa atlehe. Le ha ho le jwalo, ha o hloleha ho lefa molato wa hao wa kadimo, qetellong o tadingwa o le motho ya sitwang ho lefa melato ya hae, mme ho teng dintho dintho tse pedi tse mpe tse tla etsahala. Mokgatlo o adimanang ka tjhelete o tla lahlehelwa ke tjhelete, mme wena o tla ba le lebitso le lebe, e leng se ka o thibelang hore le ka mohla o adingwe tjhelete. Ruri ho bohlokwa ho elellwa hore tjhelete efe kapa efe e adimilweng e tshwanetse ho lefuwa – dikadimo ke dikadimo, ha se mpho kapa thuso tsa mahala. 



Hobaneng ha balemi ba batjha ba dijothollo ba ena le bothata ba ho fumana tjhelete ya kadimo? 

Dintlha di ngata tse amang taba ya ho fumana tjhelete ya kadimo: 



Bokgoni ba hao ba ho lefa molato wa kadimo ho ya ka tjhebelopele ya ho kena ha tjhelete tsa hao. Batho ba o adimang tjhelete ba tshwanetse ho tseba hore qetellong ya sehla o tla ba le tjhelete ya ho ba lefa. Ha re nka bohwai ba dijothollo jwalo ka mohlala, ho jala dijothollo tsa koro, o tla tshwanela ho tsetela tjhelete e kana ka R5 000 hekthareng ka nngwe. Ho ya ka theko ya jwale ya koro (sehleng se fetileng, balemi ba sitilwe ho fumana R2 000 tone ka nngwe), o tla tshwanela ho fumana kuno ya ditone tse 2,5 hekthara ka nngwe hore o kgone ho lekanya dintho. Hopola hore palohare ya kuno nakong e telele dibakeng tse ngata e tlase ho ditone tse pedi hekthara ka nngwe. Haeba molemi a batla ho adima tjhelete ho lema koro, ya mo adimang tjhelete o tla sheba kuno tsa nako e telele, ditheko tse lebelletsweng tsa koro, hammoho le ditjeo tsa ho hlahisa koro eo. Mohatong wa jwale, ha ho motho ya ikemiseditseng ho adimana ka tjhelete ho balemi ba jalang koro – mme lebaka le a utlwahala. Tlhahiso ya koro ha e na phaello.

 Phaello di tlase tjheleteng e tsetetsweng. Indasteri ya koro hajwale e maemong a hlokolosi, empa re tshwanetse ho hopola hore ka kakaretso tlhahiso ya dijothollo e tlasa kgatello e kgolo. Ho teng tlhahiso e fetang tekano ya dihlahiswa kaofela, e leng se theolang ditheko, ha ditjeo tsa tlhahiso tsona di phahame. Tshebeletso ena kaofela ha e na molemo o mokaalo. Maemong ana, mokgatlo o adimanang ka tjhelete ha o na thahasello ya ho adimana ka tjhelete ka ha moadimi o sitwa ho lefa mokgatlo phaello e ntle tjheleteng e tsetetsweng. 

Boiphihlelo ba molemi. Ha o simolla ka kgwebo e ntjha kapa mosebetsi o itseng, o hloka boiphihlelo, mme o ka nna wa etsa diphoso. Ke se atisang ho etsahala ka balemi ba thuthuhang – ha ba na boiphihlelo ba dilemo le bopaki ba tseo ba di entseng. Sena se thatafatsa taba ya ho adingwa tjhelete. 

Tshireletso mabapi le kadimo. Jwalo ka ha ho boletswe, monga tjhelete o batla ho tseba hore haeba wena o hloleha ho lefa tjhelete ya hae, na o tla kgona ho rekisa thepa ya hao ya peheletso hore a kgone ho fumana tjhelete ya hae na. Maemong a mangata, molemi o sitwa ho beheletsa ka masimo a hae (e leng tlwaelo kgwebong). Balemi ba bangata ha se beng ba masimo (jwalo ka mobung wa setjhaba le o hirilweng), kapa molemi a ka nna a ba le molato (bonto) ya pele e ngodisitsweng ka masimo ha ho rekwa thepa. Haeba molemi a sitwa ho fana ka tshireletso, ya mo adimang tjhelete a ka nna a hana ho mo adima yona ka baka la ho tshaba hore a ka nna a lahlehelwa ke tjhelete ya hae. 



Balemi ba e pota ka hokae taba ya hore ka tlwaelo ba tshwanetse ho fana ka tshireletso pele ba thuswa ka tjhelete? 

Tjhelete e hlokahalang mabapi le ho lema sejothollo e ka ba R4 500 hekthara ka nngwe (palohare ya ditjeo mabapi le puisano ena feela). Haeba molemi a lokela ho jala dihekthara tse 100, o tla tshwanela ho adima R450 000. Ena ke tjhelete e ngata haholo. 



Ha re nka hore molemi o masimong a matle, lebatoweng la pula e ngata, moo kuno e lebelletsweng e leng e phahameng, moo ditheko tsa dijothollo di mo dumellang ho etsa phaello ka sejothollo seo, molemi a ka ikopanya le banka ya naha, kapa banka ya kgwebo, kapa ba agribusiness, kapa koporasi ya kadimo.

 

Re nka mona hore molemi o sitwa ho beha masimo a hae e le tshireletso kadimong ya tjhelete, le hore o tla tshwanela ho hlahisa ho hong jwalo ka tshireletso. Mona ke moo jwale ho kenang inshorense ya tse sebediswang mobung. Inshorense ya tse sebediswang mobung e reretswe ho tshireletsa mabapi le “diketso tsa Modimo”, e seng ditlwaelo tse fokolang tsa temo. Ka mantswe a mang, molemi o tshwanetse ho ipapisa le mekgwa e metle ya bolemi, mme a be le kuno e amohelehang ya nako e telele hore a dumellwe inshorense. Khamphane ya inshorense e beha leihlo tswelopeleng ya molemi ho tloha qalong, mme e ka nna ya hana ho tshireletsa dijothollo mohatong ofe kapa ofe – khamphane e hlahloba mofuta wa mobu le botebo, ditlhophollo tsa disampole tsa mobu, tshebetso ya ho jala, kgetho ya mofuta wa peo, manyolo, pehelo ya ho hlaha ha peo, taolo ya mahola le dikokwanyana, mme ha tsena di se maemong a kgotsofatsang, khamphane e ka nna ya hana ho tshireletsa dijothollo. 



“Diketso tsa Modimo” tseo molemi a tshireletswang kgahlanong le tsona, haeba inshorense e di amohetse, di ka kenyelletsa komello, serame, dikgohola, sefako le mollo. Hopola hore khamphane ha e tshireletse mabapi le mekgwa e fosahetseng ya temo. Haeba ho ba teng ho nyopa ha dijothollo ka baka la phoso ya hao, o ke ke wa tshireletswa ke inshorense.

 

Haeba o tshireletswa ke inshorense mabapi le tse sebediswang mobung, inshorense e fana ka tiisetso ya ditone tse itseng kapa tjhelete e kenang (ho teng maano a fapaneng a batlang a sebetsa ka ho fapana). Le ha ho le jwalo, inshorense e tshireletsa feela 60 - 65% ya boleng bo kentsweng tshireletsong. Jwalo ka mohlala, palohare ya kuno ya hao ya nako e telele ya karolo ya hao ke ditone tse 4 hekthara ka nngwe ya poone, e ka nnang ya ja R1 500 tone ka nngwe (ka hoo, boleng ba inshorense ba R6 000 hekthara ka nngwere), inshorense e tla tshireletsa feela 60% ya boleng boo, e leng R3 600 hekthara ka nngwe. Jwale o tla hopola hore re itse ditjeo tsa tlhahiso e ka ba R4 500 hekthara ka nngwe. Ka mantswe a mang, o tla tshireletswa ka tjhelete e ka tlase ho ya tlhahiso. Haeba wena o ne o le motho ya adimanang ka tjhelete, o ne o ke ke wa ikemisetsa ho adima molemi tjhelete, o tseba hore “ketso tsa Modimo” di ka etsa hore molemi a sitwe ho lefa tjhelete ya kadimo – le ha a ena le inshorense. Ho hopolwe hape hore inshorense ya tse sebediswang mobung e phahame ka theko – lemong se fetileng, balemi ba thuthuhang Foreisetata e ka Botjhabela ba ileng ba jala koro ba ile ba tlameha ho lefa tjhelete e fetang R850 hekthara ka nngwe inshorenseng ya bona.

 

Ke mekgatlo efe e ka thusang balemi ba batjha ka dijothollo le ka mehlape? 

Jwalo ka ha ho bonahala puisanong e hodimo mona, ho adimana ka tjhelete ha se ntho e bonolo, mme ho teng ntlha tse ngata, tse tshwanetseng ho elwa hloko pele ho etswa kopo ya kadimo ya tjhelete. Mekgatlo e teng e ikemiseditseng ho adimana ka tjhelete ha feela e kgodisehile hore e tla fumana hape tjhelete ya yona. Balemi ba ka nna ba adima tjhelete bankeng ya naha, dikgwebong tsa temo (agribusinesses) (Senwes, OVK, NWK, MGK, GWK), dikoporasi tsa temo (VKB), dibankeng tsa kgwebo, mekgatlong ya ntshetsopele (Mpumalanga Agricultural Development Corporation –MADC, Uvimba Bank ka Kapa Botjhabela), jwalojwalo. Mekgatlo e adimanang ka tjhelete ha e a tlameha ho etsa jwalo – kaofela mekgatlo ena e na le mehato le maano a yona, a lokelang ho latelwa ha ho adingwa tjhelete. O ka nna wa ikopanya le mekgatlo ena, le ho utlwa ka tse hlokahalang.

 

Ho etsahalang ha balemi ba ena le dikoloto?

Dilemong tse fetileng, moo tswelopele ya temo e bileng tlasa kgatello, ho etsahala hore balemi ba sebetse selemo kaofela, ba hlahise sejothollo seo ba se rekisang, mme qetellong ya sehla ba lemohe hore ha ba a bokella tjhelete e lekaneng hore ba ka lefa sekoloto sa bona sa kadimo. Bona ke boemo bo bosula ka ho fetisisa ba hore molemi a sebetse selemo kaofela a sebeletsa ntata selala, mme ka nako e nngwe a be a hloke le yona tjhelete ya ho jala sejothollo se hlahlamang. Le hoja ho jala sejothollo se hlahlamang e le yona tsela feela ya ho lefa sekoloto se setseng sa dijothollo tsa nako e fetileng, mekgatlo e adimanang ka tjhelete e tshwanetse ho hlokomela haholo hore e se ke ya iphumana e sebeditse ka bohlaswa.

 

Re na le keletso efe ho balemi mabapi le kadimo ya tjhelete? 

Etsa dipalo tsa hao ka makgethe;

Se ke wa nkela fatshe ditjeo tsa tlhahiso;

Se ke wa fetisa kuno e lebelletsweng;

Se ke wa fetisa theko e kgonahalang ya tone ka nngwe;

Lema feela mebu e metle ka ho fetisisa;

Kgetha sejothollo se nang le monyetla o tlase wa ho se atlehe;

Fumana keletso e ntle ka ho fetisisa;

Etsa tsohle hantle haholo;

Jala dihekthara tse mmalwa feela, mme o etse mosebetsi o motle – se ke wa feta bokgoni ba hao le ditekanyetso/ditjhelete tsa hao;

Haeba o molemi ya qalang, qala hanyane, o nne o hodise kgwebo ya hao butle (qoba ho ipeha kotsing); 

Reka tse sebediswang mobung tsa boleng bo phahameng mabenkeleng a sebele;

Reka ka theko tse tlasetlase ka moo ho kgonahalang, empa o se kgelle boleng fatshe;

Rekisa dijothollo tsa hao ka theko e phahameng ka moo ho kgonahalang; le

Tiisa hore o etsa tsohle ka nako – se ke wa emela motsotso wa ho qetela. 



Jwalo ka molemi, o motho wa bohlokwa Afrika Borwa – eba motlotlo ha balemi ba fepa le ho apesa lefatshe! 

