Money										Sesotho

Tsamaiso ya ditshenyehelo tsa hao



Instructions:

Folio Strap: Ditaba tsa ditjhelete

Byline: Tlhahisoleseding e fumanwe bukaneng ya tataiso ya Grain SA: Tlhahiso ya poone le mmaraka



Ke taba e tshwanetseng ho hopolwa hore sepheo sa bolemi ke ho fumana phaello. Ditjhelete tse ngata di a hlokahala ho lema poone, mme ditshenyehelo tse amanang le tlhahiso ya poone ke e nngwe ya dintlha tsa bohlokwahlokwa tsamaisong ya bolemi ba dijothollo. 



Ho a hlokahala ho arola ditshenyehelo ka mekgahlelo e mmedi – tse tobileng, tse fetofetohang le tse ka hodimo, e leng tse sa fetoheng.



Ditshenyehelo tse ka hodimo/tse sa fetoheng

Tsena ke ditshenyehelo tse amanang le tsamaiso ya mosebetsi ohle wa polasi. Ke ditjeo tseo ho ke keng ha thwe di amana ka ho otloloha le ho jalwa ha sejothollo se itseng. ditjeo tsena di tswela pele ho sa kgathaletsehe hore ke nako efe ya selemo kapa sehla. Ditjeo tsena di kenyeleditse ditefello tsa hlahlobo ya dibuka, ditefello tsa banking, meputso, ditlhaphiso, metako, motlakase, laesense le makgetho, ditokiso, tsa tsamaiso, phaello dikadimong, ditjeo tsa makoloi, tse sebediswang ho ngola, jwalojwalo. Ditjeo tsena di ka nna tsa fapana haholo ho tloha ho molemi e mong ho ya ho e mong, ho itshetlehilwe ka; boholo ba polasi, boima bo jarwang, setaele le ditjeo ta tsamaiso.



Ditshenyehelo tse tobileng/tse fetofetohang

Tsena ke ditjeo tseo ka ho otloloha ho ka thweng di amana le ho jalwa ha sejothollo se itseng. Ditshenyehelo tsena di kenyeleditse dintho tse kang diesel, manyolo, dikhemikhale, kotulo, mmaraka le mesebetsi e etswang ka nako tse itseng. Hangata, ditjeo tsena ke tse bapisehang ho ya ka hekthara ho sa kgathallehe hore ke mofuta ofe wa bolemi o etswang le hore ke kuno e kae ya sejothollo se lengwang.



Ho hlokolosi hore thero e nepahetseng ya ditjhelete e etswe pele ho ka jalwa sejothollo sefe kapa sefe. Ho molemo haholo ho itokisa le ho lema karolwana e nyane feela e le ho ba le monyetla o motle wa ho fumaana sejothollo. Ho teng ditjeo tse sa elweng hloko ha ho kenwa morerong wa ho jala dijothollo – tlase mona ke lenane la mekgwa ya ho phethola mobu e hlokahalang tlahisong ya dijothollo.



Mehato e lokelang ho nkuwa:

Ho alwa ha kalaka.

Diski ya masimo.

Ho hlathwa ha masimo.

Ho phetholwa ka tjhisele.

Mohoma.

Tokiso ya tshingwana.

Ho fafatsa ka sebolayalehola le sebolayakokwanyana.

Ho alwa ha manyolo.

Ho jala.

Ho fafatsa ha tlatsetso ka sebolayalehola le sebolayakokwanyana.

Kotulo.

Teranseporoto ya dijothollo.





