

Moisture (Maize)								 SESOTHO



Paballo ya mongobo tlhahisong ya dijothollo mabatoweng a komello



Instructions:

Folio Strap: Paballo ya mongobo

Byline: Jane McPherson, manejara wa lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi



Ntlha ya bohlokwa tlhahisong ya dijothollo dibakeng tsa komello ke boteng ba mongobo nakong ya kgolo le tswelopele ya sejothollo se itseng.



Tlhahisoleseding mabapi le bongata ba pula le hore e ka lebellwa neng e a fumaneha mabapi le lebatowa ka leng la Afrika Borwa (botsa lefapha la lehae la Temo). Sena se ka sebediswa feela e le tataiso moralong wa tlhahiso ya dijothollo.



Hobaneng re tshwanela ho baballa mongobo mobung? 

Tlhaiso ya dijothollo e hloka mongobo – dijothollo tse fapaneng di na le ditlhoko tse fapaneng tsa mongobo tse tshwanetseng ho elwa hloko ha ho etswa qeto ya hore ho ka jalwa dijothollo dife.

Pula ya tlhaho ha se hore e tla na feela ka nako eo sejothollo ka seng se e hlokang ka yona. 

Ka kakaretso, mabatowa a tlhahiso ya dijothollo Afrika Borwa ke a tlelaemete ya komello.

Ho a hlokahala ho etsa bonnete hore mongobo o lekaneng o ba teng nakong e nepahetseng ya ho jala hore peo e tsebe ho mela le metso e kgone ho tswela pele. Nako e nepahetseng ya ho jala e tla tshwanela ho ela hloko ditlhoko tsa semela tsa mongobo mehatong e hlokolosi ya tswelopele ho shebilwe dipula tsa selemo tse lebelletsweng nakong eo ya sehla (mohlala, ho itokisetsa nako ya dipula nakong eo poone e etsang bolepo, kapa nakong eo soneblomo e etsang dipalesa).

Ho kgothaletsa ho sileha ha masalla a dijothollo tsa nako e fetileng le ho eketsa manyolo mobung. Sena se etsa hore dimela di tle di fumane menontsha ya tsona.



Na mebu kaofela e ka boloka metsi? 

Ho jwalo, le hoja mebu e lehlabathe haholo, e leng hodima mebu e kenellehang ha bonolo, e etsa hore metsi a se tshwarehe.

Mebu e sa kenelleheng ha bonolo (mohlala, letsopa) ya botebo ba 600 mm ho isa mithareng o le mong, e metle mabapi le paballo ya mongobo le tlhahiso ya selemo ya dijothollo.



Re ka potlakisa jwang ho monngwa ha pula ke mobu? 

Ho thopothela ha pula ho ntlafatswa ke:

Ho lokoloha ha bokahodimo ba mobu; le

Ditlamatlama hodima mobu.



Mongobo o bolokwa jwang mobung?

Metsi a bolokwa pakeng tsa dikarolwana tsa mobu.

Mebu e a fapana, ho tloha ho wa lehlabathe, wa selokwe ho isa ho wa letsopa.

Mofuta ka mong wa mobu o boloka bongata bo fapaneng ba metsi.

Mobu o lehlabathe, o letsopa le o selokwe o ka boloka 25 mm ya mongobo ho 150 mm ka nngwe ya mobu. (Mobung o nang le metso ya botebo ba mithara o le mong, ho a kgonahala ho boloka 180 mm ya pula). 



Tahlehelo ya mongobo mobung e bakwa ke eng?

Ho tjheswa ke letsatsi. Bokahodimo ba mobu bo a tjhesa, mme sena se eketsa tahlehelo ya metsi ka mokgwa wa ho moyafala.

Ho monngwa ha metsi mobung. Ona ke mokgwa wa ho tsamaya ha metsi pakeng tsa dikarolwana tsa mobu ho ya dikarolong tse ka hodimo tsa mobu moo ketso ya moyafalo e etsahalang teng.

Ho hema ha mahola kapa dimela dife le dife tse ka tadingwang e le lehola masimong. (Lena ke le leng la mabaka a sehlooho a bakang tahlehelo ya mongobo).



Re ka baballa mongobo ka mokgwa o hlwahlwa jwang? 

Etsa bonnete hore pula e nang e monyela mobung le hore bokahodimo ba mobu bo maemong a matle. Lekgapetla le thata hodima mobu le baka tshitiso e etsang hore mobu o hoholele ho ena le ho monyela mobung.

Etsa hore bongata ba masalla a dijothollo tsa nako e fetileng bo a sala e le ho fokotsa sekgahla se matla sa marothodi a pula mobung. Etsa sena ho thibela makgapetla a thata a ka bang teng. Hopola hore ho ya ka bongata ba masalla a dijothollo tsa nako e fetileng, dijothollo di sa boetse di hloka tlatsetso ya manyolo a nang le nitrojene ka baka la menontsha e tswang butle ya masalla ao a dijothollo tsa nako e fetileng.

Ka mora pula tse matla, ptjhatla makgapetla a ka bang teng hodima mobu. Makgapetla ana ha a thibele feela ho monyela ha metsi a pula, empa a boetse a kgothaletsa ketsahalo ya “capillary” eo ka yona metsi a tsamayang pakeng tsa dikarolwana tsa mobu, mme a qetelle ka ho moyafala.

Hlokomela hore mahola a be siyo masimong a hao ho tloha nakong e fetileng ya kotulo ho fihlela nakong ya ho jala dijothollo tse hlahlamang. 

Pokello ya mahlaku, dimela le ditlhaka hodima mobu “dust mulch” e thusa ho thibela ho tsamaya ha metsi pakeng tsa dikarolwana tsa mobu ho ya bokahodimong ba mobu moo a lahlehang teng ka ho moyafala. Le hoja pokeletso ena e monya motjheso wa letsatsi, ho moyafalo ha metsi ho etsahala ka sekgahla se senyane haholo sentimithareng tse 5 tse ka hodimo tsa “dust mulch”.

Pokello ena e hodima mobu ka kakaretso re ka re ke masalla a dijothollo a tshwanetseng ho dula a le teng nakong yohle eo masimo a phethotsweng ka yona ka metjhine empa ho sa jalwa letho ho ona (fallow period).

Pakeng tsa dipula, ho bohlokwa hore masimo a dule a kupeditswe (dimela tsa nako e fetileng, mahlaku, jj.) ka sepheo sa ho thibela bongata ba metsi a ka lahlehang mobung.

