Moisture (Wheat)								Sesotho
Paballo ya mongobo korong
Instructions:
Folio strap: 
Byline: Jane McPherson, manejara wa Lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi
Dijothollo kaofela di hloka metsi hore di hole, mme ntlha ya bohlokwa ka ho fetisisa mabapi le tlhahiso ya dijothollo mabatoweng a komello ke ho fumaneha ha mongobo o lekaneng nakong ya tswelopele ya sejothollo sa koro.
Ho tloha kgweding ena, kgatiso ya Pula/Imvula ya koro e tla romellwa babadi bohle, eseng feela ho balemi ba buang puo ya Sesotho Foreisetata. Ka hoo, re tshwanetse ho hopola hore Kapa Bophirimela e na le tlelaemete ya Mediterranean, e leng se bolelang hore balemi ba moo ba fumana pula ya bona mariha, e leng sehla sa ho hola ha koro. Bohlokwa ba paballo ya mongobo wa mobu baleming ba koro Kapa ha bo bohlokwa haholo jwalo ka Afrika Borwa yohle moo re tshwanelang ho baballa pula ya lehlabula mobung hore dimela di kgone ho e sebedisa nakong tsa komello tsa mariha. 
Tlhahiso ya dijothollo e hloka mongobo. Dijothollo tse fapaneng di na le ditlhoko tse fapaneng tsa mongobo, e leng taba e tshwanetseng ho nahanwa pele ho etswa qeto mabapi le hore ke sejothollo sefe se tshwanetseng ho jalwa. Mongobo o boetse o a hlokahala ho kgothaletsa ho rojwa (pshatlwa) ha masalla a dijothollo tsa nako e fetileng le ho eketsa moitedi mobung, e leng ho fa dijothollo menontsha e lokelang. 
Ho ka nna ha etsahala hore ha o eso etse qeto ya hore o ilo jala koro kapa tjhe; qeto ya hao e tla itshetleha tabeng ya hore na o tla fumana phaello ka yona na, hammoho le morero wa hao wa nako e telele mabapi le masimo a hao. Balemi ba bangata ba nkile qeto ya ho jala dijothollo tse itseng ka ho latela phapantsho (rotation) e itseng, ba sa tsotelle ho fetofetoha ha nako e kgutshwane ha ditheko. Ho jala koro selemo le selemo ho bolela hore o tla ba le dijothollo nakong ya selemo se setle, le hore o na le koro e ka rekiswang nakong eo ditheko di phahameng ka yona (le hoja nnete ya maemo e fapana le sena – o tla nne o be le koro nakong ya dilemo tse mpe, mme o tla nne o tlamehe ho amohela ditheko tse tlase ha maemo a tlama jwalo). 
Ho a hlokahala ho leka ho tiisa hore dijothollo tsa hao di tla fumana mongobo o lekaneng mobung nakong yohle ya sehla sa kgolo. Mebu yohle e ka boloka metsi, le hoja e meng e le metle haholo mabapi le ho boloka mongobo wa mobu. Mebu e lehlabathe haholo e sitwa ho boloka metsi, ka ha metsi a monyela feela, mme a a lahleha, ntle le haeba ho le teng lekgapetla le ke keng la phunyelletswa (lefika kapa letsopa) le tla thibela metsi ho feta feela ha bonolo. Mebu e nang le makgapetla a ke keng a phunyelletswa (mohlala, letsopa), ya botebo bo pakeng tsa 600 mm le 1 m ke yona e loketseng ho baballa mongobo wa metsi le tlhahiso ya selemo le selemo ya dijothollo. Mebu e mengata Foreisetata Botjhabela e dumellana hantle le tlhaloso ena, e leng se etsang hore e lokele tlhahiso ya koro ya mariha le hoja e le lebatowa la dipula tsa lehlabula. 
Ntle le haeba o na le monyetla wa nosetso (irrigation), o tla tlameha ho beha tshepo ya hao puleng hore o fumane mongobo mobung. Bokahodimo bo lokolohileng ba mobu bo etsa hore metsi a monyele ha bonolo. O se o lemohile ka moo metsi a phallang ha bonolo ka teng mobung o thata. Masalla a dimela hodima mobu a thusa ho thopotheleng ha metsi; hape a nolofatsa ho rotha ha marothodi, mme a fana ka nako e teletsana ya hore metsi a monyele. 
Metsi a bolokwa masobaneng a leng pakeng tsa dikarolwana tsa mobu. Mebu e a fapana – ke e lehlabathe, ya selokwe, e letsopa, mme mofuta ka mong wa mobu o boloka metsi ka ho fapana. E lehlabathe, ya selokwe le e letsopa e boloka palohare ya mongobo wa 25 mm 150 mm ka nngwe ya mobu. (Mobung wa botebo ba metso ba 1 m, ho a kgonahala ho boloka 180 mm ya pula). Bongata ba mongobo o ka bolokwang bo laolwa ke mofuta wa mobu, boemo ba popeho ya mobu, ho phetholwa ha ona, le botebo ba mobu.
Mongobo wa mobu o ka lahleha mobung ka baka la kganya ya letsatsi. Bokahodimo ba mobu bo a tjhesa, mme sena se eketsa moyafalo; ho tsamaya ha mongobo wa mobu pakeng tsa dikarolwana tsa mobu ho baka hore mongobo o nyolohele ka hodima mobu moo moyafalo e etsahalang teng; le ka ho hema ho bakwang ke mahola kapa dimela dife kapa dife tse ka tadingwang e le mahola (ona ke mokgwa wa sehlooho o bakang tahlehelo ya mongobo mobung).
Mokgwa o motle wa ho baballa mongobo ke ofe?
Etsa bonnete hore pula e welang mobung e kgona ho kenella mobung; boloka bokahodimo ba mobu bo le maemong a matle. Lekgapetla le ka hodima mobu le baka tshitiso e thata, mme metsi a boelang a ba teng a pula a imathela feela, mme a hohola mobu ho ena le ho monyela mobung.
Boloka masalla a dijalo tsa lemo se fetileng haholo ka moo ho kgonahalang ka teng e le ho fokotsa sekgahla sa marothodi a pula mobung, mme ka hoo, o kgona ho fokotsa ho ba teng ha lekgapetla le thata. Hopola hore ntle le ho pshatlwa ha masalla a dimela, sejothollo se ka nna sa hloka manyolo a tlatsetso a nitrojene ka baka la ho dieha ha ho ntshwa ha menontsha e ntseng e le teng masalleng a sejothollo.
Ka mora dipula tse matla, pshatla lekgapetla leo e ka nnang yaba le teng bokahodimong ba mobu. Lekgapetla ha le thibele feela ho monyela ha pula ho boetseng ho le teng, empa le boetse le kgothaletsa tahlehelo ya mongobo ka baka la motjheso o teng ka hodima mobu. 
Etsa hore masimo a se be le mahola nakong yohle ho tloha nakong ya kotulo ya dijothollo tse fetileng ho fihlela ho jalweng ha dijothollo tse ntjha. 
Bongata ba lerole hodima mobu bo thibela ketsahalo ya tahlehelo ya mongobo ka mokgwa wa moyafalo, e leng se etsang hore mongobo o tswe mobung le ho lahlehela sepakapakeng. Le hoja lerole le kgona ho monya motjheso wa letsatsi, moyafalo e etsahala butle haholo botebong bo ka hodimo ba 5 cm mobung o ommeng.
Matlakala e ka ba masalla a dijothollo (ka kakaretso) kapa matlakala a lerole/mobu le tla tshwanela ho dula le le teng nakong yohle eo ho phethotsweng mobu ka metjhine empa ho sa jalwa letho. 
Dintlha tse itseng tsa tlhahiso ya dijothollo di hlokolosi haholo mabapi le katleho. O tshwanetse ho baballa mongobo ka hohle ka moo o ka kgonang ka teng, hape o tshwanetse ho tlosa mahola ka dinako tsohle. Mongobo ke e nngwe ya dintho tse kginang tswelopele ka ho fetisisa tlhahisong ya dijothollo. 
