Jane(Maize) 									Sesotho
Mme Jane o re…
Folio strap: 
Photo: Use a photo of Jane 
Ditabeng tsa moraorao tjena, ho bile le ditaba tse ngata tse mabapi le Mokgatlo wa Liki ya Batjha wa ANC ha ho buuwa ka ditaba tsa mobu wa naha le ditaba tsa (ho boloka le merafo) mme ke taba e ntle ho bona ka moo batho ba fapaneng ba nahanag kateng ka ditaba tsa naha.
Ke bona naha e le mohlodi oo ho fumanwang dijo le faeba. Dintho tse ngata lefatsheng di a nyoloha nako le nako – batho, diphoofolo tsa lapeng – makoloi jwalojwalo. Empa ha e le naha yona e ke ke ya nyoloha- e a haella. Haeba o nahana hantle taba ya hore ho na le batho ba bangatangata, mme naha yona e nyane e a haella (hobane re tshwanela ho nahana hore batho ba sebedisa naha bakeng sa ho haha matlo a bona – ditoropo tse holang ho sebediswa naha), re tshwanela ho etsa bonnete ba hore karolwana e nngwe le e nngwe e sebediswa ka tshwanelo.
Afrika Borwa kajeno, re maemong a hlokolosi haholo ao boholo ba naha e sebediswang bakeng sa temo ya dihlahiswa tse ngata e leng ya mapolasi a ba basweu. Jwale ho na le maikutlo a ho nka naha ena ka mokgwa wa ho rekiswa le ho e fa batho ba batsho. Ka lehlakoreng le leng, ho ntse ho na le naha e ngata tlasa taolo ya makgotla a setso (tlasa taolo ya makgotla a setso) mme boholo ba naha ena ke bo sa sebedisweng. Ho boetse ho na le diheketara tse dikete tsa naha ya mapolasi e abetsweng diporokgeramo tsa mafapha a naha. Na se se etswa ka lebaka la mmala wa letlalo la motho? Ho ya ka maikutlo a ka, TJHEE – hore o tle o be motho ya atlehileng, motho ya nang le ho honyane kapa rakgwebo e monyenyane ha se taba e tsamaelanang le mmala wa letlalo la motho.
Re a tseba hore ho ba sehwai se atlehileng, ho hlokakahala hore o be le tsebo le bokgoni, ho laola metjhine, mebaraka le taolo ya ditjhelete ho fumana tlhahiso e atlehileng. Ho fana feela ka naha ho batho ba bang ho ke ke ha ba etsa dihwai- haeba o eme ka karatjheng, ha o koloi! Haeba o na le naha, ha o sehwai. Haeba o batla ho bitswa sehwai,o tshwanela ho sebedisa naha ka tshwanelo – o sebetsa ka thata ho fumana dihlahiswa tse ngata ka moo o ka kgonang kateng.
Ke etsa phephetso ya hore re etse boiteko bo matla ba ho fa batho tshehetso yohle eo ba e hlokang bakeng sa naha eo ba seng ba na le yona e le hore karolwana e nngwe le e nngwe ya naha e fane ka tlhahiso bakeng sa setjhaba. Ha naha e sebediswa ka tshwanelo, ha ho hlakahale ho tshwenyeha ka dintho tse ding. Naha ke letlotlo la bohlokwa, mme haeba o na le monyetla wa ho fumana naha, o na le boikarabelo ba ho e sebedisa. Re le dihwai re tshwanela ho sebetsa ka thata mme re se itshwenye ka dipuopuo tse etswang ke boradipolotiki ba iketang
