Jane(Maize) (350 words)								Sesotho
Mme Jane o re…
Folio strap: 
Photo: Use a photo of Jane 
Nako le nako re tshwanela ho kgefutsa hanyane le ho ipotsa dipotso hore na re etsang. Tekong ya ho fumana karabo e hlakileng, re boetse re tshwanela ho bolela hore ke sefe seo re sa se etseng. A re qaleng ka seo re sa se etseng:
Ha re sebedise borakonteraka ba basweu ho kganna tsa temo mobung wa batho ba batsho.
Ha re etsetse batho ba bang temo.
Ha re leke ho fa batho ba bang menyetla ya temo eo ba bileng le yona nakong e fetileng.
Ha re thetse batho ka ho beha ba bang ka pele, rona re le ka morao.
Ha re leke ho etsa hore BEE e fane ka dintlha ho ba rekang dihlahiswa tsena. 
Ha re leke ho etsa hore BEE e fane ka dintlha ho bao re fumanang dikenngwamobung ho bona.
Re etsa eng he?:
Re ntshetsa pele balemi ba batsho – ba ikemetseng, ba tshwarellang. 
Re kwetlisa balemi ba batsho ho utlwisisa mabaka a seo ba se etsang.
Re kgothatsa balemi ho sebedisa mehlodi ya tlhaho ka ho phethahala.
Re bontsha balemi ba batsho mokgwa wa ho hlokomela masimo ao ba a sebedisang. 
Re thusa batho ka seo ba nang le sona, ho ikenyetsa tjhelete le ho hlahisa dijo tsa bona, tsa setjhaba le tsa naha. 
Re fetola sefahleho sa temo – ho tloha indastering e okametsweng ke ba basweu ho ya ho eo ruri e emetseng bohle ba meetlo le merabe yohle.
Re thusa batho ho fumana mobu – o kopanetsweng wa setjhaba, kapa o hirilweng, kapa wa bona (ho sebedisa mobu ka mokgwa o tshwarellang le o nang le phaello).
Re leka ho sebetsa le mafapha ohle a mmuso ho hokahanya tshehetso e fuwang balemi.
Re rala meralo hore balemi ba kgone ho ba le metjhine le disebediswa tsa temo.
Re etsa maqheka a ho fumana ditjhelete tsa thuso tse tswang mafapheng.
Hangata ke swaba molomo ho feta nko ha ke utlwa hore batho ba kena temong lebitsong la batho ba batsho. Batho ba bang kapa mekgatlo e meng e itseng e sebedisa masimo ho ithuisa, mme e bitsa sena “ntshetsopele ya molemi”. Haeba o le molemi e mosweu ya sebedisang masimo a molemi e motsho – a hire, kapa o a lefelle (reke), mme o bolele nnete hore o a hirile, mme jwale o itemela ona. O se ke wa ikgakanya eka o thusa balemi! 
