Jane(Maize) 										Sesotho
Mme Jane o re…
Folio strap: 
Photo: Use a photo of Jane 
Mona lengolong lena la Pula, ka dilemo tse ngata re ile ra tsepamisa maikutlo a rona temong le tlhahisong, mme ka nako tse ding ra lebala hore ka ntle ho molemi, ho hang ha ho tlahiso, ha ho dijo, ha ho tshwele. Na o tseba bohlokwa ba hao? Na o a tseba hore ke wena ya fepang lefatshe? 
Kaofela re qoba taba ya ho bua ka HIV le AIDS – jwalo ka hoja eka ke thohako ditjhabeng tsa lefatshe. Ha re ke re tadima ba bang hore ba rohakilwe ha ba ena le kgatello e phahameng ya madi, kapa lefu la tswekere kapa kankere. Ke dumela ruri hore re tshwanetse ho sheba HIV le AIDS ka mokgwa o jwalo. Kokwanahloko e hlasela mmele o tiileng wa motho le ho bula mamati hore malwetse a mang a kene, mme a o bolaye. Taba e monate ke hore o ka nna wa phela hantle, wa ba le bophelo bo botle le ha o ntso na le HIV. 
Re tshwanetse ho etsa eng? 
Etsa diteko tsa HIV hore o tsebe boemo ba hao. “Tsebo ke matla”.
Haeba o ena le kokokwanahloko ya HIV, fumana phekolo tlelenikeng. Se ke wa kgotsofalla phekolo e fokolang tlelenikeng efe kapa efe, empa etsa bonnete hore haeba o lokela ho fumana dipilisi tsa anti-retro virals (ARV) (ho ya ka cd 4 count tsa hao), o di fumana nako le nako, le hore o di sebedisa jwalo ka ha ho lokela. Hajwale ha ho pheko ya HIV, empa e a laoleha, mme o ka nna wa phela bophelo bo phethahetseng, bo bolelele, haeba o e laola ka tshwanelo. 
Haeba o se o entse diteko tsa HIV, mme wa fumanwa o ena le yona, tswela pele ho etsa le diteko tsa TB. Haeba masole a mmele wa hao a fokola haholo ka baka la HIV, ho bonolo hore o ka tshwarwa ke TB. Ke TB e etsang hore o hloke takatso ya dijo, e o kgohledisang, e etsang hore mmele o theohe ka boima. Etsa bonnete hore haeba o na le TB o fumana phekolo – TB e a phekoleha! 
Ka lehlakoreng le leng, haeba o entse diteko tsa TB, mme ha fumanwa hore o na le yona, etsa diteko tsa HIV – ho ka nna ha etsahala hore ebe o kenwe ke TB ka ha masole a mmele wa hao a ne a fokola. 
Ha ho hlokahale hore motho ofe kapa ofe a shwe hobane feela a ena le HIV – o tshwanetse ho tseba boemo ba hao, le ho fumana phekolo. Eya ditekong, mme haeba HIV e le teng, fumana phekolo ka ho panya ha leihlo. Re sa le hloka kaofela ha lona! 
