Jane(Maize)										Sesotho
Mme Jane o re...
Folio strap: 
Photo: Use a photo of Jane 
E bile thabo e kaakang ho ba karolo ya baahlodi phehisanong ya Molemi wa Selemo! Dilemo tse ngata e bile tsa ntshetsopele ya lenaneo, mme e bile ntho e thabisang ho boela re bona mehato e phahameng e fihlellwang ke ba bang ba balemi. Ho qolla bahlodi ba bararo ba sehlooho ho bile thata hobane kaofela ba ne ba sebeditse hantle haholo! 
Le hoja ho thabisitse, mme re kgotsofetse ho bona tswelopele ya ba babg ba balemi, empa ho kgathaditse matla ho lemoha hore batho ba bang ha ba tswele pele. Ka bomadimabe, re sa ntse re bona ba bang ba balemi ba sa etseng dintho ka nepo – tokiso ya mobu, manyolo, kgetho e nepahetseng ya peo, le taolo ya mahola. Ha o sa etse dintho tsa motheo ka nepo, o ke ke wa ba mohwebi wa makgonthe. 
Hangata batho ba bolela hore ba sitwa ho latela ditlwaelo tse nepahetseng, mme ba fana ka mabaka a mangata – ba bang motho o re ha ke na terekere, e mong o beha molato ditjeong tsa peo le manyolo, ha e mong a beha molato mmusong. Haeba o rata ho ba molemi wa sebele, o tlamehile ho etsa moralo. Re se re ile ra bona dimela tse ntle di jetswe ka matsoho – sekotwana se senyane sa tshimo se ka nna sa hlahisa dijothollo tse ntle haeba o lokisa mobu hantle, o sebedisa peo e nepahetseng le manyolo, mme o laola mahola. Ho molemo haholo ho jala sebaka se senyane (seo o ka se kgonang), mme wa etsa tsohle ka nepo, ho ena le ho lema sebaka se seholohadi empa o sa se hlokomele hantle ka lebaka lefe kapa lefe. Hang ha o se o tseba ho sebetsana le sebaka se senyane hantle, jwale o ka atolosa sebaka seo o sebetsanang le sona. 
Re tlamehile ho hopola hore lenaneo lena la Grain SA la ntshetsopele le tshehetswa ka ditjhelete ke ba truste ya dijothollo (ka ho qolleha ba Maize Trust), mme bao ba thusang ka ditjhelete ba lebelletse ho bona tswelopele. Ha e le siyo mane masimong, re tla tlameha ho emisa ka lenaneo dibakeng tse jwalo. Ruri e tla ba letsatsi le lebe haholo ha re tlameha ho emisa ka thuso ho balemi – le ha ho le jwalo, hona ho matsohong a hao. Haeba tshehetso le kwetliso eo re fanang ka yona e na le molemo ho wena, o tla tshwanela ho kenya tshebetsong ya hao ya tlhahiso diphetoho tse hlokahalang. Ho boima ho ba molemi ya atlehileng, empa sena se matsohong a hao ruri – re teng ho o thusa ka tshehetso le kwetliso yohle ka moo re kgonang ka teng, empa le wena o tshwanetse ho fetola mekgwa ya hao ya tshebetso! 
