Jane(Maize) 									Sesotho
Mme Jane o re...
Folio strap: 
Photo: Use a photo of Jane 
Moraorao tjena ba kgaso ba bonahala ba tlaleha haholo ka botlokotsebe le bobodu. Ho etsahala eng ka batho ba rona, ka maemo a rona le ka boitshwaro ba rona? Mohlomong ke nako hore re ke re bue ka boitshwaro.
Boitshwaro ka kakaretso bo kenyelletsa maikutlo, ho itshwara, tlhompho, puisano le kamano – ka moo motho a phelang ka teng le ba bang. Potso eo re nkang hore ke nnete maemong ana e kenyelletsa se nepahetseng, se amohelehang kgahlanong le se fosahetseng, se patehileng.
Dilemong tse mmalwa tse fetileng, ho bile teng dikhamphane le batho bao boitshwaro ba bona bo bileng bobe, mme ba ba le sekgahla se sebe ho ba bang. Sena se kenyelleditse batho ba itjhebelang kwana thoko ha batho ba bang ba etsa dintho tse mpe. 
Boitshwaro ka kakaretso, jwalo ka botshepehi, ho etsa mosebetsi hantle, ho ananela seo e mong a se etsang, ho ba le sepheo se itseng le maikutlo/ho ba karolo ya ponelopele kapa morero o itseng, ke taba ya bohlokwa. Ha re a tshwanela feela ho batla ho etsa, empa re tshwanetse ho lakatsa ho etsa se nepahetseng. Boitshwaro ka kakaretso ke dintho tsa ka hare, tse tswang ka hare ho motho. 
Temong ho teng menyetla e mengata ya ho bua leshano le ho sebetsa ka bolotsana. Nahana feela ka batho ba adimang tjhelete empa ba sa lefe molato ha ba fumane dijothollo tsa bona; kapa batho ba jalang dijothollo, mme ba di kotula, empa ba etsa eka ha ba a ka ba kotula letho; kapa batho ba adimang tjhelete ho ya jala palo e itseng ya dihekthara, athe ha ba eo jala tse kaalo (ka hoo ba sa sebedise tsohle masimong jwalo ka ha ho ne ho rerilwe). Batho ba sa tshepahaleng dikonterakeng tseo ba di entseng, batho ba itshireletsang ka mabaka a hore hobaneng ba sa sebetse ka thata, batho ba rekisang dintho tseo e seng tsa bona, le batho ba rekang dintho tsa boshodu...lenane le ka nna la tswela pele.
Haeba re ilo hloma lefapha la temo naheng ya rona, re tshwanetse ho kgutlela dintlheng tse ntle tsa motheho, e leng botshepehi, ho sebetsa ka thata, seriti le tlhompho. E mong le e mong, hammoho le mafapha a mmuso, re tlamehile ho etsa mosebetsi o nepahetseng wa letsatsi. Ona ke wona mokgwa feela wa ho atleha. Haeba o ilo fetola mokgwa oo dintho di etswang ka teng – qala ka ho fetola wena pele. Etella pele ka ho ba mohlala, ka ho tshepahala. A re ke re kgutleleng mane moo re ka buang ka sebete ra re: lentswe la ka ke tlhompho ya ka.
