Jane(Maize)									Sesotho
Mme Jane o re…
Folio strap: 
Photo: Use a new photo of Jane 
Le hoja ho etswa boiteko bo boholo ba ho laola mahola, re se re lemohile hore haholoholo sehleng sena se metsi, balemi ba bangata ba ile ba tshwara bothata ba ho laola mahola. Lemo sena e bile mohlala o motle wa hore taolo ya mahola ka dikhemikhale ke yona tsela e ntle! Hangata masimo a bile metsi haholo, mme balemi ba ile ba tshwanela ho lema pakeng tsa mela maemong a jwalo, mme balemi ba ile ba hlolwa ke ntwa kgahlanong le mahola. 
Ena ke nako e ntle ya ho sheba masimo a hao hore o ele hloko mathata ao o tla shebana le ona lemong se tlang. Mahola ha a tshwanela ho o makatsa le ka mohla – e ka nna ya ba mahola a dilemo, a bileng teng dihleng tse ngata, kapa mahola a lemo se tlang a tla fetoha mahola a wetseng mobung nakong ya sehla sena. 
Se ke wa kgathala, weso. Hopola tse latelang:
Se ke wa tlohela mahola, empa a laole pele a ata. 
Hlwaya mahola ka nepo e le hore o tsebe sera sa hao le ho nka mehato ya ho se laola. 
Le ka mohla o se dumelle semela sa lehola hore se etse peo; mahola a mangata a nako e telele a ata ka peo le ka semela.
Laola mahola ka tlhahiso ya sejwalejwale ya sejothollo. Hopola ho fuputsa taba ya dibolayalehola tse ka sebediswang ho fedisa mahola.
Se ke wa dumella mahola ho hola ka bolokolohi dintlheng tsa masimo. Tshwaetso e mpe e simolla mona, mme e qetella e kene masimong. 
Etsa bonnete hore tshingwana ya hao ya peo e ntle. Ha ho a tshwanela ho ba teng mahola pele o jala. Hona ho tla fa peo sebaka sa ho tswela pele ntle le phehisano ya letho.
Haeba mahola a dihla tsohle a le teng, nahana taba ya ho sebedisa mokgwa wa temo wa no-till e le hore o laole mahola ka dikhemikhale.
Phethola mobu moo mahola a dihla tsohle a leng teng. Ho phethola mobu ho ama mahola hampe. (Sheba ntlha eo re qetang ho e bolela (ya bosupa) hodimo mona, ka nako e nngwe taolo ka dikhemikhale ke yona kgetho e ntle). 
Ela hloko hore o se ke wa iphumana o jala mahola ka metjhine ka ho isa dikarolwana tsa metso, dikutu masimong a hlwekileng ka sesebediswa sa hao. Ho tata ha ho fihla masimong a mang ho ka etsa hore batho ba se ele hloko taba ya ho peita sesebediswa sa bona.
Tshwaya dibaka masimong a hao moo ho nang le mahola nakong ya hwetla e le hore o kgone ho a laola sehleng se tlang. 
Ka lehlohonolo ditheko tsa dijothollo kaofela di bonahala di phahama – Ruri ke tshepa hore tshekamelo ena e tla tswela pele jwalo hore wena, molemi, o kgone ho fumana phaello ha o qeta ho kotula le ho rekisa dijothollo tsa hao. Hopola hore temo ha se feela mokgwa wa ho iphelela – ke kgwebo, mme wena o tshwanetse ho tsepamisa maikutlo tabeng ya ho etsa phaello hore o be molemi wa makgonthe, ya ikemetseng ka maoto. Mphemphe e a lapisa!
