Miss (Maize)										Sesotho
Se tlohele menyetla ya hao
Instructions: 
Folio strap: Morero wa tlhahiso
Byline: Phonnie du Toit, ARC-Grain Crops Institute
Grabber: Bula mahlo, menyetla e metle ya hao e ka nna ya itlhahisa haufinyana ho feta ka moo o lebelletseng ka teng!
Grabber: Se tshwarahane le mesebetsi hoo o fetwang ke menyetla e metle e hlokolosi tlhahisong e atlehileng ya dijothollo.
Ha esale balemi ba itshetlehile ka sehla se seng le se seng sa dijothollo hore e tla ba se setle, mme boholo ba mesebetsi ba e rera sehleng se le seng selemo le selemo. Nakong ena e kgutshwane, hangata monyetla o motle o hlaha ha nngwe feela. Balemi hangata ba fetwa ke menyetla e meholo ya ho baballa ditshenyehelo kapa ho qoba tahlehelo e kgolo hobane ba lesisitheho ho etsa dintho ka nako.
Menyetla e mengata e ka nna ya hlaha nakong ya boitokiso pele ho ho jalwa hammoho le sehleng sohle sa kgolo ya dimela. Tse latelang ke mehlala feela:
Monyetla o motle wa ho reka
Dula o butse mahlo o shebile menyetla e ikgethileng ya boleng bo botle. Iponele ka bowena nakong ya sehla, mme o shebe tshebetso ya dihlahiswa tse sebediswang masimong a hao. Sena se tla o thusa ho etsa diqeto tse ntle le ho kgetha sehlahiswa se setle ka ho fetisisa. Ntshetsa pele bokgoni ba hao ba ho fofonela. Tereilara e seng e kile ya sebediswa, e rekiswang fantising, e ka nna ya eba monyetla wa bohlokwa bophelong ba hao. 
Nako e ntle ya ho jala
Ona ke monyetla oo hangata o fetang balemi ba bangata. Hangata metjhine e tlohetsweng feela e kgannela tiehisong e sa hlokahaleng. Nako e ntle ya ho hlokomela disebediswa tsa hao ke hang feela qetellong ya sehla sa ho jala. Ha disebediswa di hlwekiswa, mme di bolokwa setorong, mme di tshireletswa mafomeng, ho tla hlokahala nako e nyane le ditshenyehelo tse nyane hore di lokisetswe ho sebetsa. Ho itokisa le ho emela feela ha phala e lla nakong ya maemo a matle a ho jala ho tla o fa motlotlo wa hore tsohle di tlasa taolo ya hao.
Ho tshireletsa mobu wa hao
Sekgohola se le seng se matla se ka baka tshenyo masimong a hao a dijothollo. Hang ha mobu wa bohlokwa o ka hodimo o hoholwa, ho boima hore o ka boela wa fumanwa hape. Le hoja paballo ya mobu e le karolo ya nako e telele lenaneong la ntshetsopele ya polasi, balemi ba tshwanetse ho dula ba shebile dibaka tse ka nnang tsa eba le kgoholeho. Sekgohola se bang teng polasing ya hao se itlhahela se sa lebellwa. Hang ha o lemoha bofokodi bo itseng, se senye nako, lokisa kapele ka moo ho kgonahalang ka teng. Hoo e ka nna ya eba monyetla wa hao o motle ho qoba tshenyo mobung wa hao o bohlokwa.
Laola mahola nakong e nepahetseng
Taolong e ntle ya mahola pooneng, mohlala, ho teng dibolayalehola tse ntle (dihlahiswa tsa dikhemikhale tse laolang mahola) tse fumanehang. Le tsona dibolayalehola tse ntle di kgona ho sebetsa ka katleho ha maemo a le matle. Ka hoo, sebedisa monyetla letsatsing leo maemo a lehodimo a leng matle, eseng mohlang ho le meya kapa maemong a motjheso o moholo kapa komello e kgolo. Hangata ho molemo ha mahola a sa ntse a le manyane. Ketelo ya kgafetsa ho hlahloba mehato ya tswelopele ya dijothollo le mahola e bohlokwa haholo. Se ke wa behela letsatsi le leng. Laola mahola a sa ntse a le manyane. 
Tshireletsa dijothollo tsa hao kgahlanong le dikokwanyana
Dikokwanyana tse kang sesedi di ka baka tshenyo e kgolo pooneng le mabeleng. Tshenyo e ka ba teng nakong e kgutshwane. Palo e kgolo ya larvae tsa dikokwanyana ka hara semela e ka laolwa ka katleho ka dibolayakokwanyana tse itseng. Ha mehato ya taolo e sa nkuwe hanghang, nnete ke hore mehato eo e ka nna ya nyopa. Lebaka ke hobane ha sejothollo se ntse se hola, se fetela mohatong o latelang, kapa boholo ba larvae bo ntse bo eketseha, khemikhale le yona e fokollwa ke matla. Ho hlwela dijothollo kgafetsa le ka mokgwa o phethahetseng ho tla thusa ho tseba nako e ntle ya taolo ya dikokwanyana.
Nako e ntle ya ho kotula
Dijothollo tse ding di batla ho kotulwa ka nako e nepahetseng. Matokomaneng, kuno e sa hlokahaleng kapa tahlehelo ya boleng ba dijothollo e ka nna ya eba teng ha eba ho kotulwa e sa le pele haholo kapa ha nako e se e ile haholo. Ho etsa qeto mabapi le nako e ntle ya ho kotula, molemi o tshwanetse ho sheba dintho tse ngatanyana, tse kang mmala wa peo, maemo a tlelaemete le boteng ba malwetse. Mabapi le dinawa tsa soya, ho pshatleha ha peo ke ntho e ka etsahalang masimong ha semela se fihla boemong ba ho butswa. Ha ho kotulwa nako e se e ile haholo, molemi a ka nna a iphumana a shebane le tahlehelo e kgolo ya ho pshatleha ha peo. Se ke wa fetwa ke monyetla, empa fumana sejothollo se seng le se seng nakong ya kotulo. 
