Mechanisation (Maize) 								SESOTHO



Metjhine – qaka e kgolo baleming ba bangata



Instructions:

Folio Strap: Metjhine

Byline: Jane McPherson, manejara wa Lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi



Ha eba o rerile ho ba molemi ya hwebang ka dijothollo, ha ho no nka nako pele o lemoha bohlokwa ba metjhine – diterekere, dithusatshebetso le metjhine. Tshimolohong, ha o sebetsa masimong a manyane, o ne o kgona ho etsa mosebetsi ka matsoho, kapa ho sebedisa terekere ya phoofolo (ditonki le dipholo). Le ha ho le jwalo, hang ha o simolla ho sebetsana le mobu wa dihekthara tse ngata, o tla rata ho sebedisa metjhine hore o kgone ho phetha mosebetsi o mongata nakong e nyane.



Re lemohile hore balemi ba bangata ba sitwa ho tswela pele, e ka ba hobane ba hloka diterekere tse lekaneng le metjhine, kapa e ka ba hobane disebediswa tsena tsa bona di le maemong a kgathetseng. Terekere ha e thuse molemi ka letho ha e sitwa ho sebetsa – ho sa kgathaletsehe hore lebaka ke lefe. 



Tekolo ya metjhine



Ha eba o na le sesebediswa, kapa o le morerong wa ho se reka, o tla tlameha ho etsa tekolo ya sesebediswa se latelang:



Diterekere

Ho hlahloba terekere, fumana boleng ba tse latelang:

Hlahloba boemo ba oli le metsi.

Fumana rekoto ya ho sebetswa (service) ha terekere.

Sheba boemo ba dithaere.

Sheba ho tshwehla ha oli – ha ho a tshwanela ho ba teng.

 Dumisa terekere, mme o mamele enjene.

Kganna, mme o hlahlobe ho sebetsa ha clutch le dikere (gears).

Hokela sebediswa, mme o hlahlobe ‘lift’ le sisteme ya hydraulike.

Na PTO e a sebetsa?

Na gauge hammoho le mabone a kgantshang di a sebetsa?

Hula sesebediswa, mme o bone ha eba terekere e na le matla.



Terekere
 
Mofuta
 
kW
 
Boemo (Na e boemong bo botle ba tshebetso – ho seng jwalo hlalosa bothata, mme ha ho kgonahala etsa tekanyetso ya ditjeo tsa tokiso)
 
Boleng
 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 
 

Diplantere

Fumana hore ke plantere ya mofuta ofe – ke plantere ya polata, plantere ya vacuum kapa ke ya mofuta wa monwana (finger mechanism)?

Plantere e ka lema mela e mekae?

Hokela plantere terekereng. Kenya peo le manyolo ka hara dihopper. Kganna terekere sebaka sa dimithara tse ka bang 10, mme o hlahlobe hore mela kaofela e a sebetsa. Ha eba peo le/kapa manyolo a sa tswe le lesobeng jwalo ka ha ho lebelletswe, ka hloko hlahloba dikarolo tse tsamayang hore o kgone ho hlwaya phoso.

Ikgodise hore na ho teng dipoleiti tse ding tsa tlatsetso tsa plantere (ha eba e le plantere ya dipoleiti).



Plantere
 
Mofuta
 
Boholo/palo ya mela
 
Boemo (hlalosa)
 
Boholo ba karohano pakeng tsa mela
 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 


Boom spayers (Difafaletsahole)

Pele o hokela sefafatsi, hlahloba oli ka pompong.

Hokela sefafatsi, o se hokele ho PTO. Etsa hore sefafatsi se sebetse, mme o hlahlobe hore na melongwana kaofela e a fafatsa.

Hlahloba kgatello (pressure).

Ha eba mathata a teng, fumana hore e ka ba ba mofuta ofe – na ke pompo, filthara kapa melongwana?

Ha eba sefafatsi ha se maemong a matle a tshebetso, na se ka lokiswa?



Sefafatsi
 
Mofuta
 
Size/palo ya melongwana
 
Boemo (hlalosa)
 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 


Disebediswa le dithuso

Hlahloba foreimi – na e kobehile kapa e peperane? (Sheba mengwapo moo ho tjheselleditsweng).

Hlahloba diboutu kaofela le moo ho hoketsweng teng.

Hlahloba dikarolo tse thetsanang le mobu (dikere le didiski) – na ho hlokahala tse ntjha?

Hlahloba dipeipi le dipompo tsa hydraulike – na di sa le boemong bo botle ba tshebetso, mme ha di dutle?

Hlahloba mabidi – hore a tletse hantle.

Hlahloba dibering (bearings) sesebedisweng – na tsohle di tlotsitswe ka kerise (grease), mme na di sebetsa hantle?



Disebediswa
 
Mofuta
 
Size
 
Boemo (Hlalosa)
 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 


Etsa bonnete hore o etsa tekolo e phethahetseng ya diterekere le disebediswa kaofela e le hore o se ke wa leka ho sebetsa masimo a batsi ho feta ka moo sesebediswa se kgonang ka teng. Ho molemo ho etsa phaello dihekthareng tse nyane ho ena le ho ba le tahlehelo palong e kgolo ya dihekthara. Wena sebetsa feela boholo ba masimo boo o ka bo sebetsang ka nepo.



