

Mechanisation (Maize)									Sesotho

Tlhokomelo ya metjhine – ke boikarabelo ba mang?

Instructions:

Folio Strap: Metjhine

Byline: Willie Kotzé, setsebihadi: kwetliso le ntshetsopele ya Lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi



E ka nna yaba o bile lehlohonolo ho fumana diterekere le disebediswa tse ding tsa temo Lefapheng la Temo, kapa mokgatlong o mong o itseng. Ho ka nna ha etsahala hore ha o a fumana sesebediswa o le mong, empa o tshwanetse ho se sebedisa mmoho le balemi ba bang. Ena ke taba e thata. Le ha ho le jwalo, hopola hore o lehlohonolo ho feta ba bang ba bangata ba sitwang ho fumana diterekere le tsona disebediswa ho hang. 

Metjhine ke lehlohonolo, empa e tshwanetse ho hlokomelwa. Ho teng boikarabelo bo boholo bo tshwanetseng ho jarwa ke bohle ba amehang tabeng ena. Ditlwaelo tsa tlhokomelo tse kgemang mmoho le boikarabelo di tshwanetse ho tshohlwa, mme ho tshwanetse hore diqeto tse etswang di etswe ke sehlopha – o tlamehile ho dumellana le ka moo tsohle di etswang ka teng, hape o tshwanetse ho etsa bonnete hore sehlopha kaofela se dumellana le ntlha e nngwe le e nngwe, e le hore o kgone ho kenya tshebetsong diqeto hamorao.

Tse ka bakang dikgohlano 

Dintho di ngata tse ka bakang kgohlano mabapi le diterekere le disebediswa tse kopanetsweng tsa setjhaba. Ke tse latelang:

Na batho ba tlamehile ho lefa ha ba lokela ho sebedisa disebediswa tsee, ha eba ho jwalo, hobaneng?

Batho ba tshwanetse ho lefa mang hore ba sebedise disebediswa?

Ha eba ba tshwanetse ho lefa, ditefello di tla hlophiswa jwang – ka hora kapa hekthara ka nngwe?

Batho ba bangata ba batla ho sebedisa sesebediswa ka letsatsi le le leng.

Molemi ya itseng o na le masimo a mangata, mme o batla ho sebetsa masimo a hae kaofela – ha balemi ba bang bona ba ena le sekotwana se le seng sa mobu. Ho tla sebetswa dihekthara tse kae motho ka mong?

Balemi ba tla fumana diesel hokae? Na motho ka mong o tlamehile ho ithekela moqomo o tletseng karatjheng ya peterole, kapa sehlopha se tla ba le tanka e kgolo moo e mong le e mong a tla iqhatsetsa diesel?

Ha eba diesel e rekwa e le ngata, ke mang ya tla jara boikarabelo ba tshebediso ya yona? Ke mang motho ya jarang boikarabelo?

Na diesel e tla rekwa le ho rekiswa ka theko e tshwanang, kapa sehlopha se tla iketsetsa phaello e itseng, e tla sebedisetswa ditshenyehelo tse ding tsa tlhokomelo?

Ha eba ho hong ho robeha terekereng, ke mang ya jarang boikarabelo ba ditokiso?

Hoba terekere e sebediswe, na e tshwanetse ho kgutliswa tanka e tletse diesel?

Bakganni ba diterekere – na di ka kgannwa ke mang le mang, kapa e tshwanetse ho ba ya kgethilweng, kapa bonyane, motho ya nang le lengolo la ho kganna terekere?

Sesebediswa se filwe mang?

Na “beng” ba itotobaditse ka mabitso (mohlala, na sesebediswa sena se tla sebediswa feela ke palo e itseng, e nyane, ya batho, kapa mang le mang wa setjhaba a ka nna a se sebedisa?)

Sepheo sa sehlooho sa sesebediswa sena ke sefe? (na ke ho lema masimo, kapa se ka nna sa sebedisetswa ho tsamaisa thepa?)

Sesebediswa se tshwanetse ho bolokwa hokae – sebakeng se itseng sa polokelo, kapa mahaeng a batho?

Tshebeletso (service) ya diterekere e tla ba hokae?

Ke mang ya tla boloka direkoto tsa hore di ile tsa fumana “service” neng?



Boikarabelo ba beng

Na beng ba lemoha boikarabelo ba bona mabapi le sesebediswa?

Na meralo e teng e lokelang ho latelwa ha ho sebediswa sesebediswa?

Na melao le melawana e teng mabapi le:

Ke mang ya nang le tokelo sesebedisweng, le hore neng?

Ke mang ya lokelang ho se sebedisa?

Ho buselletswa ditshenyehelo?

“Service” le ditokiso?

Kwetliso ya basebedisi?

Mehato ya paballeho?

Ho kenngwa ha diterekere le disebediswa tse ding?

Inshorense diterekereng le disebedisweng?

Tekolo ya boemo ba diterekere le disebediswa?

Dikonteraka le basebedisi (ha eba motho a lefelwa ho kganna, jj.) 

Konteraka le monga thepa/masimo – se lokelang ho etswa, maemong afe?

Dinako tse behilweng?

Mehato e latelwang mabapi le metako (calibration) ya difafatsi le diplantere?

Tsamaiso ka mora mosebetsi o mong le o mong – mohlala, ka mora ho fafatsa masimo, rekoto ya dikhemikhale tse sebedisitsweng e reng?

Phumano le tefello ya diesel?



Basebedisi (bakganni ba diterekere)

Ke mang ya nang le tokelo ya ho kganna terekere (ke mang ya ka kopuwang ho kganna terekere?)

Na kwetliso e teng e ka thusang bakganni?

Ke mang ya tla kwetlisa mokganni mabapi le terekere ho ya ka bukana e tataisang mokganni?

Ke mang ya jarang boikarabelo mabapi le tlhokomelo ya bakganni?

Na terekere ka nngwe e na le mokganni a le mong, kapa batho ba fapaneng ba kganna terekere ka nako tse fapaneng?

Ha eba bakganni ba le bangata, ke mang ya jarang boikarabelo terekereng?

Ke mang ya jarang boikarabelo ba ho hlahloba terekere hoseng ho hong le ho hong pele e ilo sebetsa masimong?

Ke mang ya tshwanetseng ho nnetefatsa hore boemo ba terekere ba letsatsi ka leng bo dula bo le maemong a matle?

Na dintho di teng, le yona menyetla moo diterekere le disebediswa tse ding di ka hlwekiswang teng?

Pehelo e ka etswa ho mang mabapi le mathata a leng teng?

Ke efe mehato e lokelang ho latelwa mabapi le ho lokisa diphoso? 

