Mechanisation									Sesotho



Disebediswa: tsa rona, tse hirwang kapa tse fumanwang kaekae?



Instructions:

Folio Strap: Mechanisation

Byline: E kgutsufaditswe ho tswa bukanang ya tataiso ke Jane McPherson



Molemi wa kajeno o phehelletse tshebediso e batsi le e hlwahlwa ya diterekere, metjhine e kotulang le e amanang le tseo.



Sena ke nnete haholoholo mabapi le mekgwa ya ho phethola mobu. Tswelopele ya sejwalejwale metjhineng e metjha, e ka nnang ya shejwa le ho bonwa Letsatsing la Kotulo la NAMPO selemo le selemo, e bontsha tshekamelo ya ho eketseha ha matla a horsepower kapa kilowatt ya metjhine e tsamaiswang ke enjene. Sena se kenyeletsa boholo le mothamo wa metjhine; ebang e ka ba terekere, motjhine o itsamaisang o etsang dijo tsa diphoofolo, mohoma o hulwang, o etsang diforo tse ngatanyana kapa mohoma wa dipapetlatjhitja (disks) tse arohaneng.



Ditjeo tsa ho ba le metjhine e jwalo le ho kenya e meng bakeng sa yona, hammoho le hore e sebediswa jwang, le mekgwa ya yona ya ho lema, ke dintho tse eketsehang ka potlako. Tshenyehelo e bang teng ka baka la ho se phethole mobu ka nako e ka fetoha dijothollo tse fetilweng kapa tsa kuno e tlasa palohare.



Hore motho a fihlelle sepheo ka dijothollo le tlhahiso jwalo ka ha e hlophisitswe moralong wa polasi, mabapi le sepheo ka mehlodi le ka ditjhelete, ke taba ya bohlokwa ho etsa meralo ho ipapisitswe le bokgoni ba disebediswa tseo motho a nang le tsona. Hoba lethathamo la disebediswa tse leng teng le phethelwe, molemi o tla tseba hore ke diterekere tsa boemo bofe le tsa boholo bofe tse leng teng hammoho le hore ke tsa matla a kilowatt dife terekere ka nngwe.



Boholo ba diterekere le bokgoni ba ho hula kapa ho sebetsa ha tsona bo tshwanetse ho lekolwa mmoho le boholo le bokgoni ba disebediswa tse leng teng. Ha sena se se se entswe, diphetho mabapi le nako e nkwang ya ho lema, ho tabola lekgapetla la mobu, ho sebedisa di-diski, ho phethola mobu le ho jala, ke hona di ka methwang.



Molemi ke hona a ka etsa qeto tse ngata tsa hore na o na le kapa ha a na disebediswa tse lekaneng. Mohlomong a ka nna a tlameha ho reka disebediswa tsa tlatsetso kapa a hira borakonteraka ho etsa mesebetsi e meng ya sehlooho. Mohlala, ho ka baballa ditshenyehelo ho hira rakonteraka ka terekere e kgolohadi mmoho le disebediswa tse e tshwanelang, ho etsa mosebetsi wa pele wa ho phethola mobu, ho tabola ho tebileng ha mobu kapa mesebetsi e meng ya ho phetola mobu ka diski. Ho tloha mona molemi a ka tswela pele ka mesebetsi e meng e latelang ya ho phethola mobu ka ho sebedisa disebediswa tsa hae tseo hangata e leng tse nyane. Ho tseba haholwanyane ka taba tsena, sheba “Thuto ya Rakonteraka”.



Molemi o tshwanetse ho etsa qeto mabapi le ho ba monga disebediswa tsohle ho phetha mesebetsi yohle eo a rerileng ho e etsa ka nako, ho hira disebediswa tse ding tsa tlatsetso tse hlokahalang kapa ho sebedisa borakonteraka. Ditjeo tse tsitsitseng (fixed costs) tsa monga thepa ya disebediswa tsohle, haholoholo tsa molemi ya thuthuhang, ho ya ka ho theoha ha boleng ba thepa ya hae, makgetho a lefshwang, sebaka sa tshireletso ya thepa, inshorense le phaello, di tshwanetse ho hopolwa. Mojaro o boima wa ditjhelete kgwebong, wa ho lefa sekoloto sa dikadimo tse entsweng ho fumana disebediswa tse ding tsa tlatsetso, e ka ba tshitiso e ka behang kgwebo boemong bo kotsi ba ditjhelete. Le ha ho le jwalo, ho hloka disebediswa le teng ho ka bolela tahlehelo ya ho se fumane letho kapa ho se kotule ka nako. Ke boo bothata! 





