

Measurement (OPOT) 								 SESOTHO

Peo le manyolo – hopola ho metha!

Instructions:

Folio Strap:

Byline: Ditaba tsena di nkilwe thutong ya Konteraka Temong

Photos:

Sekarapi (Scraper)

Monwana (Finger)

Poleiti

Motjhine wa manyolo

Motsamao wa manyolo

Setsamaisi (Drive)

Auger kapa screw

Molomo o ntshang manyolo

Tjhupu e tataisang

Motjhine o ntshang peo

Hlatha hodimo le tlase (Sluice gate)

Agitator

Diski e potolohang

Lebidi la naledi (star wheel)

Lebidi le ikgethileng la ho tsamaisa motjhine o methang

Mabidi a hatellang (press wheels) jwalo ka mabidi a tsamaisang



Mekgwa ya sehlooho ya ho metha peo le manyolo



Ho methwa ha peo – Diplantere tsa poleiti

Mekgwa e mengata e fapaneng ya ho metha peo e a sebediswa e le ho nnetefatsa hore sebaka se pakeng tsa dipeo e ba se nepahetseng. Sesebediswa se tlwaelehileng ka ho fetisisa ke sa mofuta wa poleiti le masoba (bontshwa tlase mona). 



Diski e methang e na le ‘ring’ e nang le masoba, mme lesoba ka leng le leholo hoo peo e kgonang ho feta ho lona ka nako e le nngwe. Ha diski ena e ntse e potoloha, e thella hodima poleiti (base plate) e nang le lesoba le le leng. Karolo e nngwe ya diski ke e kwahetsweng, mme karolo ena e kwahelang e na le sekarapi (scrapper) se karapang peo efe kapa efe e sa hlokahaleng, e ntseng e dutse hodima peo e keneng lesobeng nakong eo diski e ntseng e potoloha. Hape ka hara karolo ena e kwahelang (cover) ho teng monwana o sututswang ke spring, o tsamayang hodima diski, o sutuletsang peo hore e tswe ka hara lesoba nakong eo peo e fetang hodima lesobana la poleiti tlasa diski. Sebopeho le boholo ba lesoba la diski ke dintlha tsa bohlokwa ho tiisa hore ke peo e le nngwe feela e dumellwang ho kena lesobeng, le ho thibela peo ho kgomarela, bakeng sa ho wela feela ha bonolo moo e lebelletsweng teng.



Ho methwa ha peo – Diplantere tsa moya 

Ho teng mefuta e mmedi ya plantere tsa moya – o mong o na le kgatello e hulang (negative pressure), e leng ho hulwa ha moya e le hore ho be teng baka se feela ‘vacuum’ e qobellang hore peo e hulelwe bakeng seo se feela, mme o mong ke wa kgatello e sututsang (positive pressure) ho sututswa ha peo ke moya o matla, mme o e qobella hore e kene lesobeng. Boholo ba peo ha se taba ya bohlokwa metjhineng ena jwalo ka diplantereng tsa dipoleiti – ‘Vacuum’ (baka se feela) se hulela peo lesobeng ho sa tsotellwe boholo ba peo. Bongata ba peo e jalwang bo itshetlehile feela ka ho potlaka ha poleiti e ntseng e potoloha.



Ho methwa ha manyolo 

Sesebediswa sa Auger

Sesebediswa sa ho metha se tlwaelehileng ka ho fetisisa ke sa auger kapa mofuta wa sekurufu (screw). Auger e fumanwa karolong e ka tlase ya motjhine (hopper) wa manyolo. Hangata hopper e potoloswa ke ketane ya drive ho tloha mabiding a tsamaisang. Ha e potoloha jwalo, manyolo a tshwaswa pakeng tsa masobana a auger, ebe moo a karapellwang ho ya lesobeng le yang ka ntle la hopper.



Mokgwa o le mong feela wa ho etsa phetoho ho methweng ke wa ho fetola seprokete (lebidi le nang le meno) tse sebedisang ketane pakeng tsa lebidi le tsamaisang (drive wheel) le auger.



Ho methwa ha diski

Sesebediswa sa ho metha sa diski se atile haholo diplantereng tse bonolo tsa ditjeo tse tlase. Semetha sa diski ha se sesebediswa se sututsang jwalo ka sa auger. Hangata, manyolo a tswela ka ntle ho sentshamanyolo sa hopper empa se thuswa feela ke ho potapota ha diski. Sepotlakisi ke foro hodima diski, mme se thusa ho tsukutla manyolo le ho a thusa ho leba nqeng ya molomo moo a tswang le teng.



Ho setwa ho itseng (setting) ho fihlellwa ka ho fokotsa kapa ho atolosa lesoba la sluice gate.



Ho metha ha star wheel (lebidi la naledi)

Sesebediswa sa lebidi la naledi le sona se boetse ke mokgwa wa ho metha o budulang.



Lebidi la naledi le behwa ka hara hopper ka mokgwa oo karolo ya menwana e tla potapotang ka ntle ho hopper.



Ka hara hopper, manyolo a tshwaswa dipakeng tsa menwana ya lebidi, mme ha le potoloha, manyolo a hulwa ho tswa ka hara hopper hore a wele ka hara tjhupu ya guide.



Ho metha ha lebidi la naledi ho ka setwa ka mekgwa e meraro:

Kenya disprokete tse ding tsa ketane tsa drive hore lebidi le kgone ho potoloha kapele kapa butlenyana.

Fapanya lebidi la naledi ka le leng le nang le menwana e melelele kapa e mekgutshwanyane.

Mabidi a mang a naledi a ka nna a ba le sluice gate jwalo ka yunite e methang ya diski. Ho bula sluice gate ho tla dumella manyolo a mangata ho feta.



Ho ‘drive’ mokgwa wa sesebediswa sa ho metha 

Ha ho se ho etswe hloko dikarolo tse fapaneng tsa plantere, hammoho le dintlha tsa motheo tsa mekgwa ya ho metha peo le manyolo – potso e a ipetsa ya hore, dikarolo tsena kaofela di bidikoloha jwang?

Sesebediswa sa ho metha hangata se tsamaiswa ke lebidi le tshehetsang le leng hodima plantere. Mabidi a hatellang (press wheels) hangata a boetse a sebediswa e le a kgannang (driving wheels) le mabidi a tshehetsang. Ka nako tse ding, lebidi le ikgethang le tlamelletsweng hodima plantere le a sebediswa. Lebidi lena le ka nna la eba boima hoo le nang le matla a lekaneng a ho hula (traction), kapa le ka sututswa ke spring. Metwa (threads) e ikgethileng jwalo ka thaereng e ba teng ka sepheo sa ho etsa hore lebidi le se ke la thella haholo.



Lebelo la ho potoloha ha lebidi le kgannang le itshetlehile lebelong la terekere – ha terekere e tsamaya ka lebelo, lebidi le kgannang le lona le potlaka feela jwalo. Mokgwa wa dikere, disprokete le diketane o sebediswa ho laola lebelo la ho potoloha ha dikarolo tse sebetsanang le peo, mme mekgwa e meng ya dikere, diprokete le diketane e sebediswa ho laola lebelo la ho potoloha ha karolo tse sebetsanang le manyolo.



Ela hloko hore mefuta e fapaneng ya diplantere e na le dikarolwana tse fapaneng tsa tshebetso – mohlala, e meng e na le di-levers (ditshepe) tseo ka kakaretso di ka behwang di butswe (pepesehile) e le hore di laole ho phalla ha peo kapa manyolo.



Ho laola lebelo la disebediswa tsena, ho sebediswa ratio tsa dikere – ena ke ntlha ya bohlokwa e tlamehileng ho utlwisiswa. 

