Measure									Sesotho



Ho lekanya ke ho tseba



Instructions:

Folio Strap: Tsamaiso

Byline: Jane McPherson, motsamaisi wa lenaneo la Ntshetsopele la Grain SA



Kgalekgale, pele temo e fetoha mokgwa o matla wa kgwebo, mokgwa ona wa ho lekanya kapa ho metha ba ne ba sa o sebedise haholo.



Ba ne ba sebedisa manyolo masimong a bona – haholo ka moo ba neng ba kgona ka teng, kapa haholo ka moo ba neng ba kgona ho ala manyolo pele nako ya ho kotula e fihla. Ba ne ba sebedisa diphoofolo ho hula mehoma – mme botebo mobung e ne e eba bo ka kgonwang ke pere, tonki kapa pholo. Ba ne ba jala peo ka ho e hasanya ka matsoho, e etswa mekotleng e neng e leketla lehlakoreng – mme peo e ne e hasanngwa bohole ba moo letsoho le ka kgonang ho fihlella. Ba ne ba hlaola lehola ka matsoho, ba laola ditweba, dikokwanyana kapa eng kapa eng eo ba neng ba kgona ho e sebedisa, mme le ho kotula ba ne ba ho etsa ka matsoho – ntle le ho tseba hantle hore ke dihekthara tse kae tseo ba di jadileng, ntle le ho tseba hore ke dijothollo tse kae tseo ba di kotutseng. Seo ba neng ba se tseba feela e ne e le mohlomong kotulo e tla lekana ho fepa ba lelapa le diphoofolo selemong se hlahlamang. Dintho di fetohile hakaakang ruri.



Matsatsing a kajeno re tshwanetse ho lekanya/ho metha – ha re ntse re eketsa ho lekanya le ho etsa dipalonyana tsa rona, eba re kgona ho nepa dintho hantle, mme eba re kgona ho laola maemo tshebetsong ya temo. Atikeleng ena, re tla ke re qoqe hanyenyane ka tse ding tsa dintho tseo rona, jwalo ka balemi, re tshwanetseng ho di metha/lekanya.



Naha

Mebu e fapana haholo, ka botebo le ka semelo. Re tlamehile ho tseba mofuta le botebo ba mobu oo re o lemang – o se ke wa ya le kgongwana hodimo hore mebu yohle e a tshwana! Mofuta wa mobu le botebo ba mobu ke dintlha tse laolang mofuta wa dijothollo tseo re tshwanetseng ho di jala – Mefuta e meng ya dimela ke e sa tshwanelang ho jalwa mobung o sa tebang. Ha eba ho etsahala hore ka mohlomong mobu wa hao ke o sa tebang, seo ha se hakaalo koduwa – se mpa se bolela feela hore o tla tshwanela ho etsa qeto ya hore ke dijothollo dife tseo o ka di jalang moo hore di o fuparele molemo (tabakgolo ke makgulo ao o tshwanetseng ho a lema hore mobu oo o otileng o sebediswe ka mokgwa o tla o tswalla molemo).



Boemo ba menontsha le pH ya mobu

Dimela tsohle di fumana menontsha mobung hore di kgone ho hola le ho atleha. Dintlha tse ding, tse kang pula le metsi a tsamayang ka hara mobu, di na le sekgahla menontsheng e teng mobung. Ka ho nka disampole tsa mobu, molemi o kgona ho lekola boemo ba menontsha mobung hammoho le pH ya mobu (sena ke tekanyo ya esiti mobung). Ha mobu o ena le esiti e ngata, le hoja menontsha e ntse e le teng mobung, menontsha ena e ke ke ya kgona ho fumanwa ke semela. Ntle le ho tseba boemo ba mobu, re tla sitwa ho tseba mofuta wa manyolo le hore ho tla hlokeha manyolo a makae ho hlahisa dijothollo.



Dithemphereitjhara 

Dijothollo tsohle di na le meedi e itseng ya dithemphereitjhara e di lokelang. Re tshwanetse ho tseba dithemphereitjhara tse tlasetlase le tse hodimodimo tseo re tla ba le tsona nakong ya selemo, le hore dirame tsa pele re tla di lebella neng. Hang ha re ena le dintlha tsena, re tla kgona ho nahana ka hore ke dijothollo dife tseo re ka di jalang, le hore ke mofuta ofe wa peo o ka lokelang dithemphereitjhara tseo, hammoho le bolelele ba sehla sa ho hola ha dimela. (Hopola hore sehla sa ho hola ke nako e pakeng tsa ho jalwa ha dijothollo le ya ho butswa ha tsona – letsatsi la serame sa pele se lebelletsweng lebatoweng le laola bolelele ba sehla sa ho hola).



Pula 

Ke taba ya bohlokwa ho tseba pula ya selemo ya lebatowa la hao le hore dinako tsa komello di ka lebellwa neng. Bohle re a tseba hore re sitwa ho laola ho na ha pula, empa re ka sebedisa dipalopalo tsa bohareng mabapi le ho itokisetsa merero e itseng. Matsatsing a kajeno, balepi ba maemo a lehodimo ba fana ka dintlha tse nepahetseng haholo, mme boholo ba bolepi mabapi le komello le mongobo, re bo tseba pele nako eo e fihla – o tshwanetse ho sebedisa tlhahisoleseding ena molemong wa hao. Ho metha/lekanya pula ha se ntho e boima (dikotlolwana tse methang pula di a fumaneha, mme di tshwanetse ho ba teng dibakeng tse ngata tsa masimo a hao). Ha pula e nele, o ka metha hore ho nele e kae, mme o ngole fatshe. Mililithara e nngwe le e nngwe e kenella mobung, mme e siya leswe le itseng mobung – o tshwanetse ho metha pula hore o tsebe hore pula e entse mongobo o mokae mobung.



Palo ya dimela

Ho hlokolosi haholo hore o jale palo e nepahetseng ya dipeo hekthareng ka nngwe e le ho fihlella palo e lebelletsweng ya dimela hekthareng ka nngwe. Palo e lebelletsweng ya dimela hekthareng ka nngwe e fapana ho ya ka lebatowa ka leng, hape le ho ya ka mebu e fapaneng ya lebatowa le le leng. Lebaka le etsang hore palo ya dimela e be bohlokwa hakana ke hobane semela ka seng se batla bongata bo itseng ba metsi le menontsha e le hore se kgone ho etsa tlhahiso e kgolo, e ntle – Ha dimela di le nyane haholo ka palo, semela ka seng se ke ke sa hlahisa ho lekaneng mabapi le kotulo e lebelletsweng. Le teng ha eba dimela di le ngata haholo, di a hlodisana mabapi le metsi le menontsha, mme di sitwa ho hlahisa kotulo e lebelletsweng. Molemi o tshwanetse ho tseba bophara ba mela le hore dipeo di tshwanetse ho jalwa di arohane ho le hokae moleng – ena ke ntlha e hlokolosi tlhahisong ya dijothollo.



Sekgahla sa manyolo

Dimela di hloka menontsha hore di hole le ho hlahisa dijothollo. Bongata ba menontsha bo laolwa ke kuno e lebelletsweng (kuno ya nnete e habilweng ke molemi masimong ao, ka mofuta o itseng wa semela). Diphetho tsa disampole tsa mobu di tla fana ka boemo ba jwale ba menontsha mobung, mme ho ya ka sena, ho ka etswa dipalo, mme ha tsejwa bongata ba manyolo kapa menontsha e lokelang ho kenngwa mobung. Manyolo a bohlokwa haholo mabapi le tlhahiso ya dijothollo, empa le teng tshebetso ena e phahame haholo ka ditjeho, e leng se etsang hore ho be bohlokwa ho tseba ka nepo bongata ba manyolo a hlokahalang, ebe ho sebediswa bongata boo ba manyolo.



Tshebediso ya dikhemikhale (dibolayakokwanyana le mahola) 

Ena ke karolo e nngwe eo taba ya ho metha e leng bohlokwa ho yona. Dikhemikhale tsena kaofela di tla le kgothaletso di na le di sebediswe jwang le hakae. Sena se entswe hore molemi a tle a fihlelle sepheo sa hae ka ho fafatsa ntle le ho lematsa dijothollo tsa hae kapa yona tikoloho. Tshebediso ya dikhemikhale hangata e kenyeleditse bongata ba metsi a tshwanetseng ho sebediswa hekthereng ka nngwe – mohlala, lithara e le nngwe ya khemikhale metsing a 250 dilithara hekthare ka nngwe (ona ke tekanyo e bohlokwa). Dikhemikhale tse sebediswang tlhahisong ya dijothollo di kotsi, mme di phahame ka theko. Ka baka lena, di tshwanetse ho sebediswa jwalo ka ha ho kgothaleditswe. (Metwa [calibration] e bonahalang sefafatsing ke ntlha e nngwe letotong a tlhahiso ya dijothollo).



Ho methwa ha kotulo

Ka mora mosebetsi o moholo kahana, o fihlelletse sefe hekthareng ka nngwe? Mosebetsi ke o tshabehang o tshwanetseng ho etswa hore tlhahiso e be teng ya dijothollo qetellong, mme ho bohlokwa ho tseba hore o atlehile ho le hokae. O simollotse ka mobu – yaba o phethola mobu, yaba o etsa qeto mabapi le seo o batlang ho se jala, mofuta wa peo e tla sebediswa, ke manyolo a makae a tla hlokahala, ke dikhemikhale dife tse tla sebediswa, le hore di sebediswe ho le hokae – kaofela ha tsena ho nkile nako, mosebetsi le tjhelete e ngata. Jwale o na le dijothollo tse lokelang ho kotulwa le ho rekiswa – o tshwanetse ho tseba hore tone ka nngwe e o jele bokae, le hore tjhelete e keneng ke bokae, e le hore o tsebe hore na mekutu ya hao e o tswaletse eng qetellong.



Lenaneong la rona la Ntshetsopele ya Molemi, re kopana le balemi ba bangata ba tsilatsilang mabapi le boholo ba masimo ao ba a lemang, mofuta le botebo ba mobu, boemo ba menontsha mobung, manyolo ao ba ikemiseditseng ho a sebedisa, palo ya dimela eo ba e batlang kapa bongata ba dikhemikhale tseo ba batlang ho di sebedisa. Balemi ba tshwanetse ho metha – ho metha masimo a bona, mobu, menontsha, pula, dithemphereitjhara, palo ya dimela, sekgahla sa manyolo, tshebediso ya dibolayalehola le dibolayakokwanyana hammoho le kuno. Ka mokgwa ona, o tla be o kene hantle tseleng ya ho ba molemi wa makgonthe ya keneng kgwebong.

