Marketing									Sesotho



Ho fumana theko e ntle ka ho mmaraka 



Instructions:

Folio Strap: Ho mmaraka poone

Byline: E kgutsufaditswe ho tswa Thutong ya Tsamaiso ya Agribusiness ke Jane McPherson



Ho molemo ho ba le mmaraka le pele o jala, empa batho ba bangata ba teng ba jalang pele ka tshepo ya hore ba tla fumana theko (poreisi) e ntle hang ha dijothollo di se di hlahile. Mohatong ona ke taba ya bohlokwa ho etsa moralo wa ho mmaraka dijothollo tsa hao ka mokgwa o hlwahlwa ka moo o ka kgonang ka teng hore o fumane tjhelete e ngata ka moo ho kgonahalang ka teng.



Moralo wa ho mmaraka o tshwanetse ho etswa mmoho le moralo o bonahalang wa tlhahiso. Bokgoni le tsebo ya maohlahisi ya ho mmaraka di bohlokwa feela jwalo ka tsebo e hlokahalang ya ho hlahisa sehlahiswa. Ho eketsa bokgoni ba ho mmaraka ho tshwanetse ho be teng maikutlo a atlehileng le a nang le kelello mabapi le mmaraka. Leqheka la ho mmaraka le etswang ke molemi ka mong kapa khamphane ya temo ke karolo ya thepa yohle ya tharollo ya kotsi e fuperweng, e leng e sebediswang ho nnetefatsa tshireletso ho tsa ditjhelete nakong e telele. Temo e shebane le mefuta e mengata ya dikotsi le tlhokeho ya tsebo mabapi le bokamoso. Tlhokeho ena ya tsebo ya bokamoso ke yona e thatafatsang merero le hoja e le bohlokwa mabapi le merero e etswang. Merero ya ho mmaraka e thusa mohlahisi ho fokotsa, eseng ho fedisa ka hohlehohle, dikotsi mabapi le theko (poreisi).



Maikutlo a hao mabapi le ho shebana le dikotsi a tla ba le sekgahla mokgweng oo o etsang diqeto tsa hao ka ona mabapi le mmaraka. Dilemong tse ngata tse fetileng, ha ho ne ho ena le mokgwa wa ho mmaraka o neng o laolwa ka theko e tsitsitseng (fixed), balemi ba bangata ba ile ba ipelaetsa ka hore ha ba etse phaello ka ditheko tse behilweng. Jwale ha e le mona taba ya ditheko tse behilweng e se e lahlilwe, mme le mmaraka e se e le o lokolohileng, balemi ba bangata ba tletleba ka hore ba sitwa ho laola mebaraka. Mokgwa ofe kapa ofe wa mmaraka o kgema mmoho le diphephetso tse itseng, mme ka baka lena, ho bohlokwa ho sebedisa monyetla o teng.



Ho tlaila dintho ke karolo e ke keng ya qojwa bophelong ba motho – ho etsa diphoso temong ke karolo ya temo. Le ha ho le jwalo, ha eba re tla dula re ntse re etsa diphoso di le ding ho ya ho ile, re ke ke ra tswela pele. Re tshwanela ho fokotsa diphoso tsa rona le ho etsa tse ntjha hore re hatele pele. 



Tekolo ya mesebetsi ya nako e fetileng mabapi le ho mmaraka

Na o thabisitswe ke ditheko tseo o di fumaneng nakong e fetileng?

Ke mesebetsi efe ya ho mmaraka e tlisitseng katleho?

Hobaneng o nahana hore maqheka a hao a sebeditse hantle?

Ke ditheko dife tseo o di fumaneng papisong le tse tlasetlase, tse hodimodimo tsa selehae le tse mahareng tsa naha?

Ke mesebetsi efe ya ho mmaraka e sa kang ya sebetsa hantle?

Hobaneng ha maqheka a mang a hao a ho mmaraka a sa ka a sebetsa hantle?

Sepheo sa hao ka kgwebo ke sefe kgweding tse hlahlamang tse leshome le metso e mmedi le dilemong tse tlang tse hlano – sepheo sena se tla ama jwang meralo ya hao ya ho mmaraka?



Kgwebo ya ka ya temo e sebetsa jwang?

O tshwanela ho sheba temo ya hao e le kgwebo, mme nako le nako ho a hlokahala ho etsa tse latelang:

Ho bolela o shebisisa maemo a hao a ditjhelete a kgwebo ya hao.

Ke tlameho hore direkoto tsa lemo se fetileng tsa ditjhelete, ho kenyeleditswe tjhelete yohle e mabapi le ditshenyehelo tsa dijothollo, distatemente tsa tjhelete e keneng, tjhelete e kenang le e tswang (e tshwarwang) le maqephe a tekatekano (balance sheet) di phethelwe kapa di behwe maemong a nepahetseng a nako eo.

Distatemente tse shebetsweng pele tsa tjhelete e kenang, tjhelete e tshwarwang ka letsoho, le maqephe a tekatekano, hammoho le tlhophollo ya ditshenyehelo tsa jwale tsa tse rekwang, di ka lokiswa ka nepo hoo di ka bontshang maemo a a fapaneng a theko ya poone kgwebong.

Tjhelete e sa lekanang e fetang matsohong dinakong tse fapaneng tsa selemo e tla thusa ho bontsha mokgwa o motle ka ho fetisisa wa ho mmaraka, o tshwanetseng ho latelwa.

Tlhahiso e bonwang ka mahlo, moralo wa inshorense le wa ho mmaraka, di kgema mmoho le moralo wa ditjhelete.



Ho laola sepheo ka ditheko 

Ha eba e le lefifi feela ho wena hore dijothollo tsa hao di o jele bokae, ho thata ho ka tseba hore o tla fumana bokae (tone ka nngwe) hore o etse phaello. Nahana ka tse latelang:

Tseba ditshenyehelo tsohle tsa tlhahiso hekthereng ka nngwe le toneng ka nngwe e hlahisitsweng.

Ela hloko ditshenyehelo tse otlolohileng – peo, manyolo, diesel, dibolayalehola, dibolayakokwanyana, mosebetsi wa basebetsi ba nakwana, hammoho le inshorense ya dijothollo.

Tseba karolo ya ditshenyehelo tse tsitsitseng (fixed costs) tseo poone ya hao e tshwanetseng ho di jara e le ho ka tseba tekanyo le phaello ya hao e tshwanetseng ho unwa mmarakeng. Ditshenyehelo tse tsitsitseng di kenyeletsa rente, tswala, mosebetsi wa nako tsohle, motlakase (ditshenyehelo kaofela tse tswelang pele ebang o jetse dijothollo kapa tjhe). 

Tekanyo (break even) e hlaloswa e le theko eo ho yona ditshenyehelo tse tsitsitseng hammoho le tse ka nnang tsa eba teng di akaretswang hoo ho fihlwang boemong ba phaello e siyo.

Tlhahiso ya poone hangata ke karolo ya mokgwa wa tlhahiso masimong a itseng. Tlhahiso e kgolohadi e tebileng haholo ya mehlape kapa ya tshilo le tswakanyo ya poone mabapi le phepo ya mehlape e ka nna ya eba taba e kgannang motho mabapi le tlhahiso ya poone. Poone e ka nna ya eba sejothollo se hlokolosi, se sebediswang nakong e telele ya leano la phapanyetso ya dijothollo polasing. Ka baka lena, ke taba ya bohlokwa ho hopola dintlha tsena ha o etsa dipalo tsa hao, moo o lekang ho tseba theko e ‘tlasetlase’ – hopola le bona boleng ba melemo e meng tlhahisong ya dijothollo.

O kgwebong, mme ha eba o tshwanela ho dula ho yona o tshwanetse ho etsa phaello tshebetsong e nngwe le e nngwe ya polasing.



Jwalo ka molemi wa dijothollo ho boima, mme ho teng dintlha tse mmalwa tse tshwanetseng ho hopolwa mabapi le qeto e nngwe le e nngwe e etswang. Ha eba o nyahladitse mehato ya ho mmaraka, o bile o qeaqea ka seo o tshwanetseng ho se etsa, etela bahwebi ba haufi le wena kapa ba Agribusiness ho o fa dikeletso. Le hoja motho a tshwanetse ho ba le ihlo le ntjhotjho ha re etla tabeng ya dikeletso, ho teng batho ba tshepahalang, ba nnete, bao ruri ba ka o thusang – ikopanye le bona!

