Marketing (Maize)									Sesotho
Ho mmaraka poone le dijothollo tse ding
Instructions:
Folio strap: Mmaraka
Byline: Jenny Mathews, modulasetulo wa Lenaneo la Ntshetsopele ya Molemi la Grain SA 
Grabber: Mmaraka o atlehileng o bolela ho ba le tokelo thepeng, ka nako e nepahetseng, ka theko e nepahetseng, le ka nako e nepahetseng.
Ha ho ntho eo re ka reng e fihlile mohatong o phethehileng wa tlhahiso ha e eso ka e fihla mohatong wa ho sebediswa. Sena se bolela hore bokgoni ba sehlahiswa sefe kapa sefe ha bo eso phethahatswe ho fihlela bo kgotsofatsa ditlhoko tsa moreki ya tla kgona ho bo sebedisa.
Mohlala, lebese ha le eso fihlelle tlhahiso e phethahetseng ha le eso fihle matsohong a moreki ya tla le sebedisa ka thabo. Ditapole ha di eso fihlelle tlhahiso e phethahetseng ha di eso ka di wela matsohong a mosadi ka lapeng ya tla di phehela lelapa. Ka mokgwa o jwalo, poone ha e eso “hlahiswe” ka ho phethahala ha e eso be matsohong a moreki ya e sebedisang. Ha ho eso filwe ntlheng ena, molemi a ke ke a fumana kuno ya letho matseteng a hae. Ke ka baka lena mohato wa ho maraka mosebetsing ona wa tlhahiso e leng taba e hlokolosi, e tshwanetseng ho nahanisiswa le pele sejothollo se jalwa. 
Tlhahiso le mmaraka ke mesebetsi e mmedi e fapaneng jwalo ka ha ba bang ba nahana; e ka mpa ya eba mosebetsi o tswelang pele wa ho tlisa dihlahiswa tse hlaha boemong bo nang le thuso ho moreki. Ho nepahetse hore ha ho letho le tshwanetseng ho hlahiswa le sa hlokweng ke moreki.
Etsa o shebile mmaraka!
Se hlahiswang e tshwanetse ho ba se batlwang ke bareki, seo bareki ba ikemiseditseng ho lefa theko ya sona. Bokgoni ba ho ela hloko taba ya tjhelete e bolela hore molemi o kganna kgwebo ya hae ho ya ka metheo e metle e tla etsa hore e tshwarelle nako e telele. Nnete ke hore diqeto tsohle tsa molemi ke tseo qetellong di ipapisitseng le kgwebo. 
Diqeto di ngata tse amanang le thekiso, mme ke tseo molemi a tshwanetseng ho di etsa:
Ke sefe seo ke ilo se hlahisa? 
Ke bongata bo bokae boo ke ilo bo hlahisa? 
Ke ilo rekisa tlhahiso ya ka ho mang?
Ke ilo hlahisa neng, mme ke ilo rekisa neng?
Ke ditshenyehelo dife tseo ke ikenyang ho tsona, mme ke theko efe eo ke tla e amohela?
Ke boleng bofe boo ke ilo bo hlahisa?
Balemi ba tshwanetse ho etsa qeto hore ba ilo rekisa tlhahiso ya bona hokae, le jwang:
Na ke tla rekisa ho basebetsimmoho ba selehae?
Na ke tla rekisa ka konteraka, moo thepa e tla tla hamorao?
Na ke tla boloka thepa ya ka setorong, mme ke e rekise hamorao ha tlhoko e phahama kapa ha mmaraka o sa tlala haholo?
Na ke tla itshilela poone ya ka kapa ke tla e fepa dikgomo tsa ka?
Ke qobelleha ho rekisa thepa ya ka, mme ke kotsi e kae eo nka ipehang ho yona?
Dikarabo tseo molemi a ka di fumanang dipotsong tsena ke tse hokahaneng le dintlha tsa motheho tsa ditjhelete, tseo re buileng ka tsona pelenyana, e leng tsa tlhoko le tshebediso! Balemi ba kopuwa ho hlokomela mmaraka ha ba etsa moralo wa tlhahiso ya sehla sa bona. 
Tseba haholo!
Le hoja balemi ba ntse ba eba bangata ba elang hloko mehato ena ya ikonomi mmarakeng, ho sa le teng ba bangata ba tadimang mosebetsi wa ho mmaraka e le ntho e sebetsang feela hoba sehla sa ho hola ha dijothollo se simolle, mme ba nahana hore ba ka mpa ba tsepamisa maikutlo pele mosebetsing wa bohlokwa, e leng wa ho hola le ho hlahisa dijothollo! 
Nnete ke hore mehato e metle ka ho fetisisa ya dijothollo e a hlokahala. Empa ho ya ka tshwaetso e ntseng e eketseha ho tswa tlhodisanong ka lefatshe lohle mebarakeng le menyetleng e fumanwang ka ho reka le ho rekisa ho South African Futures Exchange (SAFEX) Phapanyetsang ya Thepa, e leng ya Johannesburg Stock Exchange (JSE), ho bohlokwa haholo kajeno ho feta nakong e fetileng hore molemi a be le tsebo ya menyetla ya mmaraka le maqheka mabapi le ditheko, e leng tseo a nang le tokelo ya ho di tseba.
Motheo wa SAFEX ke o tsejwang e le mmaraka wa diphetho tsa dihlahiswa, mme o tadingwa e le sesebediswa se matla sa balemi sa ho tsamaisa le ho laola menyetla ya mmaraka le dikotsi tse shebaneng le ditheko mebarakeng ya temo ya Afrika Borwa. Balemi ba ka isa dijothollo tsa bona ho SAFEX hore ba fihlelle theko e ntle ya dihlahiswa tsa bona ka moso. Ketso ena e ka fokotsa kotsi eo ba ka kopanang le yona mebarakeng e kotsi, mme ya ba tshirelletsa kgahlanong le ho wela dithekong tse behilweng nakong ya kotulo ha mmaraka o tlalletswe kapa o ena le thepa e fetang tekano.
Eba bohlale!
Tlhahiso ya dijothollo Afrika Borwa e tlasa kgatello. Ditjeo tsa tse kenngwang mobung di phahame, dikotsi di phahame, phepelo e feta tlhoko, e leng se bakang phepelo e fetang tekano, mme qetellong ditheko tse lefshwang ke moreki di tlasa kgatello, mme ha di buselletse molemi ditjeo tseo a bileng le tsona hammoho le dikotsi tseo a ipehileng ho tsona. Qetello ke hore maemong ana molemi o sitwa ho hlahisa dijothollo ka phaello! 
Molemi ka mong o tshwanetse ho lekola boemo ba hae le ho etsa qeto e hlokolosi ya mmaraka, le hona e etswang nako e sa le teng. Ba bang e ka nna yaba ba kgethile ho jala hannyane nakong ya jwale ho fihlela ha maemo a mmaraka a boetse a le matle. Ba bang e ka nna yaba ba tsepamisitse maikutlo mekgweng e fapaneng ya tlhahiso e phehelletseng ho eketsa tlhahiso, mme e theola ditjeo tsa tlhahiso. Balemi ba bang ba fupuditse taba ya mekgwa ya ho phethola mobu ho honyane (minimum till) kapa ho se phethole ho hang (no-till), e leng mekgwa e theolang ditjeo tsa tse kenngwang mobung. 
Qetello
Ka bomadimabe, molemi wa dijothollo ke karolo ya motjhine ka lefatshe lohle o laolang ditheko, mme molemi ka mong ha a na matla a ho tlisa phetoho dithekong. Ke ka baka lena ka kakaretso balemi ba tadingwang e le baamohedi feela ba ditheko ho ena le ho ba babehi ba ditheko. Ke ka hoo, leqheka la ho maraka la molemi le tshwanetseng ho kgethwa ka hloko, mme qeto e batsi e tshwanetse ho etswa pele sehla sa ho jala se fiha!
