March (Maize)							 	 Sesotho
O shebane le mosebetsi o moholo ka mehlape ya hao 
Instructions:
Folio strap: Keketso ya boleng
Byline: Jane McPherson, manejara wa Lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi
Hlakubele ke nako e kgutsitseng tlhahisong ya poone, le hoja e le nako ya mosebetsi o matla ho molemi ya atlehileng. Ho molemi wa poone, sehla sa lehlabula sa tshebetso e kgolo se fetile, mme jwale ke nako ya ho kga moya lehlakoreng la poone. 
Le ha ho le jwalo, balemi ba bangata ba atlehileng ba poone ba boetse ba ruile mehlape, e leng ho kenyang letsoho tshebedisong ya mehlodi yohle ya tlhaho le ho fokotsweng ha dikotsi tse amanang le bohwai ka dijothollo.
Ho teng dintlha tse ngata tsa bohlokwa tse amanang le bohwai bo nang le phaello ba dikgomo tsa nama, e leng mofuta o atileng haholo ka ho fetisisa wa bohwai ka mehlape o sebediswang ke balemi ba dijothollo. Dintlha tsena kaofela di amana haholo le boemo ba kgomo hammoho le hore e phetse hantle jwang.
Dilemo ha e qala ho ba le namane 
Ho hodisa manamane hore a tle a tswale manamane nakong e tlang ke ntho e jang ditjeo tse phahameng hobane pele e tswala namane ya yona ya pele, ha ho tjhelete ya letho e kenang. Balemi ha ba dumellane bohle ka dilemo tseo kgomo e bang le namane ya yona ya pele, empa re ka re dilemo tsena di kaekae pakeng tsa tse pedi le tse tharo. Ha namane e sa ka ya fepuwa hantle, e tla ba nyane (bobebe) haholo hore e ka ima, mme sena se tla diehisa nako ya ho tswala namane ya yona ya pele. Nakong ya bophelo ba kgomo, sepheo ke ho ba le manamane matsatsing a mang le a mang a 365 (selemo le selemo kgweding e le nngwe). Ha kgomo e ntse e hola, mme e ba le namane, manamane a yona a ntse a fokotseha ka palo nakong ya ho tswala ha yona. 
Nako ya ho tswala namane
Kgomo e ka tadingwa e le mohlodi o hlahisang manamane. Nako ya ho ima ha kgomo ke dikgwedi tse robong, mme hangata e behwa ka thoko ho poho nako ya dikgwedi tse pedi hore e kgone ho phomola ha e ntse e hlahisa lebese la namane (e phelang feela ka lebese dibekeng tse mmalwa tsa pele tsa bophelo ba yona). Se lebelletsweng hantlentle ke hore kgomo ha e se e hodisitse namane e boele e ime hape nakong ya kgwedi tse tharo hore e kgone ho ba le namane kgweding yona eo selemo le selemo. Sena ke se lebelletsweng, e leng se fanang ka tlhahiso e phahameng ya kgomo ka selemo ntle le sekgahla se sebe bophelong bo botle (health) ba kgomo. Haeba kgomo e sa fepuwe hantle, e tla sitwa ho ima le ho tswala namane selemo le selemo. 
Peresente ya ho ba le manamane
Ha sekgahla sa ho ba le manamane se phahama, manamane a mangata a ba teng a ka rekiswang qetellong ya sehla. Hantlentle ho a kgonahala hore kgomo e nngwe le e nngwe e be le namane selemo le selemo. Nnete ke hore dintlha di ngata tse nang le tshwaetso bongateng ba manamane a hao, empa boemo ba kgomo ke e nngwe ya dintlha tsa sehlooho (dintlha tse ding di kenyelletsa bophelo bo botle ba mohlape, palo ya dipholo dikgomong, matla a dipholo a ho imisa, jwalojwalo). Dikgomo tse sa beng le manamane selemo le selemo ha di a tshwanela ho bolokwa mohlapeng – ke morwalo feela o se nang thuso, mme ha di kenye letsoho tlhahisong ya tjhelete polasing.
Peresente ya ho tloha letsweleng (ho kgweswa) 
Namane e phetseng hantle e sa tswa tswalwa ke mokgwa o motle wa ho simolla, empa hore tjhelete e kene, namane ena e tlamehile ho fihla dilemong tsa ho kgweswa (ho tlohediswa letswele), mme ka mora moo e ka rekiswa. Namane e tlamehile ho tswalwa e le kgolo, e le matla, hore e kgone ho ema le ho nyanya mma yona hore e kgone ho hola ka potlako. Boemo ba monono wa lebese la mma yona ke ntho ya bohlokwa. Ha kgomo e le boemong bo botle, mme e fepuwa hantle, e kgona ho tswala le ho hodisa namane e phetseng hantle. Manamane a shwang a eso tlohele letswele ke tshenyehelo feela ho molemi. Matsapa ohle a tshwanetse ho nkuwa hore 100% ya manamane a tswalwang a kgweswe a ntse a feletse. 
Boima ba manamane a kgweswang (weaning weight) 
Manamane a mangata a tloswang letsweleng a rekiswa ho ya ka kilogram ya boima, mme ka hoo, ha a le boima, le yona tjhelete e kenang e tla ba hodimo. Boholo ba manamane bo amana le monono wa ona le wa bomma ona nakong ya selemo hammoho le ho mofuteng wa kgomo. Boholo ba namane e kgwesitsweng kgomong ka nngwe bo bolela hore tjhelete e kenang e tla ba e ngatanyana.
Jwalo ka ha ho hlalositswe, balemi ba bangata ba atlehileng ba dijothollo ke ba boetseng ba hweba ka mehlape – dikgomo (kapa mehlape) di sebedisa dithota tsa tlhaho, makgulo (a lenngweng mebung ya bokgoni bo tlase), hammoho le ditlhaka tsa poone. Ho ba sehwai se atlehileng sa mehlape ho amana haholo le bokgoni ba ho fepa diphoofolo ka dijo tse lekaneng, tsa boleng bo botle selemo kaofela. Nakong ya dikgwedi tsa lehlabula, balemi ba bangata ba itshetlehile ka dithota le makgulo ho fepa diphoofolo tsa bona, empa balemi ba sebele ke ba hlokometseng hore dijo di dule di le teng le nakong ya dikgwedi tsa serame, tsa komello, tsa mariha. 
Qetellong ya lehlabula, balemi ba bangata ba jala dijo tse tala (hangata habore) pakeng tsa mela ya poone. Ha poone e kotutswe, dikgomo le dinku di dumellwa ho fula masimong moo di itjellang ditlhaka tsa poone, diqo tse weleng tsa poone, hammoho le dijo tse ding tse tala. Balemi ba bang ba jala seradella pakeng tsa poone. Hona ke mofuta wa monawa, o monate haholo, o nang le menontsha e mengata, o sa faneng feela ka makgulo a matle a boleng bo botle, empa o bopang nitrojene mobung, e leng e ka sebediswang ke sejothollo se hlahlamang. Hlakubele ke kgwedi e morao mabapi le ho jala habore le seradella, empa nako e sa ntse e le teng ya ho jala rogo. Hopola, le ha ho le jwalo, hore o se jale habore kaofela ka nako e le nngwe, ka ha e tla hola ka potlako, mme kaekae mohatong o itseng, o tla ba le furu e ngata ho feta tekano, e tla latelwa ke nako ya tlala eo ka yona ho tla haella dijo tse lekaneng. Habore ha e latswehe hamonate ha e sa ntse e le peong, ka ha ditetswana tse boya tsa yona di ngwapa molomo, dinko le mahlo a diphoofolo. 
Haeba o jetse makgulo a eragrostis, Hlakubele ke nako e ntle ya ho qetella ho kuta. Boleng ba jwang (furu) bo ke ke ba eba botle hakaalo nakong ena ntle le haeba o kentse manyolo hantle, empa bonyane o tla ba le ditlheferetsi tseo o ka di sebedisang nakong ya dikgwedi tsa mariha. Hopola hore o ka etsa monyetla wa hore dikgomo di nyeke ho monatjana hore di kgone ho ja le ha ditlheferetsi e le tsa boleng bo tlase. Le ha ho le jwalo, ha o hloka ditlheferetsi, diphoofolo di tla hula ka falese, mme ho tla ba boima ho qeta mariha di ntse di le boemong bo botle. Ka ho kuta jwang le ho bo etsa dibale tsa furu, o tla kgona ho nontsha masimo nakong ya selemo, le ho ba le jwang bo botle tshimolohong ya sehla se hlahlamang. Haeba ho kgonahala, tshireletsa dibale tsa furu kgahlanong le maemo a lehodimo a mabe ka ho di boloka setorong tlasa marulelo, kapa bonyane, di bokelle ka mokgwa oo di ke keng tsa pepeseha haholo puleng. 
Nakong ya kgwedi tsa mariha, o batla ho etsa bonnete ba hore o fela o fepa diphoofolo tsa hao. Ha o batle hore ho be teng ho hong ho jang diphoofolo tsa hao. Ena ke nako e ntle ya ho phekola mehlape ya hao kgahlanong le diboko ka maleng le dikokwanyana kapa dinwamadi tse lomang diphoofolo. Ha o hloka keletso tabeng ena, ikopanye le ba agribusiness ya hao ya selehae, ba koporasi kapa ngaka ya diphoofolo (ba na le dikeletso le meriana). Haeba o sebedisa makgulo a kopanetsweng a setjhaba, e tla ba taba e molemong wa bohle ha beng ba mehlape kaofela ba alafa diphoofolo tsa bona ka nako e le nngwe; sena se thibela dinwamadi tse tswang diphoofolong tse sa phekolwang hore di se kgutlele diphoofolong tse phekotsweng. 
Ka mora sehla sa metsi, hangata dikokwanyana di ba ngata, mme bongata ba tsona bo jere malwetse a mehlape. Etsa bonnete hore o fumana keletso e ntle ka lenaneo la ho entwa ha dikgomo le dinku. Ho molemo ho sebedisa tjhelete tabeng ya ho enta le ho thibela malwetse ho ena le ho lahlehelwa ke diphoofolo ntle ho mabaka. Ha o hlokomela diphoofolo tsa hao, mme o nnetefatsa hore di fepuwa hantle, le tsona di tla o hlokomela, mme di o kenyetse tjhelete e tla etsa hore kgwebo ya hao e be e tsitsitseng. 
